SOTHO.1650.sis sarah
Ke sotlelwang hakale"
Ke motshwaruwa ya dilemo di 33 ya ahlotsweng dilemo tse hlano. Kgarebe ya ka e dilemo di 23 ekare ha e sa nthata.
Ha a nketele kapa hona ho nkaraba ha ke ngotse. Ke mo rata haholo. Ke nahana o etsa sena ho ka iphetetsa jwalo ka ha ke le mathateng ana. Re na le ngwana le yena, ke rerile hore re nyalane ha ke tswa mona.
Hobaneng a ntshwara ka mokgwa ona" Nthuse hle ke a mo rata.
MLH, Condrad
lKe maswabi hobane sena se etsahalang se tlwaelehile ho batshwaruwa. Ho bobebe ho bolela ka molomo hore o tla ema le motho monateng le maimeng, empa ha ho etsahala, ho ba boima ho phetha ditshepiso.
Ha ke tsebe hobaneng kgarebe ya hao e etsa jwalo, empa ke nahana hore ha e sa o rata. O sa le monyane, o na le ngwana, mohlomong o batla ho tswelapele le bophelo ba hae. Ha a se a sa o rate, ha ho se ka etswang, o tlameha ho lebala ka yena.
Ha ke bone a o rata ka tsela eo o lebeletseng hore a o rate ka yona. Ho boima ho amohela sena, empa he bophelo bo jwalo ka dinako tse ding... sena se tla feta, o lebale ka yena.
Mosadi wa moahisane
Ke ratana le mosadi wa moahisane, e se e le dilemo tse 12 jwale sena se etsahala. Moradiae o se a e tseba taba ena mme ke a tshaba jwale. Ekaba ho se ho senyehile"
JN, KwaMhlanga
lLe se le tshwerwe jwalo ka ha moradiae a se a le bone! Sesotho se re sekgukguni se bonwa ke sebataladi. Balekane ba lona ka bobedi ba tla utlwa bohloko. Haeba o rata ho utlwisa mohatsao bohloko, tswelapele, empa ke bothoto.
Ekaba o mpolella nnete"
E se e le selemo le dikgwedi jwale ke intsha le mohlankana, empa mohlolo ke hore ha ke tsebe moo a dulang kapa batswadi ba hae.
O ne a re o hlokahalletswe ke mosadi, o dula le bana feela. A re hape ho na le mosadi e mong ya nang le ngwana le yena. A re o nahana ho re nyala bobedi ba rona.
Ha ke mo etetse, o robala le nna ho e mong wa ba leloko la habo. Ke bona eka ho na le seo a mpatelang sona, o nyetse kapa o dula le mosadi. Ke a mo rata mme ha ke batle ho kgaohana le yena hohang.
HP, Richmond
Le nna ke bona eka o a o thetsa. Ho na le seo a o patetseng sona, ha a batle hore o tsebe batswadi ba hae kapa bona bana ba hae. Ekare o nyetse kapa o na le mosadi eo a dulang le yena, ha a ikemisetsa ho o nyala le ka mohla. O ikemiseditse ho ratana le wena ha feela maemo a mo dumella.
Ke nako ya ho tseba nnete. O lokela ho tseba hore dikamano tsa lona ke tsa nnete kapa o senya nako ya hao feela"
Buisana le yena ka taba ena, o mo kope ho o bolella nnete. Se mo dumelle ho o thetsa hape - batla nnete, nnete feela!
Ha ho botshepehi, ke lerato feela
Ke kopane le monna enwa ka 1995, ke le dilemo di 14. Ka ima makgetlo a mabedi empa ka senyehelwa.Dingaka tsa re ke hobane ke tetebetse maikutlo. Sesosa sa seo ke hobane nako le nako ha ke nkile mpa, o a ntlhoya, ha a batle letho la ka.
A qale ho intsha le banana ba bang ba hae ba bangatangata ka pelaka. A re ho intsha le bona ha ho bolele letho ka ha seo a se tsebang feela ke hore o a nthata. Ha ke sa mo tshepa hohang empa ke mo rata ka pelo yohle ya ka.
Ha a ikemisetsa ho nnyala hohang, o bile o re basadi ba nyetsweng ba bohlola.
O re ke hantle ha re sa nyalana hobane re a hlomphana kaha hang ha a nnyala ke tla qala ho itseka ke bolele ha ke ena le ditokelo jwale ke qale le bohlola. Ke kopa thuso ya hao.
KN, Kapa
lHa ke kgolwe ka nnete hore o sa ntse o ratana le monna enwa le ka mora tsena tsohle. Tlhekefetso ya hae ho wena ha o imme ngwanahae, o be o senyehelwe, empa wa boela wa ima hape. O motho ya makatsang!
O na le baratuwa ba bang bao ke tshepang hore o etsa thobalano le bona mme o na le menyetla e meholo ya ho kenwa ke mafu a nelehetsanang ka thobalano kapa yona EITSI, a be a o tshwaetse! Monna enwa o lokela ho hlokomela hore EITSI e teng Afrika Borwa hape e a bolaya. Ha e na mohau hohang ho mang kapa mang ya etsang thobalano e sa bolokehang le batho ba bangata. Ha o mo tshepe hape ha a ikemisetsa ho o nyala hohang.
Hobaneng o senya nako ya hao hakale ka yena" Dikamano tsa lona ha di na tswelopele hohang. Ipatlele monna ya tla o hlonepha mme a o rate.
