sotho.1626.prisoners
Ke ya Hao ka Molao
O e tlisetswa ke BONA le Scorpion Legal Protection
Mathata ka mohiri
Ke ne ke hirisitse kamore ntlong ya ka. Selemo sa pele mohiri o ne a lefa rente hantle.
Jwale e se e le dikgwedi tse tharo a sa lefe.
Ke a tseba hore molao o batla ke latele mehato e tshwanetseng pele nka mo ntsha ntlong eo. O ka nthusa tabeng ena"
AS, Soweto
lHa le hirisetsane ntlo kapa kamore, le ebe le kene tumellanong ya ho hirisetsana le ho lefana. Ya hirisitseng ntlo, ke "mohirisi" mme ya e hirileng yena ke "mohiri."
Tumellano ya lona e ka ba e ngotsweng fatshe kapa ya molomo.
Ka bobedi di molaong mme hape di tlameha ho hlonetjhwa ha feela ka bobedi le le batho ba dumeletsweng ho etsa tumellano. Re rialo hobane motho ya dilemo di ka tlase ho tse 21, ha a ya dumellwa ho kena tumellanong ntle le thuso ya motswadi kapa leha e le mang feela ya tlasa kaloso ya hae.
Ha motho a rata ho qosa e mong ka lebaka la tumellano e kang ena, moqosi o tlameha ho bontsha hore tumellano eo e na le dintlha tse kang tse latelang:
mBoitlami ba mohirisi ho neha mohiri ntlo. O mo neha ntlo ka ho mo neha dinotlolo.
mTumellano ena e tlameha ho neha mohiri bolokolohi ba ho sebedisa ntlo eo ka bolokolohi ka nako ya tumello mme hape e tlameha ho hlakisa hore ntlo eo e ntse e le ya mohirisi, ya hirileng yena o na le tokelo ya tshebediso ya yona ha nakwana eo feela.
mBoitlami ba mohiri bona ke ba ho lefa rente.
Di ngata ditsela tsa ho rarolla bothata bona le mohiri wa hao. Haeba o batla ho fumana tjhelete eo a e kolotang, o ka mo romella lengolo le mo hatellang hore a lefe mme ha a sa le natse, o ka mo romella samane.
Haeba mohiri a bolela hore rente o ne a e lefe, o tlameha ho hlahisa bopaki.
Haeba o rata ho kgaola tumellano ya lona, o tlameha ho bontsha hore o ne a sa lefe rente, le hore o na le tokelo ya ho kgaola tumellano eo.
Ho tlwaelehile hore tumellanong ya molomo teng ntlha e bolelang ho "kgaola tumellano" e be siyo.
Re bolela ntlha e bolelang hore rente e tlameha ho lefuwa ka letsatsi le itseng ho seng jwalo o tla ngola lengolo le kgaolang tumellano eo ya kgirisetsano.
O tlameha ho hlahisa bopaki ba hore mohiri o le fumane lengolo leo ka hore a saene hore lengolo le fihlile ho yena, kapa o sa etse jwalo, o le romele ka retjistare.
Tsela ena e boletsweng ka hodimo e bonahala e le boima, empa ha hlile ha ho jwalo mme o tlameha ho iketsetsa sena se boletsweng ka hodimo.
Ha ho tluwa tabeng ya disamane teng, o tlameha ho ikopanya le leqwetha.[s]
Re entse matsapa ohle a ho netefatsa hore dikeletso tsa rona ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa ka tshwanelo mme ba ha Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa yona esitana le ba ha BONA mmoho le baphatlalatsi ba makasine ena, ba keke ba rwaka boikarabello ba ditshenyehelo tseo motho ya latetseng dikeletso ya bona ka mokgwa ofe kapa ofe a keneng ho tsona.
BONA SESOTHO -March 2006
Romela mathata a hao ho: BONA Legally Yours, Box 32083, Mobeni 4060. Scorpion e fa bohle ba re ngoletseng ka mathata a bona lengolo le ba dumellang ho buisana le mmuelli mahlomahlong metsotso e 30, a le kantorong e nngwe ya bona naheng ena kapa o bue le yena mohaleng.
Ka ho ya ka molaotheo wa naha, batshwaruwa bohle ho sa natsehe boima ba kahlolo ya bona, ba na le ditokelo jwalo ka batho bohle...
RE FUMANE mangolo a mangata ho tswa ho batshwaruwa le bamalapa a bona ba botsa ka ditokelo tseo batshwaruwa ba Afrika Borwa ba nang le tsona.
Ho amoha batshwaruwa tokelo ya bolokolohi ba ho tsamaya, ke kotlo eo Lefapha la Ditjhankana le e nehang motshwaruwa, empa maikemisetso a maholo a lona ke ho leka ho sokolla batshwaruwa hore ba kgutlele setjhabeng ba fetohile. Batshwaruwa ba ntse ba na le tsona ditokelo...
Tokelo ya ho etelwa
Batshwaruwa ba dumeletswe ho etelwa hararo feela ka kgwedi.
Ba bang ha ba a dumellwa hore ba kopane le baeti ba bona, ba ba bona feela ka fenstere mme sena se ya ka kotlo le melao ya tshireletso ya tjhankana eo.
