sotho.1651.petrol
Petrole kapa diesel"
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
BONGWANENG ba batswadi ba rona dikoloi tse mathang ka diesel di ne di le mmalwa haholo - di bile di tshwajwa. Di ne di se na matla hohang hape di le lerata, di kubella hampe mme leha o ilo e tshela mafura, o ema moleng o molelele mmoho le diteraka thokwana le dikoloi tse ding kaofela dikaratjheng.
Matsatsing ana, dikoloi tsa diesel di tjhentjhile. Re leboha tegniki ya sejwalejwale hobane ha di sa kubella hape di matla.
Tsa BMW tsa 530d, ha re etsa mohlala, di ka fihlella 100km/h ka metsotswana e robedi feela di thakgohile, mme di ka tsamaya sebaka sa 100km ka dilitara tse ka tlase ho tse robedi.
Ha re sheba dikoloi tse ka o bolokelang tjhelete, tse bileng di leng matla hantle, re ka etsa mohlala ka Getz ya ha Hyundai - ke koloi e nyenyane ya 1,5-litre turbodiesel e tsamayang 100km ka dilitara tse 5,5. Ha ho kgolehe! Ke nnete mohlomong ha o sa tsotelle dintho hantle o ka nna wa dieha ho bona.
Ditjeho
Ho na le dintho tse mmalwa tseo o lokelang ho di shebisisa pele o reka koloi ya diesel...
DITEFELLO TSA KOLOI: Hyundai Getz 1,5 turbodiesel e bitsa ho ya ho R150 000, athe 1,4 litre ya petrol e jwalo hantle, e bileng e nang le dintho tse ding tse ekeditsweng mmoho le tsa polokeho e bitsa ka tlase ho yona ka R25 000.
Empa phapang e nyenyane haholo mme leha ya diesel e sa je mafura haholo, hoo ha ho bolele hore ya petrole e tla be se e bitsa ho feta tekanyo ka lebaka la R25 000 eo o e bolokileng thekong ya yona.
Hona ho bolela hore...
DITJEHO TSA MAFURA: Dinaha tsa Yuropa di rekisa diesel ka theko e tlase ha e tshwantshwa le petrole, athe Afrika Borwa teng, diesel e bitsa haholo.
Ha re ngola pale ena, Thekong, petrol e ne e bitsa R6,77/litre, ha diesel e le R7,26 - mme mafura a thumisehileng haholo a kgothalletswang bakeng sa dikoloi tse tsamayang ka diesel tsa moetso wa sejwalejwale a bitsa haholo.
Tanka e tletseng diesel koloing ya Getz e ka tsamayang mohlomong 818km e bitsa R333, ho bolelang hore e ka ba 41c/ kilomitara ka nngwe.
Dikoloi tsa petrole tse nang le ditanka tsa 45-litre ka lehlakoreng le leng, di hloka ho boela di tlatswa hape ka mora 562km, empa di tla nka R305, kapa 54c kilomitara. Haeba o nahana hore bonyane o tsamaya 2 000km ka kgwedi kapa 24 000km ka selemo, ho tla o nka dikgwedi tse ka hodimo ho tse robedi hore o kgutlelwe ke R25 000 eo o e lefileng ka hodimo ha o reka koloi ya diesel.
Athe ha o tsamaya maeto a malelele mebileng e meholo, o etsa dikilomitara tse ngata ka selemo ho feta tse tlwaelehileng, ditsebi di dumellana ka hore ho reka koloi ya petrole ho ka o tswela molemo.
Melemo
Leha ho le jwalo dikoloi tsa diesel di sa ntse di le molemo. Haeba o e tshwere hantle, e ka tshwarella ho feta e lekanang le yona ya petrole ka 100% mohlomong.
Leha di sa dume jwalo ka tsa petrole, kapa di se matla haholo jwalo ka tsona, empa di ka hlwa tsa theoha mekwalaba ntle le hore o nne o tjhentjhe dikiyara nako le nako. Hape di matla haholo ha di hula tse ding.
