sotho.1642.tyres
NTHO eo o ke keng wa kgona ho e etsa, ke ho kganna koloi e nang le mabidi a phumuhileng kapa a lemetseng. O tla fumana kotlo e tshabehang ha o ka tshwarwa hape seo e ba ho qaleha ha mathata. Ho etsahala eng haeba o fumana kotsi" Taba ya pele inshorense ya hao e ke se o lefe kapa hona ho lefa koloi eo o e lemaditseng mme he o tla tlameha ho itefella wena ka pokotho ya hao. E nngwe taba ke hore o ebe o matha ntshing tsa lebitla ha o kganna ka mabidi a phumuhileng mme le lekgotla la dinyewe ha le na mohau bakganning ba behang maphelo a ba bang kotsing ka mokwa oo.
BONA e buisane le mabenkele a mmalwa a rekisang mabidi, e botsa hore motho a ka a fumana jwang mabidi haeba a haellwa ke tjhelete. Mona re sebedisa mohlala wa mabidi a tlwaelehileng a kengwang dikoloing tsa setjhaba ha di tswa fektring e leng a boholo ba 175/65R14.
Ho bohlokwa ho sebedisa mabidi a boletsweng ke bahlahise ba koloi hobane a bolela lebelo le boima boo mabidi ao bo ka bo jarang.
Mabidi a masekene
Tsela a sa bitseng ya ho boloka koloi ya hao e le maemong ha o se na tjhelete, ke ho reka mabidi a masekene a ntseng a na le metsero e amohelehileng.
O ka a fumana ka R50 ho ya ho R180 lebidi ka leng mme sena se bonahala e le sesolo se seholo, empa potso o tlamehang ho ipotsa yona ke hore ke hobaneng monga ona a a ntshitse koloing ya hae. Ho ka nna ha etsahala hore e be mohlomong a ne a se a sebedisitswe ka thata kapa o fumane hore le leng le ne le lemetse.
Bo bong bothata o ka fumana hore o reka mabidi a naheng e nngwe a neng a etseditswe ho sebetsa maemong a batang a kang lehlweng mme jwale a ke keng a emelana le motjheso wa naha e kang Afrika Borwa.
"Bothata bo boholo bo hlaha ha mabidi a tswang dinaheng tsa kantle a kena kwano mme a fihle a tsoseletswe metsero, e leng ntho e molaong, leha ho le jwalo, ho na le ba a rekisang a sa ka a tsoseletswa metsero hobane ba bona a ntse a na le metsero e amohelehileng," ho rialo Jurgen Potgieter wa ha South African Bureau Of Standards (SABS).
"Ha ho molaong ho reka mabidi a masekene ntle le heaba o tla a tsoseletsa metsero, empa barekisi ba bangata ba a rekisa a ntse a le jwalo hobane feela ba bona a ntse a na le metsero e amohelehileng."
Ho tsoseletsa metsero
Re ile ra ikopanya le e mong wa ba rekisang mabidi a masekene ho tswa dinaheng tse ding ya mona Thekong. O dumetse hore o a tseba hore o tlola molao jwalo ka ha a a rekisa ntle le ho a tsoseletsa metsero, a bolela hore hape ha a tsebe le haeba mabidi ao a a rekisang ka tjhelete e pakeng tsa R80 le R150, a ne a dumellana le maemo a naheng ena kapa tjhe.
"A bonahala a na le metsero ho feta ana a kwano," ke yena eo.
Mabidi a mofuta ona a tlwaelehile haholo dikoloing tsa setjhaba, diloring mmoho le difofaneng, empa jwale ha a sa sebediswa haholo ke dikoloi hobane ho se ho na le mabidi a matjha a bitsang hantle ho tswa dinaheng tse ding.
Re fumana hore lebidi le tsoseleditsweng metsero (retread) la boholo ba 175/65R14 ha le ne le bitsa R160 ho ya ho R195, e leng lenane le ka hodimo ho halofo ya lenane la lebidi le letjha le bitsang hanyane mme e le kotara ya lenane la le bitsang haholo.
Haeba o reka mabidi a mofuta ona, a reke mabenkeleng a tshepahetseng. Mabidi a tlameha ho tsoseletswa metsero ha nngwe feela, ka mora moo a lahlwe, empa ho na le ba sa tsotelleng.
