sotho.1074.yourbackpage_last
Ha ke qetela ho rekela mohatsaka mose...
O ne a lla ka hore o hlobotse - empa ke bona hore o itjholo feela - bonneteng o ne a kgahlilwe ke kakanyo ya diaparo tsa Marianne Fassler wa SA.
Ha ke qetela ho tshela seno...
Kopi ya tee ya Five Roses. Ke e rata haholo - ha ke tsebe hore ke ne ke qale ho e nwa neng.
Ha ke qetela ho bua leshano...
Metsotsong e 30 e fetileng - ha ke ne ke batla ho se ye kopanong e nngwe ya mosebetsi.
Ha ke qetela ho fihla ka nako lapeng...
Ke fihla ka 8 bosiu ka mehla empa ke phakisitse ho tsamaya maobane!.
Ha ke qetela ho hlaba...
Dilemong tse robedi tse fetileng - ha ke etsetsa batswadi ba ka phabadimo. Ke ne ke e etseditse heso Dube, Soweto.
Ha ke qetele ho shebella papadi...
E ne e le Malaysian Open ho TV, ho bapala motjha eo ke neng ke mo tshehetse dilemong tse mmalwa tse fetileng. Ke rata papadi ya kolofo mme ke e bapala hang ka beke. Hosane ke tla roba o mong wa melao ya ka, ke tla lo bapala hara beke - ke ka hona ke buileng leshano ha ke sa ye kopanong!
Sebapadi seo ke neng ke sa kgone ho iphapanya sona ho Generations...
Leleti Khumalo, ke se seng sa dibapadi tse hlwahlwa tsa habo rona.
Ha ke qetela ho ya diphomolong...
Ke ne ke le Kapa lehlabuleng le fetileng le ba lelapa. Re na le sebaka sa bodulo moo, mme re ne re ye ka mora Keresemese ho ya keteka Selemo se setjha.
Ha ke qetela ho ya moo ho rekiswang jwala...
Ha ke atise ho ya. Ke na le selemo jwale ke tlohetse ho nwa empa ke ne ke nwella lapeng kapa le metswalle ya ka.
Ha ke qetela ho se be le tjhelete...
Kgale, ka 1993 ka mora ho etsa matsete ka tjhelete ya ka kaofela ho Generations. Ke ne ke inolwe ke motswallaka Friedrich Stark, eo ke sa ntseng ke sebetsa le yena le jwale.
Ha ke qetela ho omana ha bohloko ...
Ka Sontaha se fetileng. Ke halefetse motjhanaka ya dilemo di 14. O se a qala ho mathakaka le bashanyana. O tlasa tlhokomelo ya ka leha a dula sekolong, batswadi ba hae ba bolailwe ke EITSI mme nna ke se ke tshwana le ntatae. Ke ne ke qala ho utlwa ka boitshwaro ba hae bo bobe, ka halefa.
Tlhahlobo eo ke sa tswa e etsa...
Ke ya mahlo, ke ne ke lokela ho ntjhafatsa lengolo la ka la ho kganna selemong se fetileng - mme ka e feila! Ba re ke ye ngakeng ya mahlo pele.
Lenaneo la TV leo ke qetetseng ho le shebella...
Mad Men hobane ke papadi e hlophisitsweng hantle haholo, ke seo ke batlang ho se etsa ho Generations. Ke boetse hape ke rata Grey's Anatomy. Ha ke atise ho shebella Generations lapeng.
Keletso eo ke sa tswa eletsa motho ka yona...
Ithute ka matla - ke ne ke eletsa motjhanaka!
E bokeleditswe ke Patricia McCracken
LEQEPHE LA HAO LA KAMORAO
Jwalo ka ha Generations e qeta dilemo tse 15, mothehi wa filimi ena ya marato, Mfundi Vundla, o re tsholela hanyenyane ka diketsahalo tsa bophelong ba hae
