sotho.1677.yourstories_rape
PALE YA SYLVIA
O ne a le dilemo di 13 ha a ne a qala ho betwa ke monna ya neng a ratana le mmae. A ima ha a le dilemo di 14
HA o ne o ka mpotsa ka ntate enwa wa ka ya sa ntswaleng hore ke motho ya jwang ha ke ne ke le dilemo di 12, ke ne ke tla o bolella hore ke monna wa sebele, ya re hlokomelang leha a sa re tswale. Ha mme a le siyo, o ne a hlapa kgaitsedi ya ka, a re fepe mme a re thuse le ka mosebetsi wa sekolo pele re robala.
Dintho jwale di fetohile.
E ne e le ka 2007, mme a le sepetlele.
Nna le kgaitsedi ya ka e dilemo di robedi, re ne re setse le yena ntate mekhukhung ya mane Cosmo City.
Ntate o ne a robala betheng, ha nna le kgaitsedi ya ka re ne re robala fatshe.
Ka tsatsi le leng e ne e re ke ntse ke etsa mosebetsi wa sekolo, kgaitsedi ya ka yona e se e robetse, ke ha ntate a nkopa hore ke tle ho yena betheng. O ne a bolele hore o rata ho nthusa ka mosebetsi wa ka wa sekolo.
E ne e re ha ke fihla betheng, o ne a ntshware a nkhatella betheng mme a qala ho mpholla matswele.
O ne a mpolelle hore ke hotse ka pele, a re ke se ke le mosadi wa sebele.
Pelo ya ka e ne e qale ho otla ka matla, ke sa tsebe seo nka se etsang hobane ke ne ke sa utlwisise seo a neng a se etsa ho nna!
Ke ne ke leke ho lla, empa a nkwala molomo.
"O tla utlwa bohloko ha nakwana, empa ha nako e ntse e tsamaya, o tla tlwaela," ke seo a neng a mpolelle sona.
O ne a mpeta ka makgetlokgetlo bosiung boo.
"O se bolelle motho," o ne a rialo. "Haholoholo mmao! Ha o ka mmolella, ke tla o leleka ha ka mona."
O ne a se a ntshepise hore o tla mpolaya ha nka loma tsebe mang kapa mang ka taba ena.
Ke ne ke se ke betwa neng kapa neng ha a fumane nako.
Mme o ne a tsebe taba ena ka nako eo ke seng ke imme.
E ne e re ha a mpotsa hore na ngwana ke rata ho etsang ka yena, ka re ke tla mo isa ho ba ratang ho ikgodisetsa yena.
Empa ka mora ho beleha, ke ne ke fetole maikutlo, ra ikgudisetsa yena.
PALE YA NNETE
O BETILWE
ke ntatae
Sylvia ha a ka ba a a ya nakong jwalo ka banana bohle ka lebaka la ho betwa ke monna ya neng a ratana le mmae, ya neng a mo tshepise lefu ha a ne a ka loma tsebe mang kapa mang ka taba eo. Sylvia le mmae ba qoqile le BONA ka tshitabadimo ena
O ne a re ke tla utlwa bohloko, empa ke tla tlwaela
MME WA SYLVIA O RENG
Reina Maguguza (34), o ne e tsebe ka tlhekefetso ya Sylivia a se e imme
KA mora ho hlokomela hore Sylvia o imme, e mong wa leloko o ne a mmotse hore ke mang ntata ngwana. Ke moo ke neng ke tsebe hore monna enwa ke yena monga taba.
Ke ne ke ferekane, ka se tsebe seo nka se etsang. Ke ne ke qetelle ke tshwerwe ke meningitis.
Ke ne ke qete dibeke tse tharo ke kula mme ke ngongorehile ka lebaka la bana ba ka. Ke ne ke ipotsa hore ke tlameha ho etsa jwang ha ke tswa moo sepetlele.
Ke ne ke tla shebana jwang le moradiaka, Sylvia"
Monnaka o ne a tshwarelwe nyewe ya peto. Ke ne ke ikwahlaya hobane ke nna ya neng a mo tlisitse baneng ba ka.
Re ne re kopane ka 2005, mme ra phakisa ra dula mmoho.
Ke ne ke mmone e le monna ya lokileng. O ne a so ka a ba le mathata la bana ba ka mme le bona ba ne ba mmitsa "Ntate."
E ne e bile e le setho sa sepolesa sa setjhaba. O ne a bolela ha a lwantshana le bonokwane setjhabeng, empa a ntse a betana le moradiaka.
Ka lehlohonolo, setjhaba se ne se ntshehetse. Se ne se thibe leha ausia monna enwa a leka ho nteleka mokhukhung ona.
Ke ne ke sa kgolwe hore monna eo ke neng ke mo rata, ke bile ke mo tshepa hore o ne a ka senya bokamoso le borwetsana ba ngwanaka ka mokgwa ona. Nke ke ke boele ke mo tshwarele. Ke batla hore molao o sebetsane le yena, a kwallwe tjhankaneng.
Ke ikemiseditse ho ema lekgotleng la dinyewe ke lwanele moradiaka. [s]
Pale: Kamogelo Sebola
Ditshwantsho: PH Photography
