sotho.1684.hair
TLHOKOMELO YA MORIRI
KGANTSHA
LEHLABULA la hao
BONA SESOTHO September 2008
Keteka ho tshwasa ha selemo ka mebala ena e metle e kganyang ya moriri...
Pale ka Faith Seuoe
HA SELEMO se thwasa, bohle re batla ho hlwekisa di-wardrobes tsa rona - hobaneng re sa ntjhafatse le tjhebeho? Ntle ho setaele se setjha sa moriri, o ka ithabisa ka ho tjhentjha mebala.
Ho na le mekgwa e metle ya ho etsa sena. Ithekele wig e ntle kapa ha o batla ho loha moriri ka di-extensions, etsa bonnete ba hore o kgetha mmala o tla o rata. Athe ha o rata ho leka mebala e lerotho kapa e kganyang haholo, ha re etsa mohlala, kopa molokise wa hao wa moriri ho kgorametsa human hair wefts ya mmala oo nakwana ka hair-bonding glue hore o bone hore o tla shebahala jwang. Dula matsatsinyana o bone hore o tla ikutlwa jwang.
TJHENTJHA MMALA HANTLE...
1. Colour shampoo
Ke seetswa se bolokehileng se etseditsweng ho tjhentjha mmala wa moriri wa motho wa tlhaho. Erekaha ha e kenelle haholo ntlheng ya moriri, ha e pate moriri o seng o qala ho taba athe hape o e tjhentjha ka bonolo feela ka ho nna o tjhentjha mebala ya di-shampoo tseo. O ka o hlatswa ka yona hang ka mora hore o lokise moriri ka dikhemikhale jwalo ka ho o otlolla. Empa ha e ratwe haholo matsatsing ana hape ha e fumanehe ka bonolo.
2. Semi-permanent colour
O ka kgetha pakeng tsa mmala o bolou ho ya ho o motsho, o mofubedu le mefuta e mesootho hore feela o tjhafatse mmala wa moriri wa hao wa tlhaho, o hlaka hantle letsatsing. E kgona ho pata moriri o tabileng ha nakwana mme e hlatsweha ka mora ho o hlatswa makgetlo a tsheletseng ho ya ho a robedi. Ho bolokehile ho e sebedisa ka mora matsatsi a mararo kapa ho feta o otlollotse moriri.
3. Permanent colour
Ona ke ona mofuta o ratwang haholo hobane o etsa phapang ya ka pele e bileng e totobetseng moriring wa tlhaho leha o le theko e hodimo. Moriri o tjhentjha ka ho feletseng mme o hloke ho tsoseletswa dibekeng tse ding le tse ding tse tsheletseng, ha o ntse o hola.
Permanent colour ha e a lokela ho sebediswa pele ho dibeke tse pedi moriri o lokisitswe ka dikhemikhale. Ho boloka moriri o le maemo a matle, se kgethe mmala o kganyang haholo ho feta moriri wa hao wa tlhaho.
O KA O TJHENTJHELA LAPENG KAPA SALONE?
Taba ya bohlokwa ke hore o na le nako e kae. Ho tjhentjha mmala wa moriri ho ka nna ha hloka tlhokomelo e ikgethang mme ha bitsa tjhelete e ngata haholoholo ha o kgethile mofuta wa permanent colour.
Ha o kgethile mmala o kganyang haholo ho feta wa tlhaho, ho molemo ho ya saluneng eo o e tshepang.
O tla boela o hloka ho kgutlela kgafetsa ho ya tsoseletsa protein treatment, kapa o kope ba o bolella shampoo, conditioner le treatments tseo o ka di sebedisetsang lapeng pele o hloka ho tla tsoseletswa. Di ka nna tsa kenyeletsa le Dark ,n Lovely Moisture Seal 3-In-1 conditioning shampoo le Ultra Cholesterol conditioning treatment kapa Perfect Choice Cholesterol Treatment.
Ho ithekela mmala o ratang ho ka o theolela ditjeho empa ho boima ho ikgethela mmala o tla dumellana le letlalo la hao. Mebala e ratwang haholo ke: Perfect Choice Red Flame, Sunrise Blonde, le Mocha Brown, mmoho le Dark ,n Lovely Reddish Brown, Burgundy Brown, le Light Golden Copper Brown.
Qala ka ho hlahloba maemo a letlalo la hao la hlooho pele o tjhentjha mmala hobane ha dikhemikhale tseo di ka kena leqebeng di ka nna tsa o lematsa. Kwala maqeba ka vaseline ya petroleum jelly - kapa o emele hore a fole.
Latela ditaelo tse ngotsweng lebokosaneng ka hloko - haholoholo tsa ho leka mmala pele o tlotsa hlooho kaofela.
Ha o kenya mmala o kganyang, netefatsa hore o se tlotselletse ho ya fihlella metsong ya moriri. Hona ho futhumetsa letlalo la hlooho, ke ka hona e seng toka hore e fihlelle le metsong ya moriri hobane letlalo le ka qetella le lona le se le kganya ho feta.
Ka hoo, qala ka ho tlotsa 2cm ho tloha motsong wa moriri. O tlohele hang ha o qala o tjhentjha. O se o hlatswe pele ho fela nako e boletsweng pakaneng. Hona ho tla dumella mmala ho ya fihlelle metsong moo o sa fihlellang ka borashe.
MEBALA E KGANYANG
Ke yona e ratwang haholo e bileng e sebetsang hantle mofuteng ona wa permanent colour leha o batla ho etsa matheba feela moriring, e a dumela.
Mebala e kang warm, medium browns kapa bronze e ratwa haholo ha e kganya haholo kapa e le bohareng feela ha e tshwantshwa le wa motho eo wa tlhaho. Bakeng sa matheba teng, mmala wa kgauta le buttery e tswa pele.
O ka nna wa e tswaka kapa tjhe ha o batla ho etsa tjhebeho e ikgethang.
Ha o se o kgethile mmala o ratang, o ka ya le ona saloneng [s]
IKGETHELE MMALA O RATANG WA MORIRI
Na moriri wa hao o lokisitswe ka dikhemikhale? O na le nako e kae o lokisitswe? Maemo a hao a moriri a jwang? O se o le bonolo tlolo ya molao ka lebaka la dikhemikhale kapa o thata?
Na o tseba lebala la letlalo la hao hantle? Lebala la letlalo la hao ke lona motheo wa bohlokwa hobane o tla lokela ho kgetha mmala o tla dumellana hantle le lona, o ntlafatse tjhelebeho ya hao!
Ke efe e dumellanang le bophelo ba hao? Ha o sebetsa ka ntle kapa o ikwetlisa haholo, o tla lokela ho dula o hlokometse mmala wa moriri wa hao ka tshwanelo. Mosebetsing wa hao teng? Mohlahlobi wa dibuka tsa tjhelete, a ke ke a thabela ho hlaha ho batshehetsi a se a tjhentjhile mmala wa moriri!
BONA SESOTHO September 2008
