sotho.1675.asthma
BONA - August 2007
Boibapallo bo molemo ho feta setlhare
pale ka GRACE KHUZWAYO
Ho a tshosa ho utlwa hore ho na le batho ba bang le mathata a ho hema...
BATHO ba nang le letshweya, matshwafo le methapo ya bona ya moya e utlwela haholo dinthong tse silafatsang moya oo re o hemang. Hona ho etsa motho a heme ha bohloko hobane methapo ya ho hema e qetella e petetsane ho feta tekanyo.
Jwalo ka ha motho ya se nang mathata a letshweya a tshwareha hampe ha a dutse ka tlung e tletseng dithole, ho ba boima hakaakang bathong ba nang le lona. Matla a letshweya ha a tshwane ho ya ka batho ho fapana; ho tloha ho le seng matla ho ya ho le matla, athe maemo ana a tsamaya a fetofetoha. Hape batho ba letshweya ba hlolwa ke dintho tse fapafapaneng.
Di ngata dintho tse tsosang letshweya.
Hara tsona re ka bala: ditebelalephoka; boya ba diphoofolo tsa lapeng (kapa hoba haufi le tsona); ho tsuba; mosi; dimela; dipalesa le masiba; dithole ka tlung; ho fetoha ha maemo a lehodimo; boikwetliso bo matla; ho kgathala le mefuta e meng ya tshwaetso.
Matshwao a lona
Ngaka ke yona e ka kgonang ho o hlahloba hantle, empa o ka nna wa sheba matshwao a kang a latelang.
ho ba le melodi ha o hema
ho kgohlela bosiu
ho hema ha bohloko
ho kwaleha sefubeng
ho phakisa ho kgathala ha o ikwetlisa.
Dipalopalo tsa bohloko bona naheng ena, di le beha boemong ba bohlano mahlokong a bolayang lefatsheng ka bophara.
Nnete ke hore kotsi ya bohloko bona e ka thibelwa ha motho a ka hlokomediswa ka lona mme a sebedisa kalafo ya teng.
Ho na le dintho tse bakang hore letshweya le qetelle le bolaile - bathong ba baholo esitana le baneng ka ho tshwanang. Le bolaya haholo batho ba dibakeng tse futsanehileng haholoholo ba dulang mekhukhung.
Seo se bakelwa ke ho se hlokomediswe ka lona mmoho le matshwao a lona le ho se be le ditsela tsa kalafo.
Ho na le tse ding dintho tse le roteletsang tse kang ho tsuba, mosi wa ditofo tsa parafine esitana le yona tshubuhlellano e atisang tshwaetso. (Batho ba letshweya ba kotsing e kgolo ha ba tshwerwe ke mokgohlane leha ba na le serame).
E nngwe ntho e tlatseletsang ke ho se be le basebeletsi ba kgonang ho bona matshwao a lona - ba bolele ha motho a na le serame kapa sona sefuba.
Batho ba nang le letshweya le bona ha ba latele kalafo ya bona ka nepo.
Ba ka thusahala jwang
Dipetlele tsa mmuso di tlameha ho hlahloba batho ka tshwanelo ka disebediswa tsa ho etsa jwalo empa erekaha bongata ba tsona di a hloka, seo ha se etsahale ka tshwanelo.
"Ka nako e nngwe mmuso ha o be le tjhelete ya ho reka difutho tsa letshweya. Hape dibaka tsa mahaeng di ba le mathata a ho fumana kalafo," ho rialo Dr Sharon Kling, ngaka ya bana sepetleng sa Tygerberg eo hape e leng modulasetulo wa mokgatlo o bitswang Allergy Society Of South Africa (ALLSA).
"Batho ba tlameha ho ipaballa jwalo ka ha meriana ya letshweya e haella Afrika Borwa."
Thibelo
Batho ba letshweya ba phela bophelo bo tlwaelehileng jwalo ka mang kapa mang, ha feela ba ipaballa hape ba sebedisa kalafo ka nepo.
Motho wa letshweya o tlameha ho dula a le tjhatsi bakeng sa matshwao a lona. Ho a thusa ho tseba dintho tse bakang letshweya e le hore motho a tle a netefatse hore o a di qoba.
Ha o se o tseba ntho e o tsosetsang letshweya, o tla leka ka hohlehohle ho e qoba. Boipaballo ke setlhare sa mafu ohle...
Enwa metsi a mangata o je meroho le ditholwana tse foreshe.
Ikwetlise hantle. (Netefatsa hore o futhumetsa mmele hantle pele, o boele o ikotlolle hantle hape pele o qeta).
Qoba batho ba tshwerweng ke sufuba kapa serame.
Tlhweko ke ya bohlokwa jwalo ka ho hlapa matsoho e le ho thibela dikokwanahloko tse kang tsa mokgohlane le serame.
lNetefatsa hore ha ho lerole lapeng ka ho dula o tlhotlhora dintho tsa kang mmata le materase.
Kalafo
Ha le tshweya le se le bonahetse, o tla nehwa kalafo ya teng. Kalafo e ya ka maemo a letshweya. Hangata ho sebediswa sefutho, empa ho ka nna ha sebediswa le e meng mefuta ya kalafo.
Ho bohlokwa hore batho ba letshweya ba sebedise kalafo ho latela ditaelo tsa teng, ba dule ba tsamaya le difutho tsa bona.
Ho na le mefuta e mmedi ya kalafo ya letshweya: ke e le thibelang le e le thotofatsang.
Ena e le thibelang, e thotofatsa ho tjhesa ka sefubeng hona ho bakang letshweya. Kalafo eo e tlameha ho sebediswa kamehla hore e tle e sebetse hantle e se le thotofatse feela.
Kalafo ena e thotofatsang yona ke e sebediswang maemong a tshohanyetso ho etsetsa hore motho a kgone ho boela a heme hantle. Mofuta ona o sebediswa ha motho a se a hlasetswe ke lona letshweya mme e thusa ho bula methapo ya moya. [s]
'BAKENG SA DINTLHA
Allergy Society of South Africa (ALLSA)
mohala: 021-447-9019
e-mail: mail@allergysa.org
Website: www.allergysa.org
National Asthma Education Programme (NAEP)
mohala: 0860-ASTHMA (278462)
fax: 011-678-3069
e-mail: naepr@netactive.co.za
Website: www.asthma.co.za
South African Thoracic Society
mohala: 021-423-0257
e-mail: sarj@iafrica.com
Website: www.pulmonology.co.za
letshweya
Tseba ka
BONA SESOTHO - August 2007
u
t
BONA SESOTHO - August 2007
Boipaballo ke setlhare sa mahloko ohle...
Nnete ka letshweya
Letshweya ke bohloko bo tlwaelehileng bo tshwarang motho a le mong ho ba leshome, esitana le bana.
Letshweya ke bo bong ba mahloko a kgathatsang bana ba qetelle ba se ba thisa kgafetsa sekolong.
Batho ba bangata ba fapanya letshweya le serame.
Bana ba batho ba tsubelang ka tlung ke bona ba kgathatswang ke letshweya haholo.
Baimana ba tsubang ba atisa ho beha masea a bona maemong a ho tswarwa ke letshweya.
Ho belaelwa ha letshweya e ka nna ya eba lefutso.
Letshweya ha le alafehe, empa le ka laoleha ka kalafo e nepahetseng.
Baneng ba bang matshwao le maemo a letshweya a a fokotseha ha ba ntse ba hola, ha ba bang bona ba hola le lona bophelo bohle ba bona.
