sotho.1636.parenting
botswadi
Mekgwa ya pelehi
HO belehwa ha lesea ke nako ya bohlokwa. Ena ke nako eo ka yona o bananang mahlomahlong le motho enwa eo o nang le dikgwedi tse robong kaofela o mo jere. Ho na le ditsela tse fapafapaneng tseo o ka belehang ka tsona. Naheng ena basadi ba na le boikgethelo. Boikgethelo bo ya ka maemo a bophelo ba hao le ba lesea, mokgwa oo le dutseng ka ona popelong, ditjeho...
Ho belehela sepetlele ka mokgwa o tlwaelehileng
Ena ke tsela eo masea a mangata a belehwang ka yona Afrika Borwa. Sepetlele, mooki o a o hlahloba pele a o fetisetsa phaposing ya ho belehela moo o tla belehela betheng.
Ho na le dingaka tsa basadi le tse belehisang tse dutseng di larile ha ho hlaha mathata a pelehi ya opereishene ya maemo a tshohanyetso.
Ho belehela lapeng
Ena ke tsela e neng e sebediswa haholo mehleng ya pele, e etswa ke bomme malapeng.
Basadi ba bangata ba se ba rata ho sebedisa mokgwa ona wa ho beleha ka tumelo ya hore ha ba belehela lapeng, ba ke ke ba kopana le mathata.
O tla tlameha ho hira mooki ya nang le boiphihlelo ba ho belehisa ho tla o thusa ho belehela lapeng mme hape a be le bokgoni ba ho hlahloba lesea hore le phetse hantle kapa tjhe.
Hape a kgone ho ba le ponelopele haeba ho tla ba le mathata a tsebe ho fetisetsa moimana eo sepetlele.
Ho belehela metsing
Ena ke tsela ya tlhaho e etsetswang metsing. Moimana o dula ka hara letamo la ho belehela (o ka nna wa le hira) mme lesea le belehelwe ka metsing. Mokgwa ona o etsetswa ho fokotsa mahloko mmoho le ho lemala ha moimana.
Mokgwa ona o etsetswa haholo malapeng mme o tlameha ho fumana mooki ya nang le boiphihlelo.
Ho beleha ka opereishene
Mona moimana o a sehwa mpeng ho ntshwe lesea. Hangata mokgwa ona o sebediswa ha ho bonahala ho tla ba le mathata ha a beleha ka mokgwa o tlwaelehileng.
Mokgwa ona o sebediswa hape haeba lesea le tla belehwa pele ho nako, le fokola, le le leholo ho feta hore le ka belehwa ka mokgwa wa tlhaho kapa le robetse ka mokgwa o tshophodi.
O ka nna wa ikgethela mokgwa ona haeba mokotla wa leano la hao la kalafo le o dumella ho etsa jwalo. Dipetleleng tsa setjhaba, mokgwa ona o sebediswa ha ho na le mathata, kapa tlasa maemo a tshohanyetso.
Ho beleha ka mokgwa oo motho a o ratang
Ke mokgwa o tlwaelehileng, wa tlhaho moo moimana a dumellwang ho iketsetsa boithatelo ka nako eo ya pelehi.
O na le bolokolohi ba ho beleha a robetse ka tsela eo a e ratang. Mokgwa ona wa ho ikgethela ha moimana ke oo ka ona a thuswang ke matla a tlhaho ho suthumetsa lesea athe ha a robetse betheng teng o ba kgahlano le matla ana a tlhaho.
Dipetlele tse ding tsa poraefete di na le tsona dibaka tsa mokgwa ona wa ho beleha. O ka iketsetsa dipatlisiso ho utlwa hore na sepetlele se haufi le wena se na le sona kapa tjhe.
BONA SESOTHO - June 2007
Ya bomme le bontate...
OMEGA-3, -6 le -9 ke di-fatty acid tse fuma-nehang mefuteng e fapafapaneng ya dijo mme di bohlokwa haholo ho boloka mmele ya rona e phetse hantle. Mmele wa motho ha o kgone ho ikahela tsona, ka hoo, re tlameha ho tshepela dijong tseo re di jang bakeng sa ho di fumana.
