sotho.1625.lettersaug
HAPA
Le hapileng sephuthe-lwana sa R2 500
mangolo a hao
Re Ngolle...
Ho sebetsa hantle yunivesithing
KE ETSA diploma dithutong tsa resource management mme ke rata ho hlaba baithuti ba nahanang ho ntshetsa dithuto tsa bona yunivesithing kapa koletjheng malotsana.
Taba ya pele o tlameha ho tsepamisa kelello ya hao dithutong tsa hao. Sena se ka ba bobebe ha o ka fumana metswalle ya siba le le leng le wena.
Ke bolela batho ba tla o ema nokeng, ba o kgothatse ha o nyahama, ba o thuse ha ho le boima.
Metswalle e nang le tjheseho le ditoro, ke bolela metswalle e tla o tswela molemo.
Ya bohlokwa ho di feta, ke ho pasa dithuto tsa hao. Oo ke monyetla o ikgethang, o se bapale ka ona.
O ka nna wa ba le yona nako ya boithabiso, empa o se lebale hore moo o leng teng, o ebe o iteoletsa bokamoso ba hao.
Ka hoo, thahasella dithuto tseo o di etsang. Boo ke bona bokamoso ba hao.
Hopola hore mona o hodile, boikarabelo ba ho ithuta ke ba hao, e seng sekolo. Itlhophise o sebedise menyetla yohle ya katleho.
Taba ya bobedi, etsa dinoto tsa hao ha ho ntse ho rutwa mme o boele o di sebedise boinotsing ba hao. Netefatsa hore o utlwisisa se rutwang. Seo se tla o bebofaletsa mosebetsi - haholoholo nakong ya diteko. Ya boraro, ho sebedisa nako ka nepo ke ntho ya bohlokwa. Sena se tla o thusa ho tseba ho arola hantle, nako ya boithabiso le ya ho ithuta.
MJ, Masia
PaperMate ke sesebediswa sa bohlokwa sa kgokahanyo nakong ena ya tegniki. PaperMate e thabela bonono athe hape e na le dihlahiswa tsa batho bohle le ditlhoko tsohle.
PaperMate e tswelapele le ho ntlafatsa maphelo a Maafrika Borwa ka leano le bitswang PaperMate Literacy Project leo ho lona ho nehelwanang Lefapha la Thuto ka dipersente tse tharo phaellong ya bona.
JEL ke yona e tsamaisang dihlahiswa tsa ha PaperMate:
011-372-4000.
PaperMate ... at the Heart of Communication
Ho hlahisa maikutlo a hao: ngolla ho: Mangolo ho Mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060, South Africa
fekese: 031-912-2720 e-mail: bona@dbn.caxton co.za
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng
sa phatlalatso empa o re bolelle la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellana le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
La bobedi, sephuthelwana sa R1 500
Hlomphang matitjhere
KE DUTSE ke hopola matitjhere a ka a neng a le pelonolo a bile a le lerato. Ho a swabisa ho utlwa batswadi ba nyatsa matitjhere ha bana ba bona ba entse hampe sekolong.
Batswadi ba a lebala hore le bona ba na le kabelo ho sena. Haeba ngwana a sa etse hantle, ipotse hore ke ha kae o botsa ngwanahao hore o ithuta neng.
Matitjhere a thusa bana ba rona ho aha bokamoso ba bona. Ka hoo, re tlameha ho ba hlonepha. Batswadi ba tlameha ho tlohela ho nna ba nyatsana le matitjhere, ba tlameha ho tseba hore le bona ke boikarabelo ba bona ho thusa matitjhere ka thuto malapeng.
Beauty Jojozi, Mount Frere
Dikolo tsa rona ha di a bolokeha
Dikolo ke ditse tsa thuto e seng mahaha a bonokwana, tjhankana kapa nqalo ya bafu.
Batswadi ba tlameha ho kenella ba tataise bana ba bona. Ba tlameha ho qala botjha ba rute bana ba bona phapang pakeng tsa botle le bobe.
Le bona baithuti ba tlameha ho bua, motho a bolele mathata esitana le kgatello eo a tobanang le yona.
Monica Mashito, Phola
BONA SESOTHO - August 2007
u
t
mangolo a hao
Ke tokoloho" Ha ke bone!
Tlohelang ho hlorisa maqheku
Lefapha la Thuto le ne le tshepise ka thuto ya mahala, empa jwale ke ne ke makale ha ke ne ke bolellwa hore ke lefe sekolong, ke be ke lefelle le dibuka.
Moo ke dulang bana ba na le dipalangwang tse lefellwang tse ba isang le hona ho ba kgutlisa sekolong. Gauteng moo ke neng ke ithuta teng, bana ba ne ba tsamaiswa mahala.
Ho hlakile hore mmuso ha o natse dibaka tsa mahaeng.
N. Makhi, Viedgesville
KE tenwa ke tsela eo maqheku a tshwarwang ka yona setjhabeng. Re tlameha ho ba hlonepha jwalo ka ha re hodisitswe ke bona.
