sotho.1685.lobolo
MAHADI
dikgomo tsa
POKOTHO
MPHO Lebogo ke kgeleke ditabeng tsa ho kopa mohope wa metsi. Bonneteng ba taba, sa bohlokwa ha se dikgomo kapa yona tjhelete, empa ke ho aha selekane pakeng tsa malapa a mabedi. Jwalo ka ha ba habo mohlankana ba fihla ba kopa mohope wa metsi, ba habo ngwanana bona ba tla arabela ka ho kopa jwala ba sekgowa. Ka ho etsa jwalo, ha ba sa phethisa moetlo, ba se ba etsa ho hong.
"Ha ba batle metsi, ba batla jwala," ho rialo Mpho.
Leha ho le jwalo, meetlo e a fetoha ha nako e ntse e tsamaya. Empa ke e nngwe ntho ha moetlo o se o fetoha ntho e nngwe - bona Keresemese ha e sa le nako ya ho keteka tswalo ya Morena Jesu, e se e fetohile nako ya ho senya tjhelete.
Ho ya ka moetlo, mahadi ke dikgomo tse boya, tse ntshetswang ngwetsi ka mora dipuisano tsa malapa ana a mabedi.
Ho amohela dikgomo tseo e be e le letshwao la hore ba habo ngwetsi ba a dumela ka ngwana wa bona le ba habo mohlankana le bona ba amohela ngwetsi ya bona le hore ba tla e hlokomela.
Ha mahadi a se a ntshitswe, banyalani bana ba a lawa ke malapa ka bobedi, ho rialo Moses Twala wa Kara Heritage Institute.
Matsatsing a kajeno ho se ho sebediswa dikgomo tsa pokotho - ke bolela tjhelete, e ngata le ho etsa.
Dilemong tsa kajeno, moetlo ona o se o fetohile moelelong wa ona. Sena se bonahala haholo ditoropong mona le makeisheneng.
Re sa tswa bua le Zwelibanzi Damba ya dilemo di 29 wa Kapa ya seng a ikemiseditse ho ntsha mahadi, o re o tla ntsha R40 000.
Ha ho molemo wa letho hore a ntshe dikgomo tse boya hobane ba bohweng ba hae ba dula lekeisheneng, ha ba na lesaka, "Ho se ho se ho kae re bone ho se ho nyalwa ka dikoloi le ditaemane."
Ho se ho se ho kae seo se etsahale jwalo ka ha batho ba se ba fetotse moetlo ona kgwebo, ha ho sa ho ahwa selekane pakeng tsa malapa a na a mabedi, ho bolela Lebogo.
Sena se entse hore Mpho a be a fumane le monyetla wa kgwebo hona tabeng ena ka ho etsetsa batho ditumellano tsa mahadi.
Mpho o re batswadi ba kajeno ba se ba fetotse mahadi ana "kgwebo," ba bitsa ntho eo ba e ratang ka baradi ba bona, ba sheba dintho tse kang thuto ya botle esitana le maemo a bona a ditjhelete.
"Ke e ke bolelle ba tlang ho nna hore maikemisetso a mahadi ke ho theha setswalle malapeng a na a mabedi, e seng ho etsa tjhelete," ho rialo Mpho.
Empa ha ba bangata ba latelang dikeletso tsa hae.
Ho ya ka dipatlisiso tsa ba ha Human Science Research Council ka 2005, batho ba 44 lekgolong ba dumetse hore batho ba bangata ha ba nyale tjena ke ka lebaka lena la mahadi.
Batshehetsi ba Mpho, bao bongata ba bona e leng banna, ba ntse ba na le kgollo ya hore ba tlameha ho ntsha mahadi. "Empa leha ho le jwalo, ba a tletleba ka ditjhelete tse ntshuwang!" ke yena eo.
Ke mokgwa o feng o sebediswang ho fumana hore mahadi e tla ba bokae matsatsing ana? "Hangata ho ya ka thuto ya ngwanana," ho rialo Mpho.
Ho boima ho bolela hore mahadi ke bokae, empa Mpho o bolela hore hangata ba bitsa ho tloha ho R12 000 le R25 000.
"Empa dibakeng tse kang Kapa Botjhabela le Gauteng, ba bitsa ho tloha ho R40 000 ho ya halofong ya milione," o boletse jwalo.
Batho ba bang ba bala ka hore kgomo ke bokae. Mohlala, ha kgomo e le R3 000, tjhelete eo e tla phetaphetwa ka lenane la dikgomo.
