SESOTHO.1669.yourstyle_beauty
DI KUTE
BOTLE BA HAO
Intlafatse ka pele ka ho kuta dintshi tsa hao ka bokgabane
Etsa sebophelo se setle
Pele o kuta dintshi hantle, o lokela ho qala ka ho tseba sebopeho sa dintshi tsa hao.
Tshwaya ka pene ya eyeliner moo dintshi di qalang teng ka karolong e ka hodima nko, le moo di fellang ka thoko. Matshwaong ao ke hona moo dintshi tsa hao di lokelang ho qala di be di felle teng.
Beha pene hodima mahanana mme o shebe pele feela, o etse letshwao, o fetele pele hore e bape le thaka ya leihlo. O etse letshwao hobane ke
moo dintshi di nkang sebopeho teng. Leba hukung ya leihlo ka thoko. Ke hona mona moo pene e lokelang ho fella teng.
Kuta dintshi
1. Kama dintshi ka borashe ba meno ba kgale, o di qala ka hare o lebisa hodimo. Kama dintshi kaofela tse tswetseng ka thoko ho mola o o tshwaileng. Ke tsona dintshi tseo o tla di kuta.
2. Ha o sebedisa pene e mmala o lerotho haholo, rala mola ho latela sebopeho seo o se batlang sa dintshi.
3. Qala ka ho fothola tse tswetseng mahlakoreng (tseo o sa di batleng) ka tweezers. Di fothole o hulela ka lehlakoreng leo di hlomang ka ho lona. Ha re etsa mohlala, ha o kuta tsa lehlakoreng le ka ho le letona, hulela letlalo ka lehlakoreng leo. Fothola motso ka bonngwe. Etsa bonnete ba hore o fothola ntshi ho tloha motsong wa yona, o lebisa ka moo e holelang ka teng, le hona o e hula ka ho panya ha leihlo.
4. Ka mora ho ikuta dintshi, kama tse setseng ho etsa sebopeho se setle seo o se batlang. Di kame o leba hodimo, le ka mahlakoreng ho etsa sebopeho se setle.
5. Kwala sekgeo ka ho rala ka pene ya dintshi e mmala o kang wa tsona wa tlhaho.
E nkilwe ho: www.ehow.com
DISEBEDISWA
Keletso
Sebedisa tweezer e bohale hobane ha e le bothithi, e tla dieha ho tswa le motso wa ntshi.
Ho thethefatsa bohloko, qala ka ho hatisa karolo ya letlalo e tla ameha ka thaule e tjhesang. Hona ho tla bula masobana a letlalo mme le dintshi di fothohe ka bonolo.
Ho fokotsa ho retela ha letlalo ka mora ho kuta dintshi, itlotse ka mokedikedi wa letlalo, haholoholo o nang le lekgalana hobane le tla fodisa karolo e amehileng. [s]
Le letshehadi ho ya ho le letona:
Borashe ba dintshi (ho tloha ho R69,95), Palladio ha Dis-Chem.
Brow pencil (R69,95,) Palladio ha Dis-Chem.
Tweezers (ho tloha ho R25,95), Clicks.
Disebediswa tse ding:
Brow powder (R69,95),
Dis-Chem.
Magnifying mirror
(from R30), Clicks.
Ambi Moisturizer (R51,99),
Pick n Pay.
E bokeleditswe, ya etswa setaele ke: Pamella-Rose Mlandu Mothusi: Lebohang Galela Ditshwantsho: Andrea Caldwell Mokgabiso wa sefahleho: Vuyo Varoyi
DISEBEDISWA: Dis-Chem, Clicks, le Pick n Pay: Mabenkeleng ohle naheng ena
