sotho.1627.career
Mesebetsi
Eba setsebi sa motlakase
DITSEBI TSA motlakase tsa profeshenale di etsa leha e le eng feela ho tloha ho lokiseng mabone ho ya ho kenyeng a maholo diindastering le metjhining ya teng.
Re fumane Mphikelwa Vezi a lokisa dithapo tsa motlakase lebenkeleng le leng le leholo la Thekong.
Hobaneng o kgethile ona"
Ke hotse ke rata ho lokisa dintho. Ka boela ka sebetsa dijareteng moo ka nako e nngwe ke neng ke lokisa metjhini. Ke ne ke kena sekolo, le mohiri wa ka a nkgothalletsa ho ntshetsapele dithuto tsa ka.
Ke boetse hape ke rata tsa bonono, ka tshwanela ho kgetha pakeng tsa tsona le motlakase! Ka kgetha dithuto tsa motlakase, ka tshehetso ya bahiri ba ka, ka kgona ho phetha dithuto tsa ka tsa dilemo tse pedi technical college mane Ladysmith.
Mosebetsi o kenyeletsa le eng"
Ke sebeletsa konteraka ya motlakase e lokisang motlakase wa mabenkeleng a maholo. Ke kenya mabone, ke lokise a senyehileng mme ke thuse ka sohle se amang motlakase.
O o ratelang"
Ke kgona ho itokisetsa dintho tsohle tsa motlakase lapeng ka bonna!
Diphephetso tsona ke di fe"
Mosebetsi o mongata hoo ho seng nako e ngata ya phomolo.
Hona le se keng se o tshose"
E, ka nako e nngwe ha ke ne ke lokisa sekupu sa motlakase ka mora hore ke tlhohlore lerole dithapong kaofela, tse ding tsa qhoma malakabe, lebenkele kaofela la tima mabone. Mahlo a ka a fiifala metsotso e mehlano!
O batla ho fihlela maemo a fe"
Ha jwale ke etsa dithuto tsa wireman's licence, tse tla ntumella ho ntshetsapele dithuto tsa ka kapa ke sebetse mose. Ke motlotlo ka katleho ya ka. Leha bonono ke bo rata haholo empa ke kgethile mosebetsi o nang le menyetla e metle mmoho le moputso.
MAEMO A THUTO
Ntle ho lerato la ho lokisa, o tsebe ho sebetsa ka matsoho mme o natefelwe ke ho sebetsa dihora tse ngata tlasa kgatello, o amohele diphephetso hape o tsebe ho rarolla mathata.
MENYETLA YA MOSEBETSI
Ho dutse ho ena le menyetla ya mesebetsi dikonterakeng, diindastering, mmusong le dikhampaneng tsa poraevete. Bongata ba ditsebi tse seng di ena le dilaesense, di ipulela dikgwebo.
MOPUTSO
Ho ya ka maemong a thuto le indasteri eo o e sebeletsang. Mohlala, setsebi se sa tswa qeta dithuto se qala ka moputso wa R5 000 - R6 000 ka kgwedi mme se ka fihlella ho R15 000 kapa ho feta moo ha e se e le mookamedi, kapa ha a ena le kgwebo ya hae. [s]
BONA SESOTHO - August 2007
Ditsebi tsa motlakase tse rupelletsweng di hlokahala hohle naheng ena esitana le dinaheng tsa mose
Mphikelwa Vezi o hlahloba sekupu sa motlakase. Ho rarolla mathata ke bokgoni ba motheo ba setsebi sa motlakase.
pale le ditshwantsho ka GRACE KHUZWAYO
O KA ITHUTELA KAE
Ditlhoko di ya ka dibaka tse fapaneng tseo setsebi sena sa motlakase se tla sebetsa ho tsona, empa bakeng sa ho ba setsebi sa profeshenale mosebetsing ona o tla hloka ho pasa dithuto tsa N2/N3 le diteko tsa mosebetsi pele o ka boela wa lekwa hape ho netefatsa hore o se o loketse ho kena temeng. Boiphihlelo le bona ke ba bohlokwa.
Dibaka tse ngata tsa thupello di na le leano la ho rupella ka boiphihlelo ho baithuti ba sa tswa qeta dikholetjheng.
Bakeng sa dikeletso, ikopanye le Electrical Contractors Association SA nomorong ena 011-392-0000. Ba na le makala hohle naheng ena mme ba tla o tsebisa ka lekala le haufi le sebaka sa heno.
BONA - August 2007