Empa sena hangata se baka mathata hobane dikgomo ha di lekane, ho na le tse kgolo le manemane.
Mpho o bolela hore ho na le mathata ka ho nyala ka tjhelete.
Batho ha ba tshepane tjheleteng. "Tjhelete e baka mona," o rialo.
Ba bang ba kena dipuisanong tsa mahadi ba se ba na le ditlhoko tseo ba di batlelang tjhelete ena ya mahadi.
"Ke hopola malome e mong wa ka eo e neng e re ka mora ho ntshwa ha dikgomo tsa mahadi, a neng a inkele halofo ya tjhelete eo mme a siyela ba lelapa halofo ya yona," ke Mpho eo.
Ka nako e nngwe ho a etsahala hore bona bana ba dipuisanong, ba qetelle ba balehile le tjhelete.
Ha ho a bolokeha ho tshwara tjheletehadi e kana kapa hona ho e boloka ka tlung.
Hobaneng ho sa kenyetsanwe tjhelete bankeng ka Internet kapa ho sebediswe tjheke? "Mathata jwale ke hore tjhelete e tla tlameha ho kengwa akhaontong ya motho ya itseng," ho hlalosa Mpho.
"Batho ha ba tshepane ka malapeng ka mona, ka lebaka leo, ba ke ke ba dumela hore tjhelete e kene akhaontong ya motho eo ba sa mo tshepeng,"
Ho bitsa haholo ho bakela banyalani mathata. "Banyalani bana jwale ba tla kena lenyalong ba se ba na le sekolotohadi," ho bolela Mpho.
Bahlankana ba bangata (le barwetsana bana ba thusang bahlankana ba bona) ba e ba kadime ditjhelete bakeng sa mahadi.
"Ka nako e nngwe, lenyalo leo ha le qete le selemo mme motho a sale a se a lefella ntho e siyo," ho bolela Mpho.
Tharollo e kae? Mpho o re ho ne ho tla ba molemo haeba dikhamphane tsa diinshorense le dibanka di ka tla le leano la ho thusa ho bolokeng tjheleteng ena.
O boela hape a re ho ka ba molemo ha tsela eo mahadi a ntshwang ka yona e ka boela ya shebisiswa. "Ke nahana hore ho ka ba bohlokwa ha batho ba ka hopotswa maikemisetso a mahadi," ke yena eo.
"Ha re ka utlwisisa taba ya hore ona ke moetlo wa rona, re ka e bona taba
ya hore ena ha se tsela ya ho etsa tjhelete." [s]
Pale: Sbu Mpungose le
Brenda Nkuna
BONA E A FUPUTSA
Ena ke taba ya ho kopanya malapa a mabedi, empa matsatsing ana batho ba se ba le meharo, ba etsa hore banyalani ba kene lenyalong le dikoloto. Na taba ena e amohelehile? Ekaba re lahlehetswe ke moelelo wa mahadi? Re ka bua ka qaka ena...
KELETSO YA MPHO KA MAHADI
Malapeng:
Tseba hore na mahadi a bolelang e le hore dintho di tle di etsahale ka tsela e nepahetseng. Hopola hore mahadi ha se tsela ya ho etsa tjhelete, motho a fumane tjhelete ya ho ya reka disofa kapa yona koloi.
Bua le baradi ba hao o ba hlalosetse ka tsa mahadi.
Hlokomela bontate le bomalome ba mona ba shebileng tjhelete feela ba se na taba le beng ba taba, ke bolela banyalani.
Se ka phakisa o sebedise tjhelete ya mahadi. Tjhelete ena e tla boela e hlokahala ka nako ya lenyalo, ho sa natsehe hore ke la setso kapa le lesweu.
Ho banyalani:
Ho bohlokwa ho qoqa ka taba ya mahadi pele le tswelapele. Ka tsela ena ho tla ba le diphehisano.
Qoba ho kadima tjhelete bakeng sa mahadi, ho molemo o ipolokele tjhelete.
Motho ha a qetwe, o ka ntsha dikgomo tseo o ka di kgonang, o tla boela o lefa tse ding ha morao.
Ho molemo ho ngola dintho tsa lona fatshe e le hore ha ho ba le diphehisano, le tsebe ho ba le tharollo.
Ha o hloka thuso ya maemo ka tsa mahadi, o ka ikopanya le Mpho Lebogo ho 076-129-6110. Ha a fane ka tshebeletso ya mahala, o a lefa.
Tjhelete e baka mona ho mang kapa mang
