sotho.1658.purity
B4222/11/08
Dilemo tsa pele bophelong ba lesea ke tsa bohlokwa kgolong, bophelong le boitshwarong ba lona, ka hoo netefatsa hore le fumana dijo tse nepahetseng...
DIJO tsa mefutafuta di bohlokwa phepong ya lesea. Mefuta e metjha ya dijo tsa masea e thusa lesea hore le kgone ho amohela mefuta e mengata ya dijo e netefatsang hore le fumana phepo eo le e hlokang. Mona ke moo Purity e kenellang teng. Dilemong tse fetang tse 60, ditsebi tsena tsa phepo ya masea, haesale di thusa bomme ka mefuta yohle ya dijo tsa masea ho tloha ho e metswako ya nama, meroho, ditholwana le starch.
LETHATHAMA LE LETJHA LA Purity LE KENYELETSA:
Lethathama la "Ditholwana" le fana ka metswako ya ditholwana, meroho le nama (e ruileng ka iron) mmoho le Vitamin B2, B3 le B6.
"Tastes Of Africa," e fana ka dijo tse tletseng phepo e loketseng Maafrika Borwa.
"Good Nights" lethathama lena le thusa lesea ho robala hantle bosiu.
HA HO A EKETSWA LETSWAI KAPA TSWEKERE
Ho hong hape ka dijo tsena tsa masea, ke hore ha ho tlhokeho ya hore o eketse letswai kapa tswekere ho tsona. Letswai le le ngata le ka bakela lesea mathata a diphio. Ba ha Purity jwale ba se ba ntshitse letswai dijong tsohle tsa bona (leha di ntse di na le mongolo o bontshang letswai). Pele ho nako e se kae, o tla bona letswai le se le sa ngolwa dibotlolong tsena. Leha ho wena mme dijo tsena di utlwahala di se na tatso, empa leseeng di monate.
Mefuteng e entsweng ka ditholwana, ha ho tswekere e tshetsweng, ho sebedisitswe tatso eo ya ditholwana. Dijo tse dibotlolong tse nang le tswekere, ke di-dessert le mefuta ya yoghurt
mme leha ho le jwalo, ho tshetswe tswekere e nyane haholo.
Ha se tsona tsohle dibotlolo tseo matshwao a ona a fetotsweng, empa haufinyane dibotlolo kaofela di tla bontsha hore dihlahisweng tsohle tswekere e ntshitswe ntle ho di-dessert le di-
yoghurt. Dibotlolo tsa Purity ha di na metswako e fetolang mmala kapa yona tatso.
HA O FEPA LESEA LA HAO
Eba le mamello ha o fepa lesea la hao o ntse o hlokometse matshwao a bontshang ha le ntse le lapile kapa le se le kgotshe. Leka ho le fepa mefuta e fapafapaneng ya dijo. Hopola hore dinako tsena tsa ho fepa lesea, ke tseo ka tsona o bapalang le hona ho bontsha lerato ho lona.
Ba ha Purity ba na le mekgahlelo e mene ya ho fepa masea molemong wa ho o thusa hore o tsebe ho le kgethela mefuta e lokelang ho ya ka dilemo tsa lona bakeng sa kgolo.[s]
Melemo ya Purity
Leqephe la Papatso
