sotho.1073.BEC events
BONA SESOTHO - February 2007
Empowerment Club ya BONA e ya Lebatoweng la Limpopo
MOOKOTABA ho BONA Empowerment ya 2007 e tla be e le matlo, temo, mabenkele le ho thotha thepa, hobane ho banahala ho ena le menyetla e metle ya kgwebo. Kopano e tla ba mohla la 22. Sebui sa letsatsi e tla ba Setho sa Palamenteng ya Lehae le Matlo, Maite Nkoawa-Mashabane. Mme Maite o hlahetse motseng wa Ga Makanye moo Limpopo, a sebetsa makaleng a fapaneng a mmuso ho balellwa le ho ANC Women's League, National Assembly le ho ba Mokomishenare e Moholo wa India. Re motlotlo ha a dumetse ho tla ba le rona moketeng ona.
Re tla thabela ho le bona kaofela moo Limpopo!
Kenela dikgau tsa bobedi tsa MAGEU NUMBER 1 SMALL BUSINESS AWARDS
MEPUTSO ya tjhelete letsohong e fihlellang ho R50 000 e tla hatjwa. Dikgau tsena ke tse ikgethang bakeng sa babadi ba BONA le ditho tsa Empowerment Club. Ditlankana tsa ho kenela di a fumane ho Website ya rona:
www.empowermentclub.co.za kapa o ye moketeng o mong feela wa BONA Empowerment bakeng sa ditlhalosetso tse ding. Kenelo e lokela ho romelwa ho: MAGEU NUMBER 1 SMALL BUSINESS AWARDS, BOX 3858, RIVONIA, 2128.
Bahlodi ba tla phatlalatswa kgwedi le kgwedi ho BONA le ho Website. Ka mokgwa ona le kgwebo ya hao e tla fumana ho bapatswa.
Taste the Soul of Africa... Taste Success with Mageu Number 1
Etsa hore ho baka ho boele ho be monate hape ka Sasko Flour
SASKO Flour e motlotlo ka ho ba le seabo ho BONA Bake and Cook for Profit. Ba ikemiseditse ho kgutlisa thabo le motlotlo wa ho baka ka 2007 ba o bontshe le ka moo o ka iketsetsang phaello.
Ha ho monate o kang wa ho baka dikuku tse monate tseo bohle ba tla di thabela. Sasko Flour ke folouru ya boleng e entsweng ka koro ya boleng e tla o bakela masutsa ka dinako tsohle!
Sheba Sasko Flour e ntjha e nang le dinaledi tsa lenaneo la SABC 2 la ka Laboraro bosiu ho tloha ka 6pm! Lenaneo leo le bitswa Mara And Friends sebohodi sa lona ke naledi ya Muvhango, Mara Louw.
Sasko Flour makes your baking better tasting!
O KA REKA dikobo tsa Aranda tse ngata ka nyehlisetso, o di rekise ka phaello. Ha o batla ba le nehe ditlhalosetso le le sehlopha, o ka letsetsa Revue Liaison ho 011-883-8829 bakeng sa ditlhalosetso. Seo o lokelang ho se etsa ke: 1. Ho ya kopanong ya BONA Empowerment Club. 2. Ho fumana ditlhalosetso tsohle ka kgwebo mmoho le foromo ya ho otora ho e nngwe ya dikopano tsena. 3. Ho batla batshehetsi bao o tla ba rekisetsa. Ha o sa kgone ho ya dikopanong hanghang letsetsa Jerminah Tseise wa ha Aranda ho 011-693-3721 ka dinako tsa mosebetsi, o tla o romella fekese e nang le ditlhalosetso tsohle tseo o di hlokang.
QALA KGWEBO YA HAO KA
O KA TSHEPA SavellsFairdeal Furnishers ho ntlafatsa lelapa ka fenetjhara ya boleng e theko e ntle. Etela lekala le leng la bona ho a 147 naheng yohle mme basebetsi ba teng ba lerato ba tla o kgethisa mokitlane o tla dumellana le pokotho ya hao, e le hore pele o kgetha fenetjhara o be o tseba hore o ka reka ka bokae. O ka dumellwa ho reka ka mokitane thepa e bitsang ho fihlella ho R10 000!
SavellsFairdeal e netefatsa hore o dula o fumana fenetjhara le dietswa tseo o di hlokang ka theko e ntle. Ditlhalosetso tse ding, di a fumaneha ho: 0861-100-147.
DIJO TSE phepo e phethahetseng di fumaneha ka bonolo ka kotikoting ya Glenryck! Ka hoo dula o lebelletse Glenryck sekolong sa heno hobane Ngaka GP o tla be a ruta bana ka phepo e phethahetseng ya dijo tse ka dikotikoting tsa Glenryck tse nang e Omega-3 fatty acid e ngata.
Ho hlahlella ngwana ka tsa phepo e phethatseng a sa le monyenyane ho tla mo thusa hore e be moetapele ya hlwahlwa wa kamoso. Sekwaelo sa yona se setjha se bulehang ka bonolo, se tla etsa ho be bonolo ho thabisa ba lelapa la hao ka Glenryck hohle, neng kapa neng! Glenryck e fumaneha ka Original Tomato Sauce le ka Spicy Chilli, le ka minced fish.
BONA SESOTHO - February 2007
Bake and Cook workshop
Sebaka: Score head office,
1 Piet Street, City Deep,
Johannesburg
Ka: Labohlano, 23 Hlakola
Nako: 2pm
Ditjeho: R20 motho ka mong
Letsetsa: 011-883-8829 ho
beheletsa sebaka.[s]
Sebaka: Cosmo Leisure, Plot No. 2 Myngenoegen,
Dalmada, Polokwane
Letsatsi: 22 Hlakola 2007
Nako: 6pm bakeng sa 6.30pm
Ditjeho: R30 motho (e feshwa monyako). Ho kenyeletswa le dijo. Bara e tla be e butswe ka tjhelete letsohong.
BEHELETSA SEBAKA HO:
011-883-8829 KA NAKO YA MOSEBETSI
Tsa Mokete
Lepetjo: Matlo, temo, mabenkele le ho thotha thepa
Dibui
MC: Manane Maluleke, Sekgosese Radio.
Mofts Maite Nkoawa-Mashabane, MEC wa Mmuso wa Lehae le Kaho ya Matlo mane Limpopo.
Boithabiso: Lira.
Sebui se tswang Mogalakwena Craft Art Development Foundation.