Tseba hore lebidi le etseditswe ho sebetsa dilemo tse hlano ho ya ho tse supileng feela, ka hoo o tlameha ho botsa eo o rekang lebidi leo ho yena hore le ne le ahwe neng - ho lona ho na le nomoro e bolelang mohla oo le neng le etswe ka ona.
Mabidi a tsoseleditsweng, ha a matla jwalo ka a matjha, ho rialo Jurgen Potgieter.
Wheel alignment
"A mang mathata ka mabidi, ke bolela le ka a matjha, ke tlhokomelo le mathata a bakwang ke dikoti mmileng," ho rialo, Potgieter.
Ho hlakile hore motho ya ke keng a kgona ho reka mabidi a matjha, a ke ke a ba le tjhelete ya ho a hlokomela, ho etsa dintho tsa kang wheel alignment ho ena le motho ya ka itetang sebete a nke R2 000 a reke sete ya mabidi a matjha a boholo ba 175/65R14.
Mabidi a sa etsweng wheel alignment, kapa a nang le tekanyetso e seng yona ya moya, a phakisa ho phumuha.
Kgetha ka hloko
Paul Britz ke molaodi wa Tyre Dealer And Fitment Centre Association (TDAFA), eo e leng setho sa Retail Motor Industry Organisation Of South Africa (RMI). Re kopile keletso ya hae mabapi le tsela e molemo ya ho reka mabidi.
"Reka mabenkeleng a tshepahetseng," ke yena eo. "Haeba e le ditho tsa RMI, o tla ba le tshireletso haeba ho le teng se phoso, haeba o sa ba tshepe, kopa hore ba o bontshe lengolo le netefatsang hore ke ditho.
"Haeba o reka lesekene, le shebisise mme o ipotse hore hobaneng monga lona a ne a le ntshe koloing ya hae. Kopa ho bontshwa letsatsi leo lebidi leo le neng le ahwe ka lona, o se ke wa senya tjhelete ya hao lebiding le nang le dilemo tse fetang tse hlano. Etsa jwalo le haeba o reka le tsoseleditsweng. Haeba o nahana hore le tswa kantle ho naha, kopa ho bontshwa letshwao le bontshang hore le bolokehile."
E bohlokwa ka eng metsero
Batho ba bangata ha ba tsebe hore mosebetsi o moholo wa metsero ke ho tlosa metsi mmileng ha pula ena. Ha koloi e lekaneng ya setjhaba e mathata ka lebelo la 100km/h e tlosa metsi a etsang dilitara tse hlano ka motsotswana, e leng se bolelang hore mabidi ao bone ba ona a tlosa dilitara tse
1 200 ka motsotso.
Lebidi le phumuhileng lona le ke ke la kgona ho a tlosa metsi, le tla sesa feela hodima metsi, e leng se tla etsa hore koloi e se laolehe.
Ntle le metsero, lebidi hape le na le moralo wa lona, le ona o ntse o lemala ha lebidi le sa sebediswe ka nepo, kapa le sebediswa naheng eo le neng le sa e etsetswa. Re a pheta hape, ha o reka mabidi, reka lebenkeleng le tshepahetseng, ho seng jwalo, wena le balelapa la hao, le tla llela metsotso. [s]
BONA SESOTHO - October 2007
pale le ditshwantsho ka GAVIN FOSTER
Mabidi
a pholosa bophelo
O mathateng, mabidi a koloi ya hao a phumuhile a fedile, mme jwale le tjhelete e a haella, ke eng seo o ka se etsang"
LE LETSHEHADI: Setsebi sa mabidi, Bhoyi Mashinini, o tlwaetse ho bona dikoloi tse mabidi a phumuhileng jwalo ka lena.
LE LETONA: Mengolo ena e lehlakoreng e bohlokwa mme o ka sheba ho yona ho netefatsa hore o kgetha lebidi le nepahetseng bakeng sa koloi ya hao.
KA TLASE.: Morekise ya sa tshepahalang a ka tsoseletsa mabidi ana a kotsi a boele a a rekise.
BONA SESOTHO - October 2007
u
t
Reka mabenkeleng a tshepahetseng