Omega-3, -6, le -9 di thusa haholo ho thibela lefu la pelo, ho ntlafatsa letlalo, hape di lwantsha kgatello, di boloke boko le methapo ya mmele e sebetsa ka nepo.
Batho ba bangata ba fumana Omega-6 le -9, mme ha ba fumane Omega-3 e lekaneng jwalo ka ha e fumaneha haholo dijong tse kang tlhapi e mafura le linseed.
Ho ja tlhapi ha nngwe kapa habedi ka beke boimaneng ba hao, ho ka thusa lesea ho hola le na le boko bo phetseng hantle.
Dipatlisiso tse entsweng mane Australia di bontshitse hore bana ba tswetsweng ke basadi ba neng ba eja oli ya tlhapi kelello ya bona e ba tjhatsi haholo, haholoholo puong ho tloha ba le dilemo di pedi feela.
Di tswake dijong tsa hao
Ha o pheha, se sebedise oli ya meroho, bakeng sa yona, sebedisa olive oil kapa oli ya soya. E a fumaneha mabenkeleng a mangata. Empa sa bohlokwa ke hore bonyane o fepele ba lelapa la hao tlhapi bonyane habedi ka beke.
Salmon, trout, sardines, pilchards, le tuna e foreshe ke yona mehlodi e meholo ya di-fatty acid.
Ho ntse ho na le dijotlatsetso tsa oli ena ya tlhapi bakeng sa bana le le batho ba baholo.
Ho sebetsa ha kelello
Ditsebi di bolela ha bana ba jang dijo tse nang le mafura a tlhapi ba ba le kelello e tjhatsi. Ba kgona ho tsepamisa kelello tsa bona hantle dithutong tsa bona sekolong.
Leha di-fatty acid di etsa kelello e be tjhatsi, empa ha di thuse motho ya sethoto sekolong. Haeba ho bonahala ngwanahao a ba le mathata a ho ithuta sekolong a kang 'dislexia', le a mang, a sa kgone ho tsepamisa kelello ya hae hantle dithutong tsa hae sekolong, ikopanye le ngaka, yona e tlang ho o bolella ka setsebi se tla o thusa mathateng a hao.
Omega-3, -6, -9 le boko
BONA SESOTHO - June 2007
e bokeleditswe ke NONHLANHLA KHUMALO
u
t
t
MARIHA a thefula letlalo, bohle ba omella letlalo le dipounama di kgakgaphehe. Masea ona a na le letlalo le bobejana, le utlwelang, se lebale hore le boimana bo ka eketsa mathata a letlalo jwalo ka ho ba le letlalo le hlohlonang.
Letlalo le omeletseng
Tsela e tlwaelehileng eo wena le ba lelapa la hao le ka rarollang mathata a letlalo ka yona mariha ke ya ho nwa metsi a mangata.
Sena se tla boloka motho ohle a hlwekile ka hare. Hape o ka nna wa itshasa ka setlolo ho thibela letlalo la hao ho lahlehelwa ke mongobo.
Hobane letlalo la masea le boi haholo, sebedisa ditlolo tsa masea hobane tse ding di sele di ka nna tsa ama letlalo la ona ha bohloko.
Hlapa ka dioli tsa ho hlapa, empa o se dule ka metsing a tjhesang nako e telele hobane letlalo le tla omella ha bohloko.
Hlapa lesea ka aqueous cream bakeng sa sesepa kapa o sebedise oli e nolofatsang ya ho hlapa masea.
Letlalo le hlohlonang
Baimaneng ho matla haholo thekeng. Ho na le mefuta e mengata ya ditlolo le mekedikedi ya ho itlotsa ya baimana eo o ka e sebedisang. O tlameha ho boloka letlalo la hao le le mongobo ho thibela hore le se hlohlone.
Bonana le ngaka haeba ho hlohlona ho tota. Ho hlohlona ha letlalo boimaneng ho ka nna ha tsamaisana le bohloko ba sebete.
Bana ba ba le letlalo le hlohlonang ha ba kgophohile, ba ena le ditlapedi kapa ba sotswe. Bonana le ngaka ho fumana sesosa sa mathata ao. Ngaka e tla o neha moriana kapa setlolo seo o ka se sebedisang.