Ere kaha ha e na dipolaka, le dithapo tse tsamaisanang le tsona ha e be le mathata a ignition kapa ho fapana ha dithapo mme hape ha e angwe ke ho kenwa ke metsi a difefo kapa ha e tshela metsing.
Ba ratang dikoloi tsa 4x4, Tse bohloko ke hore ha koloi ya diesel e senyehile, ho ditjheho ho e lokisa, ke ka hona ho leng bohlokwa ho e tshwara hantle.
Ho reka
Ha re re o rata koloi ya diesel mme o batla ya lesekene le theko e ntle. Andre Oelofse ke mookamedi wa karolo e hlahlobang katleho ya TransUnion, khampane e hlahisang bukana ya Mead & McGrouther ya dikoloi tsa masekene.
O re dikoloi tse ding tsa diesel di kgona ho dula di le maemong a matle ka nako e telele, ke ka hona motho a ka kgonang ho fumana e theko e ntle e bitsang betere ho feta ya petrole. "Ho ya ka moetso wa koloi esitana le karolo ya mmaraka oo e rekiswang ho ona," ho hlalosa yena.
"Hape maemo a yona le bolelele ba maeto ao e seng e a tsamaile, ke tsa bohlokwa. Ha o batla koloi mohlomong e seng e tsamaile 200 000km e ka nna yaba e se e tla hloka ho lokiswa dintho tse ding jwalo ka injector mme e ka nna ya bitsa haholo. Hape mang kapa mang ya batlang ho reka koloi ya lesekene, ya diesel, o lokela ho ela hloko hore ho fihlella selemong sena, diesel ya Afrika Borwa ke ya boleng bo tlase haholo ha e tshwantshwa le ya dinaheng tsa matjhaba.
Mafura a rona a na le sebabole se se ngata, ho tjhentjha oli kgafetsa, mohlomong ka mora 5 000km ho bohlokwa ho thibela hore enjini e se ke ya senyeha.
Toyota South Africa, e kgathatshehile ka hore e se senyehe lebitso ka ho hloleha ho phetha ditshepiso tsa ho rekisa dikoloi tsa setjhaba tsa diesel Afrika Borwa pele ho Pherekgong 2007, ha mmuso o tla be o tlamella baetsi ba oli ho fokotsa sebabole dieseleng.
Ha o batla ho reka lesekene la koloi ya diesel, qala ka ho bala hantle bukana ya yona mme o bone hore oli e ne e tjhentjhwa kgafetsa ka tshwanelo ho ya ka moo baetsi ba yona ba boletseng ka teng kapa tjhe.
Ntle ho moo, e ka nna ya ba o reka mathata a motho e mong ka theko e hodimo! [s]
BONA SESOTHO - March 2008
Ke seo Maafrika Borwa a mangata a ipotsang sona jwalo ka ha enjini e sebetsang ka diesel e kena fesheneng ka matla tjena. Empa ha se bolatjha jwalo ka ha ba bangata ba nahana...
Phehisano e kgolo
O A E RATA:
u Ha e je mafura haholo.
u Enjini ya yona e a tshwarella ha e tshwerwe hantle.
u Ha ena di-spark ka hoo, o ka e tshepa.
u E lerata, e tsamaya butle empa e matla ha e hula.
u Ha e senye dintho tsa tlhaho.
HA O E RATE:
u Ditjeho tsa petrole di ke ke tsa o buseletsa ditshenyelo tsa ho e reka.
u Diesel ha e theko e tlase hakaalo ha e tshwantshwa le petrole.
u Ho bitsa haholo ho e hlokomela.
u E lokiswa ka ditjeho.
u E tsamaya butle ho ena le ya petrole.
u E lerata ha e duma.
BONA SESOTHO - March 2008
