sotho.1674.people
batho, dibaka le diketsahalo
Ba ha Faith
Faith Records, ke letshwao le letjha indastering mme le sa tswa phatlalatswa mane Fourways. Ditho tsa yona tse tharo Amstel, Koyo le Jeff.
Ho tliswa tshepo baneng
Danone Clover CHOC House - bakeng sa bana ba tshwerweng ke kankere - e sa tswa bulwa Tshwane...
LE LETSHEHADI: Baby Jake Matlala, Gerry Rantseli le Gary Bailey e ne e le ba bang ba baeti moketeng wa pulo.
KA TLASE: Bana ba fumanang kalafo ya kankere, ba bontshitse thahasello e makatsang moketeng ona.
BONA SESOTHO - October 2007
Bala mahala
Le kgolehong thabo e ntse e le teng... A ko bone monnamoholo ya dilemo di 77, Sindizwe Buthelezi, leha a ahloletswe bophelo bohle tjhankaneng, empa jwale ho teng seo a se fumaneng tjhankaneng - ho ngola le ho bala.
Jwale ha a sa tla lefa bomphato ba hae ho mmalla le hona ho mo ngolla mangolo tjhankaneng ya Qalakabusha, Empangeni mona KZN. O leboha leano la Masifundisane (ha re rutaneng. Buthelezi ke moithuti wa pele ho qeta dithuto tsena mme mona re mmona le Ina Cronje, Letona la Thuto KZN.
BONA e boetse hape ya hapa kgau e bitswang Markinor/Sunday Times Top Brand Award. Ke lekgetlo la bone thatohatsi ena ya makasine e hapa kgau mokgahlelong ona wa "kgwebo e lebiswang ho bareki" oo ho ona ho lekolwang hore babadi ba e rata le hona ho e tshepa ho le ho kae makasine eo ya bona.
Mohlophisi wa BONA, Force Khashane, le dikgau tseo e di hapileng ka 2002, 2004, 2006 - le 2007!
BONA ke mohlodi hape!
u
NA O NE O TSEBA"
Gauteng le Leboya Bophirima, ke ona feela mabatowa Afrika Borwa a nang le banna ba bangata ho feta basadi. (Dipalopalo tsa mahareng a 2007)
BONA - August 2007
t
batho, dibaka le diketsahalo
BONA SESOTHO - October 2007
Bophelo bo monate...
... haeba o le motshwaruwa UK. Mmuso o lokolotse batshwaruwa ba ka hodimo ho 25 000 "pele ho nako" ka lebaka la tshubuhlellano.
Hobane jwale ba se ba amohuwe bodulo ba bona ba mahala, mmuso o rerile ho ba lefella "rente" ya moo ba dulang ho fihlela ho fela kahlolo ya bona.
Ho thweng ka ba setseng" Britain's Prison Service e sa tswa phatlalatsa hore e tla hirela batshwaruwa bao batho ba tla ba kwetlisa hore mmele ya bona e dule e kwenne. Hape ba tla fumana le boeletsi mahala. Ba bolela ha sena se etsahala ha bobebe Afrika Borwa!
Ba tumme..."
Kopana le bana bana ba tsheletseng ba nang le talente lenaneong la Famous! Ke lenaneo la diketsahalo ho SABC 2. Bona ke Paige Stroobach, Zelda van Staden, Kamogelo Nche, Walterique Sandows, Zara Ally le Katleho Sinivasan... o tla bala haholwanyane ka bona kgatisong e hlahlamang ya BONA! [s]
Bahlodi ba BONA
Baithuti le matitjhere a Morulane Junior Secondary School, Mount Fletcher ba bontsha ka dibuka le disebediswa tseo ba di hapileng tlhodisanong ya BONA Win Books For Your School.
Ho tloha ho le letshehadi: Mof Mncuzana, Mong Ntoyanto, Mof Maqungo (mosuwehlooho), Mof Lemena, Mof Mbobo, Mofts Lurwengo, Mofts Mbewu, Mofts Thene, Mong Ramaipato, Mofts Fafuli le Mong Sekese.
O thusa ka neo ya hae
David Beckham le LA Galaxy, ba ile dithutong tsa bolo ya maoto mane Harlem, New York.
EINA!
Ho hlakile hore bana ba Moscow ba dutse ba le budutung hobane sena ke seo ba se etsang ka nako ya bona ya kgefutso - ba itlhaba ka dintho mme ba kope thaka tsa bona hore di ba leketlise.