Menyama
Ho fokola mmeleng kapa hona ho nona nakong ya boimana ho ka o bakela menyama. Ha ho letho le le kaalo leo o ka le etsang ho qeta menyama. Ke ena tsela ya ho e qoba. Itlotse ka tissue oil dikarolong tseo tse ratwang ke menyama hang feela ha o qala ho hlokomela hore o imme.
Hlwekisa letlalo la hao ka ho nwa metsi a mangata.
Tlhokomelo ya letlalo ya lelapa lohle
BONA SESOTHO - June 2007
botswadi
u
botswadi
t
Dipatlisiso tse sa tswa etswa mabapi le bana ba shebellang TV nako e telele, di entse hore motho ohle a nahane hore lenaneo le fe kapa le fe la TV ha le a loka.
Ho shebella TV nako e telele ho qobella ngwana ho dula fatshe nako e telele e leng se etsang hore a be botswa hape a none haholo.
Ho shebella TV letsheare lohle ho ama kelello ya ngwana.
Empa TV ha e mpe hakaalo. Ho ya ka mananeo ao ngwana a a shebellang.
Mananeo a thuto a kang Takalani Sesame ho SABC 2, a molemo haholo baneng.
Ho ona, bana ba ka ithuta dipalo, mantswe le dintho tse ding tsa lelapa tse kang tsa bophelo jwalo ka EITSI le HIV.
Ka hoo, netefatsa hore matsatsing ana a phomolo ngwana o fumana metsotsonyana ya ho ithabisa ka lenaneo la Takalani Sesame.[s]
Tlhokomelo ya letlalo ya lelapa lohle
MARIHA a thefula letlalo, bohle ba omella letlalo le dipounama di kgakgaphehe. Masea ona a na le letlalo le bobejana, le utlwelang, se lebale hore le boimana bo ka eketsa mathata a letlalo jwalo ka ho ba le letlalo le hlohlonang.
Letlalo le omeletseng
Tsela e tlwaelehileng eo wena le ba lelapa la hao le ka rarollang mathata a letlalo ka yona mariha ke ya ho nwa metsi a mangata.
Sena se tla boloka motho ohle a hlwekile ka hare. Hape o ka nna wa itshasa ka setlolo ho thibela letlalo la hao ho lahlehelwa ke mongobo.
Hobane letlalo la masea le boi haholo, sebedisa ditlolo tsa masea hobane tse ding disele di ka nna tsa ama letlalong la ona ha bohloko.
Hlapa ka dioli tsa ho hlapa, empa o se dule ka metsing a tjhesang nako e telele hobane letlalo le tla omella ha bohloko.
Hlapa lesea ka aqueous cream bakeng sa sesepa kapa o sebedise oli e nolofatsang ya ho hlapa masea.
Letlalo le hlohlonang
Baimaneng ho matla haholo thekeng. Ho na le mefuta e mengata ya ditlolo le mekedikedi ya ho itlotsa ya baimana eo o ka e sebedisang. O tlameha ho boloka letlalo la hao le le mongobo ho thibela hore le se hlohlone.
Bonana le ngaka haeba ho hlohlona ho tota. Ho hlohlona ha letlalo boimaneng ho ka nna ha tsamaisana le bohloko ba sebete.
Bana ba ba le letlalo le hlohlonang ha ba kgophohile, ba ena le ditlapedi kapa ba sotswe. Bonana le ngaka ho fumana sesosa sa mathata ao. Ngaka e tla o neha moriana kapa setlolo seo o ka se sebedisang.
Menyama
Ho fokola mmeleng kapa hona ho nona nakong ya boimana ho ka o bakela menyama. Ha ho letho le le kaalo leo o ka le etsang ho qeta menyama. Ke ena tsela ya ho e qoba. Itlotse ka tissue oil dibakeng tseo tse ratwang ke menyama hang feela ha o qala ho hlokomela hore o imme.
Hlwekisa letlalo la hao ka ho nwa metsi a mangata.
TV ha e mpe hakaalo
