sotho.165.yourlifeguide_motivation_2
Se tshabe ho ba
le ditoro!
Ditoro di tlisa tshepo lefatsheng mme ka ho leka ho phethisa ditoro tsa rona, re ka kgona ho etsa dintho tse thata ho etsahala
LEFATSHE ke la batho ba nang le ditoro. Setjhabeng se seng le se seng ho ba le sehlotshwana sa batho ba ipabolang, ba hlolang mathata. Ba kgona ho hlola dikgollo tsa batho tsa hore ho na le se hlolang motho.
Ka tshebedisano ya bona le Modimo, ba kgona ho phetha dintho tse thata ka bonolo. Ebe le wena o ka kgona ho ba e mong wa batho bana ba "ikgethang?"
O ka kgona! Ke rialo hobane o ntse o le e mong wa bona. Le wena o na le tsa hao ditoro. Modimo o re nehile bokgoni ba ho ba le ditoro. Mathata a maholo ke hore feela re sebedisa monyetla ona wa ditoro ka tsela e sele.
Ha o bona mathata a fatshe lena, le ho hloka bokgoni ha batho, o bona bophelo bo le boima haholo. Dineo tsa rona ha di tshwane, batswadi ba rona ha ba tshwane, athe le menyetla ya rona ha e tshwane, e leng tsona dintho tse atlehisang.
Empa he a ko nahane ka sena. Leha re ka holela maemong a sa tshwaneng, re be le dineo tse sa tshwaneng, empa ha re tla dinthong tsa bohlokwa bophelong - kaofela re filwe ka ho lekana.
Nka nako. Ho sa natsehe hore o mofutsana kapa morui, o motsho kapa o mosweu, empa o na le dihora tse 24 tsa letsatsi.
Ha re tla tabeng ya ditoro, ha ho moedi. Mona ha ke bue ka ditoro tsa borokong, ke bua ka bokgoni le bokamoso ba hao.
Se etse phoso, motho ya nang le toro o tshwana le lehlanya ho fihlela toro ya hae e phethahala mme bohle ba mo nyefolang e ba metswalle ya hae.
Motho wa sebele ya nang le toro, o kopana le mathata a kang ho se utlwisisane le ho se jarelane mefokolo ho ba bang ba nang le toro e kang ya hae. Nako e ngata o tlameha ho ba le toro ya hao o le mong.
Batho ba nang le ditoro, ke letshepa la fatshe lena. Tsohle tseo re di bonang kajeno: meaho e meholo, dikereke, diphuputso tsa boramahlale, tsohle di etsahetse ka lebaka la toro ya motho.
Le rona jwalo ka bana re ba le ditoro! Re lora ho ba dingaka, maqwetha, boprofesara kapa boramahlale ba sepakapakeng; re e re lore ka ho ba dinaledi kapa borakgwebo ba itseng.
Ha re ntse re hola, re bona bophelo, re e re bone menyetla ya ho fihlela ditoro tseo tsa rona e ba lerotho.
Re e re phakise ho lahla tshepo. Re nahane hore ho tlameha ho ba jwalo, ke yona tsela ya ho "hola," athe re a itshwarella.
Ke o kopa hore o boele bongwaneng, o be le ditoro hape ka bokamoso ba hao.
Batho ba nang le ditoro ba tlameha ho ba le boiphihlelo ba ho hlola dinyefolo.
O ke se fihlele toro ya hao ntle le hore o fete mathateng.
Ha ke so mo utlwe motho ya atlehileng ya sa kang a feta mathateng.
Haeba o phehella, toro ya hao e tla phethahala.
Toro tsa hao di tla o batla nako, o sebetse ka thata leha o se o sa rate.
Ena ha se toro ya borokong, ke eo o e lorang o dutse.
Hopola: ha o ikgethele toro, ke yona e tlang ho wena.
Dintho di qala ho senyeha ha motho a ikgethela toro ya hae, mme he moo o kgona ho lahla tshepo ka pele. Ha toro e le yona e ikgethelang wena, dintho di tla hantle, o mamelle leha ho le thata.
Ha ke sa le moshemane, ke ne ke lakatsa dintho tse ngata ka nako e le nngwe. Ke ne ke qetele ke kgethile ho ba ngaka le profesara. Ka mora ho buisana le Kreste, ka amohela pitso ena ya boruti, mme kajeno ke moruti, ke phatlalatsa Lentswe la Modimo.
Ke se ke ile ka bona batho ba pholoswa ke Modimo, ke bolela le ba tshwerweng ke mahloko a sa alafeheng. Kajeno ke phela toro ya ka, ke phatlalatsa Lentswe la Modimo bathong ba Ona.
Modimo o o nehile toro e fe? Ho boima ho e bolela taba eo.
A ko shebe hore ke eng e o kgathatsang haholo, le e o thabisang haholo mmoho le menahano e dutseng e o fihlela. Ntho eo e dutseng e o fihlela kelellong, ke yona e tla thibela le tsela ya katleho ya hao!
Ka hoo, e ba le toro hape! [s]
Moruti George
Ha o kenya Modimo mere-rong ya hao, ditoro tsohle tsa hao di ka phetha-hala
KGOTHATSO
