SOTHO.1622.stars
BONA SESOTHO - February 2006
Se bolelwang ke dinaledi
Mosebetsi: Maano a matjha a tla ntlafatsa tshebetso ya hao.
Bophelo: Jwale o hodile, kelellong le mmeleng mme o tla thabela bophelo.
Tjhelete: Dintho tse nepahetseng tseo o di etsang di o tswela molemo.
Lerato: O lehlohonolo hobane o ratwa ke ba bangata.
Mosebetsi: O tla hlahella ka mahetla jwalo ka ha o etsa mosebetsi wa hao hantle.
Bophelo: Qala leano le letjha la ho ikwetlisa.
Tjhelete: O na le maano a matle a ho boloka tjhelete.
Lerato: Etsa moratuwa wa hao a bone hore o pelo e ntle e le hore a tle a o rate haholo.
Mosebetsi: O sebetsa hantle hobane o hlooho e bonolo.
Bophelo: O phetse hantle mmeleng le kelellong.
Tjhelete: Sebedisa maano a hao a tsa kgwebo hobane a tla o tswela molemo.
Lerato: Dintho di o tlela hantle!
Mosebetsi: Ke nako ya ho hatela pele mosebetsing.
Bophelo: Fumana dikeletso tse kgothatsang ho ntshetsa pele tjheseho ya hao.
Tjhelete: Hore o be le tjhelete, o lokela ho tseba ho e tshwara hantle.
Lerato: O ikutlwa o kgotsofetse hobane o a ratwa.
Mosebetsi: Ena ke nako e ntle ya ho ikamahanya le batho ba batjha.
Bophelo: Ho matlafala ha hao ho etsa o dule o kgotsofetse.
Tjhelete: Ke nako e ntle ho ya etsa se ka o nehang phaello.
Lerato: O tla fumana tlhokomelo e makatsang le e ikgethang ho moratuwa wa hao.
Mosebetsi: Jwale o se o tseba ho bona maele a matle ho tsa kgwebo.
Bophelo: Ho molemo haholo ho ipha phomolo mme o tlohele bophelo bo tsamaye ka tsela ya bona.
Tjhelete: Ho sebedisa kelello ha hao ho tla o tlisetsa phaello.
Lerato: Tsela eo le ratanang ka yona e le boloka le le mmoho.
Mosebetsi: Katleho e tla o tsosa molota mme o be lehlohonolo.
Bophelo: O tla thabela tsela eo dintho di etsahalang ka yona bophelong.
Tjhelete: Diphetoho tseo o di entseng ditjheleteng di tla o bolokela yona.
Lerato: Ho etsa dintho ka tshwanelo ho ka o atlehisa dikamanong tsa lerato.
Mosebetsi: Dintho di o tlela hantle - lebella katleho.
Bophelo: Netefatsa hore o dula o shahlile ka ho hlokomela seo o se jang.
Tjhelete: Ke nako e ntle ya ho iqalla kgwebo.
Lerato: Ho etsa dintho tse ngata tse bontshang lerato ho tla kgotsofatsa takatso ya hao ya thobalano.
Mosebetsi: O bonahala o le maphathephathe o leka ho ikahela lebitso le letle.
Bophelo: Iphe nako e lekaneng ya ho sebetsa le ho phomola e le hore o dule o le mafolofolo.
Tjhelete: Phaello o e fumanang e tla o tswela molemo
Lerato: Ke nako ya ho rera bokamoso.
Mosebetsi: Maemo a matle le batho bao o kopanang le bona a tla o tswela molemo.
Bophelo: Meriana ya di-vitamin eo o e sebedisang e tla o tswela molemo.
Tjhelete: Ho sebedisana le motswalle ho ka o atlehisa.
Lerato: Ke nako e ntle ya dikamano. O ka etsa diphetoho.
Mosebetsi: Ho buisana le rakgwebo wa bohlokwa ho ka o tswela molemo.
Bophelo: Tsela e kgothatsang eo o phelang ka yona e tla o boloka o phetse.
Tjhelete: O na le menyetla e mengata ya ho etsa tjhelete.
Lerato: O tla kgotsofala hobane dikamano tsa lona di na le kgotso.
Mosebetsi: Diphetoho tseo o di etsang di tla o tswela molemo.
Bophelo: Ikwetlise o itlwaetse ho intsha mme o tla dula o shahlile.
Tjhelete: Ke nako ya ho fumana dikeletso tse ntle.
Lerato: Ho ba mmoho ke yona ntho e thabisang haholo, ka hoo, thabelang ho ba mmoho wena le moratuwa wa hao.
