sotho.1654.blockpuzzle
BONA Block Puzzle
BONA SESOTHO - October 2006
Ithabise mme o ntlafatse le Senyesemane sa hao. Tlatsa dikgeo tsena o latela matshwao a bontshitsweng mme o tla fumana lebitso la sebapadi sa difilimi dikgeong tse fiifaditsweng.
No 60
HAPA
Jesi e ikgethang ya PIRATES
Letsatsi la ho kwala: 31 Mphalane 2006
HAPA jesi e ntjha ya Orlando Pirates mmoho le dibolo tse saennweng ke dibapadi tsa sehlopha sena sa Bucs! Ke jesi ya moetso wa sejwalejwale, e thusang dibapadi hore di dule di phodile di bile di lokolohile mme e sa tswa hlahiswa semmuso Thekong. E akantswe ka bokgabane bo ikgethang ho kgothatsa dibapadi ka lebaleng.
Ba ha Adidas, bahlahise ba yona, ba lebeletse hore e tla ntlafatsa maemo a Pirates hobane jwale dibapadi di tla dula di phodile ha monate, hape di tla bonahala hore ke tsa profeshenale, di le ka lebaleng kapa ka ntle. Irvin Khoza o itse: "O bonahala ka seo o se tenneng."
O ka hapang
Ona ke monyetla o sa lokelang ho fetwa ke ona motshehetsi wa Bucs! Kgweding ena BONA e na le dijesi tse pedi tse ntjha tsa Orlando Pirates le dibolo tse pedi tse saennweng ke dibapadi tsa sehlopha tse ka hatjwang
Na ha se mokgwa o kgabane wa ho tshehetsa Pirates" Bahlodi ba bane ba tla kgethwa, motho ka mong o tla fumana sekipa kapa bolo.
Ho hapa
Tlatsa dikgeo tse ka thoko mme o fumane lebitso le patilweng ho tse fiifaditsweng. O ngole karabo eo poskareteng, le lebitso, aterese mmoho le nomoro ya hao ya mohala eo o fumanehang ho yona motsheare, aterese ke: BONA/ Block Puzzle No 60, Box 32067, Mobeni, 4060, kapa o romelle lentswe lena PIRATES ka SMS ho 35919. (SMS e bitsa R3.) [s]