Ba dula e le diphofu kamehla. Ba a betwa, ba hlekefetswe mme e be banka ho ba malapa a bona ba pelo di telele.
O kae motlotlo wa hao" Kutlwelo bohloko yona e kae" Maqheku a rona a tlameha ho nehwa monyetla wa ho thabela penshene ya ona ba e sebedise ka kgotso.
Ha re tloheleng hape ho se ba natse!
Eunice Mapanga, e-mail
HO bohloko ho utlwa tsela eo maqheku a rona a tshwarwang ka yona. Haeba e ne e se ka bona, ekaba ha re yo moo re leng teng kajeno! Leo ke lebaka le utlwahalang la hore re ba hlonephe.
Pelo ya ka e ba bohloko hampe ha ke utlwa tsela eo ba hloriswang ka yona.
Ba hlomphe o ba tshware hantle. Modimo O tla ba motlotlo ka seo mme O re ekeletse ditshiu tsa rona.
Mashoto Moropane, Sunnyside
RE tlameha ho hlokomela maqheku a rona. Re tlameha ho a neha seo a se hlokang - ke bolela dijo le metsi. Ke boikarabelo ba rona ho a hlapa le ho a hlatswetsa. Re tlameha ho neha batho bana tlhompho le lerato le ba tshwanelang. Ha re ba thabiseng tshiung tsa bona tsa ho qetela bophelong.
PK, Thekong
Ke mosebetsi ho batla mosebetsi
Ho ya ka dipalopalo, ke batho ba ka bang dimilione tse supileng ba sa sebetseng Afrika Borwa.
Ho hlakile hore ho se sebetse ha batho ho ka baka bofuma - empa he ho bohlokwa ho hlokomela hore le batho ba sebetsang le bona ba ntse ba phela bofumeng.
Hangata taba eo ha e hlokomelehe: ho batla mosebetsi ke ntho e thata. Ke mosebetsi o sa lefeng.
Nnete ke hore ho di tjeho.
Taba ya pele o tlameha ho reka koranta eo o ka shebang dikgeo ho yona.
Ya bobedi o tlameha ho ngola CV le yona e o ebolang tjhelete. O tlameha ho ba le tjhelete ya fekese bakeng sa ho romela kopo ya hao. O tlameha hape ho etsa dikhophi tsa ditokomane tsa hao tse kang bukana ya boitsebiso le tse ding.
Haeba o bile lehlohonolo, wa bitsetswa ditekong tsa mosebetsi, o tlameha ho ba le tjhelete ya ho palama.
Ho bohle ba ntseng ba batlana le mosebetsi, ke re ho bona ho na le nako ya mathata, empa he e ntse e tla feta.
Kgothalang dintho di tla loka.
XC, Phase 5
BONA SESOTHO - August 2007
MOIFO WA RONA
BONA WEBSITE
www.bona.co.za
NTLO KGOLO (THEKONG)
19-21 Joyner Road, Prospecton
Box 32083, Mobeni, 4060
Tel: 031-910-5745; Fax: 031-912-2720
E-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Mohlophisi Lorna King
Motlatsi wa mohlophisi Patricia McCracken
Sezulu Manqoba Dlamini (mohlophisi);
Zanele Mbatha
Sesotho Lerato Zulu (Mohlophisi);
Moeketsi Letsohla
Sexhosa Dumisani Ntshentshe (mohlophisi)
Ntombikhona Kwebulana
Mohlophisi wa ditaba Marie Gurr
Molaodi wa bonono Jozia Lorek
Bathusi ba hae Jenny Weideman;
Clive Thompson; Kyle Young
Mongodi Ellen Gumede
Motsamaise wa dipapatso
Christine Marot Tel: 031-910-5723
GAUTENG
Caxton House, 368 Jan Smuts Ave,
Craighall, Johannesburg, 2001
Mohala: 011-889-0600
Mohlophisi ya ka sehloohong Force Khashane
Moqolotsi wa ditaba Teddy Gomba
DIPOTSO KA DIPAPATSO
GAUTENG
368 Jan Smuts Avenue, Craighall, 2196
Tel: 011-293-6000 Fax: 011-789-9656
THEKONG
19-21 Joyner Rd, Prospecton, 4110
Tel: 031-910-5700 Fax: 031-902-8829
KAPA
36 Old Mill Rd, Ndabeni, 7405
Tel: 021-530-6270 Fax: 021-531-3795
DIPOTSO KA THEKISO
RNA
12 Nobel Street, Industria, 2093
Box 101, Maraisburg, 1700
Tel: 011-248-3500 Fax: 011-474-3575
DIPOTSO KA BOINGODISO
Box 725, Maraisburg, 1700
Tel: 011-473-8700 Fax: 011-474-5479
DITABA
O ka romella ditaba ho e-mail e latelang: bona@dbn.caxton.co.za, kapa o di romelle ho: BONA Submissions, Box 32083, Mobeni, 4060
DIMPHO LE DITLHODISANO
Ikopanye le Christine Marot ho 031-910-5723; e-mail: christinem@dbn.caxton.co.za
