sotho.1645.fame
Ba senya tjhelete ya bona
pale ka FORCE KHASHANE ditshwantsho GALLO IMAGES
KE mathata lefatsheng ka bophara. Ho na le batjha ba iphumanang e se e le dinaledi - empa leha ba le batle ka lebaleng, ba hloke bokgoni le boiphihlelo ba ho laola tse tsamaisanang le setumo sa bona. Ka potlako o ba fumana ba amohela tjheletehadi eo ba sa kgoneng ho e laola. Peleng, taba e kgolo e ne e le ho betla bokgoni ba sebapadi. Hore na di ne di etsang ha di le siyo lebaleng, eo e ne e se taba ya motho, ha feela seo motho a se etsang se sa phatsamise papadi ya hae. Empa o reng ha dibapadi di iphumana di se di se na tjhelete dilemonyana feela ka mora ho beha meja fatshe.
Empa jwale dihlopha mmoho le batsamaise ba tsona, ba se ba hlokometse hore ba na le boikarabelo ba ho ruta dibapadi ka moo di ka laolang setumo le matlotlo a tsona.
Thabang "Banda" Lebese, ke e mong wa dibapadi tse hlokometseng hore bophelo ka mora ho ba sebapadi sa bolo, ha bo bonolo hohang.
Lebese, ya bapaletseng dihlopha tse kgolo naheng ena, Kaizer Chiefs le Orlando Pirates, o a dumela hore o ne a phakise a ba morui, empa a ba bohlaswa letlotlong leo la hae.
"Ke ne ke be le metswalle e sa lokang," ho dumela yena. "Bona bao ke neng ke ba bitsa 'metswalle' ba ne ba sa ntsotelle, ba ne ba shebile mejo feela ho nna.
"Ha nka ba ka fumana keletso e molemo ho bona. Seo ba neng ba se etse ke ho ntihela."
Thabang o bolela hore o ne a phela ba marena. Empa hore a fihlele maemo ao, o ne o tlameha ho senya tjhelete, a adima "metswalle" tjhelete, e le yena ya lefellang tsohle.
"Ke lahlehetswe," ke yena eo.
O ne a hlokomele hore ho hobe ha a ne a lahlehelwa ke BMW 325Ci le Golf 5, mme a tlameha le ho rekisa le ntlo ya hae.
"Bakeng sa ho reka dikoloi tse pedi, ke ne ke tlameha ho lefelle ntlo," ke yena eo.
"Ke ne ke tlameha ho etsa matsete ho yona - empa he nako e ile!"
Diphoso
Lebese o qadile papadi ya hae ho Kaizer Chiefs e le motshepuwa e moholo - a e siya, e leng seo a ikwahlayang ka sona kajeno.
"Batjha ba etsa diphoso. Ke ne ke ithetse, ka nahana hore dintho di tla ntokela," ke yena eo.
"Monga Chiefs, Kaizer Motaung, o ne a nkope hore ke dule, empa nna ka ngangella."
O ne a nahana hore dintho di tla mo tsamaela hantle ho Bucs...
"Ithuteng diphosong tsa ka," ke yena eo. "Matsatsi a papadi a makgutshwane haholo. O a tuma, o be le tjhelete mme o se ka mamela. O ke se hlokomele hore e ka nna ya iphella ka ho panya ha leihlo!"
Lebese o ile a thatafallwa haholo ke bophelo ka mora ho siya Pirates le Chiefs. O ne a hlahelle hanyane ho Platinum Stars le Moroka Swallows, empa mathata a mo phatsamisa.
"Ha nka ba ka kgona ho tsepamisa kelello ya ka hantle ka lebaka la mathata a ditjhelete."
E ne e re leha batho ba mo eletsa, Lebese a se ke a mamela, ke yena eo.
Di kae dibapadi tse tla iphumana di tshwasehile sefing se kang sena"
Temalo
Re buile le naledi ena e ntjha Innocent Mdledle, wa Mpumalanga. Sebapadi sena sa morao sa Pirates le Bafana, se tswa sehlopheng sa People's Bank Spurs mane Witbank, mme o bolela hore ha a ya lebala moo a tswang.
"Ke ne ke tshohile ke bile ke maketse ho ngodiswa ke sehlopha se seholo jwalo ka Pirates," ke yena eo. "Le hona jwale, ha ke apara jeresi ya Pirates kapa ya Bafana, ha nke ke kgolwe hore ke nna eo."
Empa ha a dumele ho buswa ke setumo le tjhelete. "Ha ke so fetohe kapa hona ho rera ho tjhentjha letho bophelong ba ka," ke yena eo.
O a bo tseba bo hlokolosi ba papadi le ngongoreho ya ho lemala. "Di ka o qetela mosebetsi wa hao hang hang," ke yena eo.
Lebo "Cheese boy" Mokoena yena ho bapalla Pirates ha ekaba tlotla feela, empa ho mo kentse bophelong ba marena.
"Ke ile ka fumana tshehetso mmoho le koloi e ntjha," ho bolela sebapadi sena sa mpeng.
"Empa ho bapalla Pirates ho nkentse ke be hlokolosi ho tsa ditjhelete."
Sehlopha se bile le "tataiso ya tsa bophelo" ho tloha re saenne sehlopheng.
"Hape re mema le dibapadi tsa mehleng tsa Bucs ho tla eletsa dibapadi ka boitshwaro ha ba se lebaleng," ho bolela ya buellang sehlopha.
"Re bitsa le ditsebi tsa ditjhelete hore di tlo bua le dibapadi mabadi le ho etsa matsete. Re a hlahloba ho bona hore ba feela ba entse matsete ka nepo."
O re ke boikarabelo ba motsamaise wa sehlopha ho hlokomela dibapadi.
"Dibapadi di masene hampe, empa re a leka ho bona hore di leba kae ka mora papadi. Re boloka nalane ya malapa a tsona, hore di jang, di dula kae, le hore lebaka e ka ba eng ha ba ka thisa boikwetlisong."
Thabang Lebese o re: "Haeba o sa itshware hantle, o sa hlomphe balatedi, batshwari, o tla ba le mathata ha o se o tlohetse bolo!" [s]
BONA SESOTHO - November 2007
Ke lai-lai-fi mollo wa dimpampiri
Dibapadi tse ngata di ya di ntse di hlokomela hore ha se hakalo papadi ya hao e o atlehisang - empa ke mokgwa le tsela o hlophisang ditjhelete le bokamoso ba hao ka yona.
Se ka lebala balatedi
Eo ke keletso ya Thabang "Banda" Lebese dibapading tse sa leng nyane.
"Tsepamisa kelello ho balatedi," ke yena eo.
Balatedi ba o lefa moputso mme "ho ba aka le ho ba tshwara ka letsoho" ho tla tiisa setswalle ba se o lebale leha o se o tlohetse bolo.
"Dibapadi di tlameha ho ipha nako ya balatedi ka mora papadi, di se tatele ho leba lapeng le ho ya tsomana le mating.
"Hopola, balatedi ba lefa tjhelete ya bona ho tla o shebella. Le metsotso e leshome feela ho bona e tla ba ntho e kgolo.
"Hape o tla iphumana o le lehlohonolo ha balatedi ba ntse ba o dumedisa leha o se o sa bapale," ke Lebese hape ya nkang balatedi jwalo ka ba leloko dipapading.
Thabang Lebese.
Innocent Mdledle
Lebo Mokoena
BONA SESOTHO - November 2007
