sotho.1681.trivianov
BONA
Matla a moya!
KINDERDIJK
Kinderdijk ke sebaka se mane Netherlands, dikilomitara tse 15 ho tloha Rotterdam. Kinderdijk e sekoting haufi le lewatle mme e kotsing ya dikgohola. Dibaka tsena di sireleditswe ka mabota. Hore sebaka sena se se ke sa hoholwa ke dikgohola, ho ne ho hlongwe metjhini e pompang metsi e 19 moo Kinderdijk ka 1740.
Metjhini eo ke ya mefuta ya kgale moo Netherlands - mme e etsa sebaka sa Kinderdijk e be se seng sa dibaka tse ratwang ke bahahlaudi haholoholo ho sa Ma-Dutch. Le yona e ne e kengwe ho UNESCO, lenane la Dibaka tsa Setso ka 1997.
Lebitso lena Kinderdijk le ne le rehellwe ka ngwana ya neng a tholwe moo "metsing." Mekaubere e bolela ha lebitso lena le ne le qatjwe ka bo 1421 nakong eo sebaka seo se neng se hlaselwa ke dikgohola.
E ne e re hoba sefefo se kokobele, ha ba teng ya bonang basekete e neng e fofa hodima metsi. Ha e ntse e atamela, ho ne ho bonahale hore e a sisinyeha.
E ne e na le katse e neng e ntse eya pele le morao ho etsetsa hore e tsitse, ho se kene metsi.
E ne e re ha ba bula basekete eo, ba fumana lesea le robetseng!
BONA SESOTHO - November 2007
maqephe a boithabiso
Re tlwaetse ho e bona naheng, empa ha ho mang ya seng a kile a nahana letho ka yona...
METJHINI ena e pompang metsi e nang le lebidi, e na le mesebetsi e fapafapaneng. Ena o tlwaetseng ho e bona Afrika Borwa, ke e pompang metsi sedibeng.
Empa naha e tsebisahalang haholo ka metjhini ena, ke Netherlands, ba pompa metsi a tswang fatshe ka yona.
Ha ho makatse hore metjhini ena e nkwe e le letshwao la Netherlands hobane naha ena e sekoting ha e bapiswa le lewatle.
Ka lebaka leo, metjhini ena e a hlokahala hore naha eo e dule e hahlile.
Ho na le o mong mofuta wa metjhini ena o bitswang wind turbine, o sebedisetswang ho fetola matla a moyeng e be a ka kgonang ho etsa motlakase.
Mptjhe e behela lehe le leholo ho feta dinonyana tsohle - lehe la yona le nka metsotso e 40 pele le ka butswa!
E leba ho: Mars!
Phoenix ke sefofanenyana se etseditsweng ho leba planeteng ya Mars. Bo ramahlale ba tla sebedisa disebediswa tsa sona ho hlahloba dintho tse phelang mmoho le metsi moo ho Mars. Phoenix e ne e phatlalatswe mohla la 4 Phato 2007 mme ho lebeletswe hore e fihle ho Mars mohla la 25 Motsheanong 2008.
Sefofane sena se hlahloba metsi kapa lona leqhwa dibakeng tse ka qoleng e ka leboya ya lefatshe mme ha ba atlehile, ba tla tjheka mobu wa teng. Seo ba se hlahlobang, ke hore na ho teng dibakteria tse phelang moo kapa tjhe...
Batla lentswe
Batla lentswe ka ho bala o lebisa pele, morao, hodimo, tlase kapa o tshekalla. Bala o sa tlole tlhaku. Le tshwaye leo o le fumanang mme o le hlakole lenaneng la a lehlakoreng.
ditshwantsho ka GREAT STOCK!
Thatolla
Dinoha ha di lematswe ke tjhefo ya tsona
Kiwi, ke nonyana ya New Zealand e sa fofeng. E dula mokoting, ha e bone mme e behela lehe le le leng feela ka selemo. Ntle le sena, e se e phetse dilemo tse fetang tse dimilione tse 70!
BONA SESOTHO - November 2007
Hlahlamanya mantswe ana.
