sotho.1660.lifestyle
Bophelo bo botle le BONA
pale ka FORCE KHASHANE
ditshwantsho ka PAPI MORAKE
BONA SESOTHO - July 2006
O KA lebella hore motse wa Mickey Modisane wa Orlando Pirates o kgabiswe ka mebala ya sehlopha sena e leng botsho le bosweu. Empa mmuelli enwa wa Mabuccaneer ha a rate jwalo, o balehela kgatello ya mosebetsing.
O ke ke wa bona masapo kapa makarapa moo ha hae. E leng ntho e ntle eo. Ha ho tlhokeho ya hore Modisane a be a ibapatse hore ke setho se seholo sa Ezimnyana zikaMagebhula, jwalo ka ha Pirates e tsebisahala.
O dutse a netefatsa hore lebitso la sehlopha sena le dutse le le maemong.
Ka ho ya ka mohatsae, Barbara, Mickey o rata ho kgabisa motse wa bona.
"Mickey o a rateha," ke yena eo. "Nka o etsetsa mohlala ka hore," ke yena hape, a supa disoufa tse ntlong ya bona ya ho phomola tseo di seng di qetile dilemo tse tsheletseng kaofela.
"Di ntse di boheha le kajeno hobane ke tsa boleng."
Barbara le Mickey ba a tshwarisana, ba dutse ba bontshana pele ba reka leha e le eng feela e kgolo.
Ho ba le sebaka se bulehileng ntlong ya bona jwalo ka kamore ya TV, ya ho phomola le ya ho jela, ke dintho tseo ba neng ba dumellane ka tsona.
"Sebaka sena se bulehileng re se etseditse bana ba rona hore ba lokolohe ba be le sebaka sa ho bapala," ho hlalosa yena Modisane.
Bana bana ba buang ka bona ke Moagi ya dilemo di tharo, Palesa Leseane ya dilemo di nne eo e leng moradi wa ausia Barbara, esitana le kgaitsedi ya ho fela ya Mickey e leng Given ya sa ntsaneng a ithuta kholetjheng.
Ha Mickey a sa mamela mmino a o ratang o kopanyetsang R&B, kwaito le jazz, o tla mo fumana kamoreng ya bona e majabajaba ya ho robala a ntse a beha balatedi sehlohlolong sa ditaba ka ho tlanya ditaba tsa moraorao tsa Pirates ho website ya bona.
Hona kamoreng eo, o tla fumana setshwantsho se seholo sa morao tjena sa sehlopha sena - mme sena ke le leng la matshwao a bontshang mosebetsi wa hae.
Ka ho ya ka Barbara, kamore ya bona ya ho robala, ke moo Modisane a phomolang teng ha dintho di sa tle hantle ho Bucks.
"Ke e ke ikutlwe ke mo utlwela ha sehlopha sa hae se hlotswe," ke yena eo. Mosebetsi wa hae o na le kgatello e kgolo mme o ba le kgatello e kgolo ha sehlopha se sa etse hantle.
"Ha maemo a se a le jwalo, pheko e ba hore a kene kamoreng a ithoballe," ho rialo Barbara.
Mmuelli enwa wa Pirates o fumana mehala e 300-500 ka letsatsi!
"E meng ya mehala ena e fihla ka nako e tshophodi," ho rialo Barbara. Ho na le bana ba letsang le hara kgitla motho a rata ho tseba hore hobaneng sebapadi se itseng se sa bapadiswa.
"Ha se balatedi feela ba mo letsetsang, le boraditaba le bona o tlameha ho ba araba."
O sa lebale hore le yena Modisane o ntse a tlameha ho itlhokomela - wardrobe ya hae e tletse disutu tse 10 tsa maemo.
"Ke tlameha ho tseba hore ha ke a emela nna feela, empa sehlopha se seholo Afrika Borwa, Afrika le lefatsheng ka bophara," ke yena eo.
Barbara o netefatsa hore monnahae o ja dijo tse phepo. Papa ha e phehwe ha Modisane mme nama ya teng e tloswa mafura pele e hadikwa.
"Ha o ka utlwa Mickey a tletleba ka cholesterol, tjhe o se ka mpala nna," ke Barbara a ntse a tsheha.
Empa he ka nako e nngwe, Mickey o e a "tlole" molao, a thobe ho ya fumana dijo tseo a hotseng ka tsona moo lekeisheneng la Soweto.
"Ha ke lakatsa papa, ke mathela lebenkeleng ho ya e reka," ke yena eo. [s]
M
Ha e jewe papa ha
orena wa Pirates!
LE LETONA: Moagi le Palesa ba re amohela kamoreng ya bona.
LE LETSHEHADI: Mickey le Barbara ba phomotse phaposing ya bona eo ba e ratang.
KA TLASE: "Ha o ka utlwa Mickey a tletleba ka cholesterol, tjhe o se ka mpala nna," ke Barbara a ntse a tsheha.
TLASE HO LE LETSHEHADI: Mickey o fumana mehala e 500 ka letsatsi, ka hoo, o a e hloka phomolo.
TLASE HO LE LETONA: Tjhebeho ke ntho ya bohlokwa ho mmuelli wa Pirates.
Re lapeng ha Mickey Modisane wa Bucs
BONA SESOTHO - July 2006
u
M
t
KATLASE: Mebala ya Pirates e metle bakeng sa ho kgabisa, ke mohatsae eo.
BONA SESOTHO - July 2006
orena
wa
Pirates!
LE LETONA: Lelapa le thabileng - Barbara le Mickey mmoho le Moagi, Palesa kgaitsedi ya ho fela ya Mickey, Given.
HODIMO HO LE LETONA: Mickey o theohetse.
HODIMO: Raka ya bona ya mmino!
KA HODIMO HO LE LETONA: Ba phomotse kamoreng ya bona.
LE LETONA: Jwalo ka mmuelli wa sehlopha se seholo SA, tjhebeho ke ntho ya bohlokwa ho nna.
BONA SESOTHO - July 2006