Bana ba motshwaruwa
Ba bang ba batshwaruwa ba qetella ba bile le kgatello e kgolo hobane ba ba saletseng le bana ba hana ho felehetsa bana ba bona ho tla ba etela moo tjhankaneng.
Bana ba dumeletswe ho tla bona batswadi ba bona ba tjhankaneng leha ba ke ke ba dumellwa ho kena dikarolong tse itseng.
Leha ho le jwalo, ha o yo molao o behilweng o hatellang hore ya setseng le bana a se ke a ba isa ho ya bona motswadi wa bona ya tjhankaneng.
Haeba motshwaruwa a hlile a hatella hore bana ba hae ba lokela ho mo etela, o tlameha ho latela melao e kang ya lekgotla la malapa.
Motshwaruwa eo a ka kopa thuso ho mosebeletsi wa tsa kahisano, motho ya ikemetseng, leqwetha la mmuso kapa le ikemetseng haeba a na le tjhelete. Motshwaruwa a ka nna a kopa ho letsetsa bana ba hae mohala.
Ho letsa mohala
Tokelo ya ho letsa mohala e ya ka karolo ya tjhankana ya moo o kwaletsweng teng. Hangata, batshwaruwa ba dumellwa ho letsa mohala ho ena le ho etelwa ha e le mafelo a beke esitana le ka matsatsi a phomolo. Mona ho ya ka hore na mehala e teng mme o tlameha ho letsa dihoreng tsa mosebetsi. Ha a ya tlameha ho bua ho feta metsotso e leshome.
Ditokelo tsa ho kgetha
Lekgotla la molaotheo le ne le nehe batshwaruwa tokelo ya ho kgetha.
Kgefutso ya nakwana
Motshwaruwa ya seng a ahlotswe a ka nehwa kgefutso ya nakwana ke mokhomishenara ka mokgwa wa ho ngola lengolo.
Seo se ka etswa tlasa mabaka a utlwahalang a kang a kutlwelobohloko; molemong wa ntshetsopele ya setjhaba kapa ka maikemisetso a ho kopanya motshwaruwa le setjhaba.
Motshwaruwa ya fumaneng kgefutso ya mofuta ona, leha a le kantle ho tjhankana, empa e ntse e le motshwaruwa. A ka nna a nehwa molebedi ya tla mo disa.
Ha a ka hloleha ho kgutlela tjhankaneng ka nako eo ba dumellaneng ka yona, o ebe a se a tlotse molao.
Pei ya mmuso
Batshwaruwa ha ba a dumellwa ho amohela pei. Maikemisetso a tjhankana ke hore motho a phele ntle le tjhelete, a ke ke a fumana tjhelete ya mmuso hobane mmuso ke ona o mo sapotang.
Ho ngola le ho ngollwa
Mona teng ha ho pehelo e teng hore motshwaruwa a ka ngola kapa a fumana mangolo a makae. Pehelo ya mangolo e etswa tlasa mabaka a itseng.
HIV LE EITSI
Ka ho ya ka molao wa tsa ditjhankana, batshwaruwa ba kgothaletswa ho ya itekola molemong wa bophelo ba bona.
Leha ho le jwalo, ha a yo motshwaruwa ya ka qobellwang ho ya itekola maemo a bophelo ba hae ntle le hore a nehwe lengolo le mo tsebisang ka seo.
Ka mantswe a mang o tlameha ho tseba hore hobaneng a etsa seo.
Batshwaruwa ba kgothaletswa ho ya dikopanong tse eletsang batho ka lefu la EITSI le ho etsa diteko tsa madi, empa ha ba hatellwe ho etsa jwalo. A ka qobellwa ha feela ho bonahala hore ho hana ha hae ho ka beha bophelo ba batshwaruwa ba bang ka mosing. Ho sa lebalehe hore sephetho sa diteko tseo ke pinyane e kekeng ya bolellwa mang kapa mang mmoho le bomphato ba hae ntle le ha a tlatsitse foromo a dumelang ka yona hore ho bolellwe ba bang.
Ho ba le kokwanahloko ya lefu la EITSI ha ho etse hore motshwaruwa a lokollwe pele ho nako. Empa ho kudiswa ke kokwanahloko ena ho ka etsa motshwaruwa a lokollwe pele ho nako.
Anti-retrovirals
Kalafo ena e sebediswa ka ho ya ka dipehelo tsa Lefapha la Bophelo bo Botle. Ditjhankana di tlameha ho netefatsa hore kalafo ya di-anti-retrovirals e dula e le teng ditjhankaneng molemong wa batshwaruwa ba nang le lefu la EITSI mme ba ratang ho e sebedisa.
Ho arolwa
Sena se etsahala...
t Ha motshwaruwa a kopile jwalo;
t Ha e le kotlo;
t Ha mosebeletsi wa bophelo bo botle a rialo;
t Haeba motshwaruwa a bonahala a le kotsi ho ba bang;
t Haeba a kile a tlola mme ho belaelwa hore a ka pheta seo hape.
Ho arolwa ekaba ha nakwana mme motshwaruwa a keke a arolwe ka lebaka la maemo a hae a
EITSI. [s]
Dipotso tsa hao di arabilwe
Batshwaruwa
le ditokelo tsa bona
BONA SESOTHO - March 2006
pale ka LEE CURRIE le IRENE CHETTY