BONA SESOTHO - November 2007
BONA
Marangrang a ditshwantsho
maqephe a boithabiso
Ke eng"
Mokaka
LENA ke lefu le kotsi la dikgomo le dikolobe. Hape le ka hlasela le diphoofolo tse kang dipodi, dinku le diphoofolo tse ding tse nang le ditlhako tse kang ditlou, esitana le ditadi le ditlhong! Ha se hangata batho ba kenwang ke lefu lena.
Sesosa sa lefu lena se ne se fumanwe ke Friedrich Loeffler ka 1897. O ne a etse diteko mading a phoofolo e neng e tshwaeditswe mme o ne a fumane hore madi a yona a ka kgona ho tshwaetsa diphoofolo tse ding tse se nang letho.
Lefu lena le fumaneha lefatsheng ka bophara mme ke ka lebaka lena lefatshe lohle le ikgathatsang ka ho le lwantsha.
Ka mora Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe, lefu lena le ne le hasane le lefatshe ka bophara. Ka 1996 ha ameha le dibaka tse kang Asia, Afrika le tse ding dibaka tsa Amerika Borwa.
Amerika Leboya, Australia le Japan tsona haesale di sa kgathatswe ke lefu lena nako e telele ha New Zealand e so ka e kgathatswa ke lefu lena.
Ka 2001 lefu lena le ne le hlasele Brithani, ha bolawa diphoofolo tse ngata mme la baka kgaello e kgolo ya "nama ya kgomo."
Ka Phato 2007, lefu lena le ne le hlasele dipolasi tsa Surrey mane Englane. Diphoofolo di ne di bolawe mme sebaka seo batho ba a se qoba.
Setshwantsho ka seng ke mohlala wa seo o tlang ho se ngola masakaneng.
Ho na le mefuta e 2 600 ya dinqanqane. Di fumaneha dikhontine-
nteng tsohle ntle ho Antarctica.
Kgauta ya nnete e lekanang le lebokose la mollo, ha e alwa, e ka lekana lebala la tenese.
Tsohle ka...
ZAMBEZI
Noka ya Zambezi ke ya bone ka bolelele Afrika Borwa mme e bolelele ba 2 574km, ke yona e kgolo ho tse hlatsetsang lewatleng la India.
E tloha Zambia e tabole Angola, ka lebopong la Namibia, Botswana, Zambia, Zimbabwe e be ilo hlatsetsa lewatleng la India.
Ho na nokeng eo ho na le Phororo ya Victoria.
Leha e le telele hakalo, empa e na le marokgo a tsheletseng feela: bo mane Chinyingi, Katima Mulilo, Phororong ya Victoria, Chirundu le Tete, ho latele ba Dona Ana bo mane Mozambique.
Ho na le matamo a mabedi nokeng ena ao ho fehlwang motlakase ho ona - la Kariba le fehlang motlakase o fepelang Zambia le Zimbabwe le la Cahora Bassa mane Mozambique lona le fepela Afrika Borwa.
Nokeng ena ho na le diphoofolo tse kang dikubu le dikwena.
Haufi le yona ho na le tse ding diphoofolo tse kang ditshukudu, diqwaha, dithuhlo, ditlou, athe le ditlhapi di ngata nokeng ena.
Bopa lentswe
Sheba hore o ka bopa lentswe lefe la Senyesemane le tlhaku di nne kapa tse hlano ka ditlhaku tse masakaneng. Tlhaku e hare (e kgubedu) e tlameha ho sebediswa mantsweng ohle. Bopa lentswe, tlhaku ka nngwe e sebediswe ha nngwe feela.[s]
BONA SESOTHO - November 2007
NA O NE O TSEBA"
Tlhapi e bitswang Tjhaka e fumanehang nokeng ya Zambezi, e fumaneha le lefatsheng ka bophara. Hangata ho bolelwa ha e fumaneha lewatleng, empa e ntse e fumaneha le dinokeng tse bohareng ba naha jwalo ka ya Zambezi. Ho bolelwa ha e le bohale haholoholo bathong.