Batho ba bangata
Ke mosadi ya dilemo di 22 ya ratanang le monna ya dilemo di 29. O dula le mme wa ngwana wa hae eo a reng ha a sa mo rata. O re a ke ke a mo leleka empa ha a ka tsamaya neng kapa neng a ka thaba haholo.
Mathata a ka ke hore ho tloha nakong eo re qalang ho ratana ha re so ka re fumana nako ya ho ba mmoho. Jwale o se a re o batla ho nnyala. O se a kile a leka ho romela ba habo ho tla ntsha bohadi empa a hloleha. Ke nahana hore ha re ka nyalana maemo a tla mpefala haholo hobane ka nako e nngwe mme wa ngwanahae o ke a ntetsetse mohala a nthohake.
Ke na le mohlankana e mong empa ha ke mo rate jwalo ka enwa. Ke etse jwang, nthuse hle!
Ya kgathatsehileng
lKe bona ekare ha o rate ho nyalwa ke monna enwa. Ha ho ne ho se jwalo, o ka be o se na mohlankana e mong lehlakoreng. Banna ba bangata ba dutse ba re ha ba rate basadi bao ba dulang le bona empa nnete le hore ba etsetsa hore o ye le kgongwana hodimo, o nahane hore o a ratwa.
O lokela ho etsa qeto ya seo o se batlang. O batla motho ya tla ba le nako ya hao. Hape mme wa ngwana wa hae o a o rohaka nako le nako ha a batla ho etsa jwalo. Leha le ka nyalana, a ke ke a nyamela bophelong ba lona. O tla nne a tswelepele ho o rohaka.
O hlotswe keng ho tla lefa bohadi" Ke bona a se na botshepehi ho wena mme o lokela ho nahana hantle pele o itlama ka se kopantsweng le yena.
O ka nna wa ikutlwa eka o a mo rata empa ka nako e nngwe ho na le monna e mong ya tla o rata a o tswele molemo ho feta yena ha o ka lebala ka yena.
Ha ke kgotsofatswe ke mosadi wa ka
Ke dilemo di 49 ha tsa mohatsaka di le 44. Re na le bana ba bararo ba batle. Ke rata mohatsaka haholo le yena o a nthata hape ke rata le bana ba ka empa ha a nkgotsofatse thobalanong. Hape haesale a kenwa ke bothuela, hohang ha a sa thabela thobalano. O roballa thoko le nna ke mosebetsi ho etsa thobalano le yena...
Ho etsahetse eng ka yena" Re dilemo re nyalane. Hape ka nako eo a neng a ntshwa lefehlong ke ne ke etse sohle seo ba neng ba re ke se etse ho mo amohela hape lapeng la rona.
Ke ile le mathueleng a mang ke batla ho utlwa hore ebe mathata a kae ha ho le bonang sesosa - ke emetswe ke hlooho jwale.
Ke se ke bile ke kopane le mosadi e mong ya lekanang le yena eo ke seng ke mo fetotse mosadi wa ka. Ha a ntshukudise ka letho. O dula a ikemiseditse ho nthabisa neng kapa neng ha ke batla ho etsa jwalo ha a nna a etsa ekare ha a batle. Ke bile ke nahana ho nyala sethepu.
Jwale se nkgathatsang ke hore ke tla tlameha ho buisana le mosadi wa pele ke nyala sethepu. Ke moholo hore nka nna ka tsamaya ke ipata ha ke ena le mosadi. Athe mosadi enwa e motjha yena ke mo ratela hore o tseba ho nthabisa e leng seo ke sa se fumaneng mosading wa ka. Empa ke tla dula ke mo rata mohatsaka hobane re tswa hole le yena ke mmabana ba ka.
Le nna ke ngaka ya setso mme ke se ke hlahlobile sohle hore ebe badimo ba tla dumela kapa tjhe mme ha ke bone kgathatso. Nka qala sethepu jwang ntle ho tumello ya mohatsaka" Ke a mo rata empa ke hloka mosadi wa bobedi ya tla nkgotsofatsa ka thobalano, a nthate, a nthabise, a thabele ho ba le nna jwalo ka monna bophelong a hae...
Monna ya tsietsing, Tshwane
Lethuela le nyetseng le lokela ho etsa dintho tse ding tse itseng ka mora ho fehlellwa pele le ka kgona ho boela le etsa thobalano le monna. Ha tseo tsohle di entswe ho ya ka moo o bolelang ka teng, mohlomong le na le moo le fapanang teng dikamanong tsa lona tsa lerato mme le lokela ho buisana ka taba ena.
Ke nahana hore o lokela ho buisana le mohatsao ka mohopolo wa ho nyala mosadi wa bobedi. O ke ke wa kgona ho dula o balehela taba ena mme hape ho molemo o bue le yena ho ena le hore a bone o se o iketsetsa feela hobane hoo ho ka mo utlwisa bohloko. Ke ha a o hanela moo o ka etsang qeto ya hore o tswelapele kapa tjhe kapa o a mo hlala hore o tsebe ho nyala mosadi e mong. [s]
BONA SESOTHO - April 2006
Botsa Sis Sarah
Ela hloko: Sis Sarah ha na bokgone ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le koptjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliniking ha le ena le mathata a mofuta ona.
BONA SESOTHO - April 2006
Na ebe o na le mathata a tsa thobalano, dikamano tsa lerato kapa a mang feela a bophelo" Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho araba motho ka mong ka hoo, ke o kopa ho bala karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng.
Hopola hore ha re arolelana ka mathata a keke a re hlola le kgale!
Ngolla ho:
Botsa Sis Sarah,
Box 32083,
Mobeni 4060
