sotho.1678.club
Ha e tshwane le dithavene tse ding
HA SE kgale haholo nakong eo ho neng ho sa etsahale hore o se fumane motho ya bolailweng moo lekeisheneng la Batho ba Mmala la Westbury, ka bophirima ho Joburg.
Lekeisheneng lena batho ba teng ba ne ba le morusu, jwalo ka raditebele, Cameron Adams, eo e neng e re a se a tswile bonokwaneng, a boela teng hape ka sheshe.
Adams ha morao, o ne a bolawe ntweng ya maqulwana a dinokwane.
Bana ba lequlwana le bitswang Varados, le bona ba tsamaile mehlaleng ya batswadi ba bona ba neng ba holele maqulwaneng a kang Fast Guns le Spaldings.
Empa tseo tsohle ke pale jwale. Batjha ba sebaka sena sa Westbury, ba se ba na le seo ba ka itlosang bodutu ka sona - jwalo ka dipapadi, haholo jwalo ka ha Steven Pienaar a ne a kene bolong.
Empa ditaba tse monate ka sebaka sena sa Westbury, ha se tsa sebapadi sena sa mose feela.
Ho na le sebaka se bitswang The Place, se hohelang batho, se hukung ya mmila wa Ruben le wa Stytler.
Motho ohle ya ratang bolo, re ka bala dibapadi, bakwetlisi ho ya balateding, ba se ba kile ba etela The Place. "Ekaba ke mang morati wa bolo ya so kang a etela sebaka sena""
Ka Mantaha oo re neng re etetse teng ka ona sebakeng sena, monga sona, Gladys Gailey, o ne a bule ka mora nako hobane ka la maobane o ne a kwetse ka meso jwalo ka ha ho ne ho tletse haholo, hara ba neng ba le moo, re ka bala le sethibathibane sa Kaizer Chiefs, Emile Baron. Baron ke e mong wa dibapadi tse pele sehlopheng.
Selemo pele ho Mohope wa Lefatshe wa mane Fora, Gailey o ne a diele mosebetsing wa hae wa bankeng ka mora ho etsa mosebetsi ona dilemo tse 19 kaofela.
O ne a sena morero wa seo a neng a rata ho se etsa ka nako eo, empa se neng se mo sulafalla, ke ho etsa ntho e le nngwe kamehla.
"Nna le monnaka, re ne re ikamahanye le sehlopha sa metswalle e neng e leba Mohopeng wa Lefatshe Fora," ho rialo molatedi enwa wa bolo.
Monahano ona o ne o mo fihlele nakong eo a neng a le Fora: "Ke ne ke hlokomele hore balatedi ba bolo ho ba teng moo ba kopanelang teng pele ba ka leba lebaleng.
"Ha ho motho a yang lebaleng a tsamaya a inotsi."
E ne e re ha a kgutla moo, a sebedisa tjhelete a neng a na le yona ho ntjhafatsa sebaka se moo mmileng wa Ruben hore e be sebaka sa boithabiso sa batshehetsi ba sehlopha seo a se ratang sa PSL, Ajax Cape Town.
Ke ka moo dintho di qadileng ka teng. Hang ka mora moo, batho ba ne ba kgobokana haufi le sebaka seo pele ba ka leba mabaleng.
Meya e ne e phahama haholo haeba ho bapala Bafana Bafana.
"Re ne re kopanela mona, re itake difahleho, bang ba fumane dijo esitana le tsona dinomaphodi pele re ka leba papading," ho rialo Gailey.
Ho tloha ka nako eo, Basil le Gladys Gailey ha ba a ka ba boela ba sheba morao.
Kantle ho sebaka sena, ho na le letshwao le leholo la sehlopha sa Ajax Cape Town. Ha o kena ka hare teng, o sotheha molala o ntse o qamaka dintho tse kgahlang sebakeng sena.
Le sebaka se senyane hakaakang o tla se fumana se na le karolo ya koranta e nang le ditaba tsa bolo. Bongata ba dipale tseo, ke tse buang ka Ajax le sehlopha sa naha seo Gaileys a se ratang haholo.
Ditaba tseo o ka di fumanang mona ka Ajax, di feta tseo o ka di fumanang ho Website ya sehlopha seo. Ho tletse le ditshwantsho tsa dibapadi tseo ka seng ho nang le pale ya bophelo ba sona.
"Ba tshwana le bana ba ka," ho rialo yena.
Empa ho na le "ngwana" ya ikgethang pelong ya Gladys. Eo yena ke Schillo - kapa Steven Pienaar, ya hlahetseng hona sebakeng seo.
Haesale a le pelong ya batho ba sebakeng seo. Kamehla ha boraditaba ba mose, ba le kwano ho tla qolotsa ditaba ka sebapadi sena sa mehleng sa Ajax Amsterdam, ba atisa ho fapohela sebakeng sena sa The Place, ba nke ditshwantsho mme ba bontshe motlotlo ka naledi ena e neng e batle a tetebela maqulwaneng a dinokwane tsa sebakeng seo.
Ho na le jesi e nang le nomoro ya 21 sebakeng seo - mme moo hape ho na le dintho tse ngata ka sebapadi sena, "Pienaar".
Ha o kena moo, bukeng e ngodisang baeti, o bona mabitso a dinaledi tse bapalang dinaheng tsa mose tse kang Russia, Netherlands, Brazil le Alaska.
Dijo tsa motsheare tsatsing lena ke setjhu sa nama ya kgomo le reisi - ka theko ya R20 feela.
Batho ba ntse ba kena ka bonngwe. Ha o sheba televesheneng ke papadi ya bolo feela!
Gladys o bolela hore ba se ba itokiseletsa papadi ya 2010. "Taba ya pele ke ho ba le televeshene e kgolo. Ke rerile hape ho ba le sebaka se ikgethang bakeng sa batho ba tsubang."
The Place, ho rialo Gladys, "e sa tla ba teng."
"Re bula hoseng ka hora ya 10, re kwale ha motho wa ho qetela a tsamaya" - hangata eba ka mora kgitla.
Monnae, Basil, yena o ntse a sebetsa mme Gladys yena o kgotsofetse ke phaello eo a e fumanang mona kgwebong ya hae.Banyalani bana ba na le bana ba bane - Carmen, Carl, Devenay le Leanne.
Le bona ba futsitse batswadi ba bona ka ho rata bolo.[s]
The Place, ke sebaka seo o tlamehang ho se etela!
Lerato la hae bolong le mo entse a etse seo kajeno se thusang balatedi ba bang...
pale ka DON MAKATILE
setshwantsho ka RIZZO WILLIAMS
BONA SESOTHO - March 2007
LE LETSHEHADI: Mabota a thavene ena a tletse dipale tsa bolo ho tswa dikoranteng le dimakasineng.
KA HODIMO: Gladys le Basil ba butse sebaka se ikgethang sa boithabiso.
KA HODIMO HO LE LETONA: The Place - moo motho ohle a amohelehileng.
BONA SESOTHO - March 2007
