sotho.1647.health dec
NNETE
tsa bophelo bo botle
Matla ka kgaketleng
Batho ba bangata ba na le mathata a ho fokollwa ke iron mmeleng, ba tshwarwe ke hlooho e sa feleng ba hloke botsitso ho ya ka setsebi sa tsa phepo Madelein de Villiers. O ka nna wa iphumana o kula kgafetsa hobane iron e fokola mmeleng. Netefatsa hore o ja mahe kgafetsa hobane e fumanehang mothweng wa lona e thumiseha ka pele le hona ka bonolo.
Pelo e tshweu!
Ditaba tse bohloko tsa batswetse ba dipelo di tshweu... Tlaleho ya British Journal Of Nutrition e re ha o eja dijo tse se nang phepo - jwalo ka di-doughnuts, ditjhips kapa burger - boimaneng kapa botswetseng, lesea le tla ba le pelo e tshweu le boima ba mmele wa lona bo eketsehe ka dipersente tse 27, le qetelle le le letenya athe le boholong le be le mathata a bophelo.
BONA SESOTHO - December 2007
ka selemo ho nowa asprin tse 80 billion lefatsheng kaofela
Itlhokomele!
Basadi ba se ba hlokometse bohlokwa ba ho hlahlojwa ka selemo ho thibela kankere - empa banna bona ba nahana hore ha ho hlokahale.
Ke tsena ditlhahlobo tse ka bolokang banna ba phetse hantle:
Kgatello ya madi: Dilemong tse ding le tse ding tse pedi.
Cholesterol: Dilemong tse ding le tse ding tse hlano ka mora dilemo tse 35.
Lefu la tswekere: Bonyane dilemong tse ding le tse ding tse tharo ha o ena le kgatello e hodimo ya madi kapa cholesterol.
Ho tetebela maikutlo: Ho kgathatseha le ho fellwa ke tshepo ka nako e telele ho ka nna ha bolela ho kula, e seng mathata feela - kopa ngaka ho etsa diteko.
Ho se tsohelwe: Ho ka nna ha bolela hore o na le mathata a lefu la pelo mme ho ka nna ha o qhalla motse. Buisana le ngaka ka pele.
Mafu a nelehetsanang ka thobalano: Ho ya ka boitshwaro ba motho, etsa diteko tsa HIV bonyane dikgweding tse ding le tse ding tse 6. Hape buisana le ngaka hore e se be o na le mokaola, kapa mafu a mang feela a thobalano, a ka nnang a kenya bophelo ba hao kotsing.
Kankere ya letlalo: Selemo le selemo.
Kankere ya marate: Batla dikaqa mareteng kapa hona ho ruruha, o ye ngakeng hang hang.
- Tammy Sutherns
Budula vuvuzela bolong!
Leha o ipapalla bolo feela le metswalle, tseba hore mmele wa hao o tla dula o kwenne hobane ho a mathwa bolong, ho ya ka moo rasaense wa Denmark a bolelang ka teng. Ka dikgwedi tse tharo feela, sebapadi sa bolo se theola mafura a mmele mme ho ahehe mesifa.
Dula o phetse hantle le Patricia McCracken
Tiisa masapo ka broccoli
Le meroho e ka tiisa masapo! Osteoporosis ke lefu le etsang hore masapo a motho a be bonolo, a robehe feela. E thibelwa ka ho ja dijo tse tiisang masapo jwalo ka lebese le dijo tsohle tse entsweng ka lona, broccoli, dikgwayakgwayane le tlhapi e bileng e nang le masapo jwalo ka sardines.
- Tammy Sutherns
Lebese
Boloka tjhelete o kgethe lebese le seng mafura (le 2%), eo ke keletso ya setsebi sa dipatlisiso sa UK Loughborough University ho dimathi. Le boloka metsi mmeleng haholo ho feta metsi kapa dino tse ding tse matlafatsang mmele.
NNETE
Ba sebedisang diselefounu ba na le kgatello e hodimo ya madi.
