sotho.1683.beauty
tsa botle
BONA SESOTHO - August 2007
ka CHRISTINE HAMMANN
ditshwantsho ka CHRISTOPHER LAURENZ
sebontshi CAROL wa Models International
mokgabiso wa sefahleho le moriri CATHERINE VEER
Karolo: dirope
Dirope tse tenya di ka fokotswa mme tsa lokiswa hantle hore mesifa e tie. Hasa mmele ka metsi a sesefo ha o hlapa, o a tshela ho tloha hloohong, o sidile dirope ho thapisa dibotjhe.
n O ka boela wa sebedisa le setlolo sa dibotjhe kapa gel jwalo ka Environ's Alpha Hydroxy Derma-Lac Lotion (R130), kapa lethathama la Justine's Skin Refine Body Sculpt.
n Shebisisa le dijo. Tswekere e bakela dibotjhe. Phema nama e kgubedu, o je ditholwana tse ngata le meroho, le tlhapi, o nwe le metsi a mangata.
n Ho matha, ho hlwa ditepisi le ho palama baesekele ho kwetlisa dirope.
n O ka di leka tsena lapeng.
Bohato 1: Karolo e kahare - robala ka lehlakore o kobe lengolo le ka hodimo hore leoto le thetse lengole le leng. Etsa jwalo makgetlo a 15 o otlollotse mmele.
Bohato 2: Theola leolo o le phomotse, o phete hape ka lehlakoreng le leng.
Bohato 3: Karolo e kantle - otlolla leoto le ka hodimo mme o kobe le ka tlase. (Etsa seo butle.)
Bohato 4: Pheta makgetlo a 15, o phete hape le lehlakoreng le leng. Ha o ntse o tlwaela, o ka etsa leha e le makgetlo a 50 ka letsatsi.
Karolo: diphaka
Ha o ntse o hola, diphaka di a nona mme di leketle.
n O ka thibela sena ka ho tiisa mesifa ho etsa dipotongwane kapa ho nna o ikwetlisa lapeng kapa boikwetlisong:
Bohato 1: Nka dikotikoti tse pedi tsa baked beans!
Bohato 2: Ema mme o tshwere kotikotiko ka letsohong ka leng, o kobe mangole hanyenyane.
Bohato 3: Koba ditsu, o boele o otlollele matsoho o lebisa morao.
Bohato 4: Etsa seo makgetlo a 15, o phomole motsotso pele o pheta.
Etsa seo hararo hoseng ho hong le ho hong pele o tena, o tla bona phapang pele ho nako e kae.
Karolo: mpa
Ka nako e nngwe ya kgwedi dijo di tlala mpa mme motho a qetelle a ena le mpa e kgolo.
n Ho fokotsa letswai dijong ho ka thusa ho fokotsa metsi a sollang feela ka maleng. Shebisisa le dijo tse dikotikoting hore di se be le letswai le le ngata esitana le tse ding tse rekwang di se di loketse ho jewa - hantle jwalo ka matokomane le diseneke.
n Phema tse kang khabetjhe, broccoli, dinawa le mahe, tse tummeng ka ho tlatsa moya ka mpeng.
n Sebedisa dinoko tse kang rosemary, thyme, fennel le sage, ha o pheha.
n Enwa metsi leha o pipitletswe - a tla o thusa (ntle leha o tletse moya).
n Se ikgathatse ka hore o ke ke wa ba le mpa hohang ntle ha o le motho ya ikwetlisang ka thata.
Bohato 1: Robala ka mokokotlo o kobe mangole.
Bohato 2: Beha matsoho ka tlasa dibono mme o phahamise maoto ka bonngwe ho ya hodimo le tlase makgetlo a 15.
Bohato 3: Kopanya maoto mme o etse didikadikwe sebakeng ka ona. Etsa tse ngata ka moo o ka kgonang.
Bohato 4: Koba mangole, o nyolle hlooho e a thetse. Etsa seo makgetlo a 20. (Koba mpa.)
Karolo: matswele
Letlalo le matsweleng le boi haholo mme ha le sa tsotellwe hantle le phakisa ho hlahisa matshwao a botsofadi.
n Ho a sidila metsotso e mmalwa letsatsi le letsatsi ho ka boloka letlalo le le letle mme hape le diehe le ho kgathala. Kapa o ka boela wa a sidila ka letsoho le le leng o a potoloha jwalo ka ha ekare o ngola robedi.
n Leka Avon Firm & Sculpt Bust Contouring Cream, (R99).
n Ke ena mekgwa eo o ka e lekang ya boikwetliso:
Bohato 1: Nka dikotikoti tse pedi tsa baked beans, o eme o tsitse.
Bohato 2: Phahamisa matsoho, o ise pele le mahlakoreng, o boele o a kopanye.
Bohato 3: Phahamisa matsoho hore a bape le mahetla mme o etse didikadikwe, o lebisa pele le morao.
Etsa seo ka makgetlo.
n Ho itshwarella fatshe ka matsoho le maoto mme o phahamise mmele le hona ho thusa ho tiisa mesifa.
Bohato 1: Itshwarelle ka matsoho le maoto fatshe mme o fapanye maoto.
Bohato 2: Phahamisa hlooho le mangole, o nyolle o be o theole mmele.
Bohato 3: Etsa seo makgetlo a 10 ka letsatsi mme o a eketse ho ya ho 20 bekeng ya bobedi. [s]
Qala kajeno - o latele mehato e bonolo hore o dule o ntjhafetse mme letlalo la hao le diehe ho ba le matshwao a botsofadi
Mmele
o shahlileng
BONA SESOTHO - August 2007
Ela hloko: Motho o lokela ho ikwetlisa ka hloko hore a se lemale mokokotlo. Ha o ena le mathata a mokokotlo, buisana le ngaka ya hao pele o ka leka sena mme hape o mamele mmele wa hao, ha o le bohloko tlohela hanghang!
