Sotho.1671.10ques
DIPOTSO
DJ Siyanda
1. Ke sefe seteishene seo o neng o se mamela ha o hola" Ke hlahetse Lamontville, ka holela Umlazi. Ke hona mona moo ke neng ke qale ho bapala mmino; ke ne ke hlola ke thabisitse metswalle ya ka ka mmino ha ke kuta jwanng.
2. Ke efe pina e o hopotsang bongwaneng ba hao"
Ke Get Down ya Blackbox. E ne e le nna feela DJ e nang le dipina tse ka hodimo ho tse hlano tse ntjhafaditsweng. Motswallaka o ne a kena sekolo London, a ntlela le dipina nako le nako.
3. O na le nako e kae o iphedisa ka ho bapala mmino"
Dilemo tse 22. Ke qadile ke ithabisa feela empa ke se ke iphedisa jwale.
4. Pina eo ho phehisanwang ka yona ya iWewe e tswa kae"
Ha re sa hola, re ne re hira tekesi ha re eya lewatle le metswalle. Le banana ba ne ba eba teng, ba ne ba hwelehetsa difestereng ba re: "Weh! Weh! Weh!" Rona boDJ dilemong tsena, re ne re rata hore "dlala nge wewe" (bapala ka wewe)!
5. Na o na le dipina tse tjhesang tsa Keresemese selemong sena"
E. Ke sebetsa le sebini se setjha, Yelo se seng se le mokgatlong wa ka wa ho hatisa, wa Air Records.
6. O na le meetlo e itseng bakeng sa Keresemese"
Tjhe, tjhe, ke ya ka moo moya o lebang ka teng hobane ho ya ka moo ke tla beng ke sebetsa teng.
7. O lakatsa ho ipona o le kae ha ho kgaolwa selemo"
Ke le Thekong le ba lelapa leso hobane ke dutse ke le siyo.
8. O DJ e sa keneng mahlatsong. O ke o nkwe ke maikutlo"
Hohang hobane ke holetse lapeng le molao o thata. Ke rutilwe ho rapela le ho ya kerekeng.
9. O kile wa kopana le batshehetsi ba basadi ba hlanyang ka wena"
Ke ne ke qabolwe ke mosadi e mong ke bapala leetong la Train Cruise dilemong tse fetileng. O ne a tantsha, a thabile, a ntlhahisetsa diaparo tsa hae tsa ka hare! A kopa hore ke tsamaye le yena, ka hana.
10. Re bolelle ka lelapa la hao.
Re dula Glen Anil, ka leboya ho Thekong. Mohatsaka o ntshehetsa haholo ho sohle seo ke se etsang.
Moradi wa rona o dikgwedi di nne, ke tsoswa ke yena hoseng.O rata ho tsotellwa. [s]
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
TSA DINALEDI
DJ wa Metro, eo e leng letswallwa la Thekong o bua ka lelapa, batshehetsi ba basadi ba mo ratang le merero ya hae ya Keresemese
