sotho.1620.lettersnov
Re Ngolle
BONA SESOTHO November 2008
A fetile nako eo?
Mobadi ya kgathatsehileng o hlahisitse bohloko ba hae, a re buella rona ba sa utlwisiseng hore maemo ao re leng ho ona kajeno a sebeleditswe ka thata...
RE PHELA ho Afrika Borwa e ntjha, a fetile matsatsi a ne ao batswadi ba neng ba tlameha ho hlonetjhwa, bana ba hlonepha, ba ikokobetsa.
A fetile matsatsi ane ao bontate e neng e le bontate, e seng bahlekefetsi. Ao dikgomo tsa bohadi e neng e le teboho ho batswadi ba ngwanana, e seng mokgwa wa ho ipokeletsa tjhelete.
Ka nako eo banana ba ne ba pheha jwalo ka bomma bona, ba sa nwe jwala jwalo ka bontata bona.
Ka nako eo manyalo a ne a sa kgaolwe, a ne a kgaohanngwa ke lefu.
Batho ba ne ba nyalana ka lerato, e seng hobane e mong a ena le tjhelete. Bophelo bo ne bo le monate.
Ke tshabo feela jwale, ho phelwa ka leshano le ho hloka botshepehi. Tlala ke ngwetsi ya malapa ohle! Ho phelwa ka ho tlola molao!
Thabo Nyelele, Fairlands
Kgweding ena lengolo le hlotseng le tla hapa Motorola W230 music-phone e bitsang R700!
EBA MotoSharp-Sharp ka Motorola W230 ena e ntjha e bapalang mmino o monate eo hape e nang le ditlhoko tse molemo tsa mmino. E hatisa hona radiong ya yona ya FM kapa o bapale medumo e fapaneng ya 1GB MP3 player e bolokang dipina tse 300.
mangolo
KB o hlwahlwa!
Ke mohlankana wa Lusikisiki ya 21, ke ne ke thabele ho mo bona kgatisong ya Phupu. Ke na le di-CD tsa hae kaofela, ke sebini se pele.
Ke se ke tseba le ho bina dipina tsa hae tsa Setswana. Ke reka di-CD tsa hae hole le sebaka sa heso hobane ha ho mabenkele a rekisang mmino o monate mona!
Ke mamela My Rhythm matsatsing ana, e monate ka ho fetisisa!
Siyadumelisa Buntswayo,
Lusikisiki
Na 2010 e tla thusa le
bafutsana?
Batho ba bangata ba shebile 2010 ka mahlo a matala, ekare ho tla etsahala mehloko, mathata ohle a rona a rarolohe!
Ho tla ba le menyetla ya mesebetsi
ho bohle!
Ho tla etsahala jwang?
Mokete wa 2010 o tla nka dibeke tse mmalwa feela -
ka mora moo?
Ho kile ha bapallwa ditonamente tsa rugby le tsa cricket tsa lefatshe, ho ne ho tjhentjheng?
Ho ne ho sebedisanwa hantle empa na ho bile le bobetere?
E mekae mesebetsi e neng e thehwe? Ha ke nyatse bahlophisi ba mekete ena - ke makatswa ke ba bonang
hore 2010 ke
HLAHISA MAIKUTLO A HAO
Ngolla ho: Mangolo ho mohlophisi, Box 32083, Mobeni, 4060
fekese: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.caxton.co.za
O ka sebedisa lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa re kopa o le ngole la nnete mmoho
le aterese. Ha se hore re dumellana
le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo
ya ho hlophisa mangolo botjha bakeng sa phatlalatso.
u
MAIKUTLO
E fihlile nako jwale
PALE ya rona ya Ba Senya Tjhelete (Leqepheng la 44) e re tshositse. Ke nnete ha o le dilemong tseo o dutse o batla ho amoheleha setjhabeng... ao! Jwalo ka ha sehlooho sa rona se bolela, ho bonahala ekare batjha ba habo rona ba kotsing ya ho fetoha setjhaba se se nang boikarabelo.
Bophelo ba yunivesithi, ke ba hore motjha a iphumane mme a ikahe. O fumana metswalle e metjha, ke nnete o lokela ho natefelwa ke bophelo sebakeng seo. Empa motho ha a lokela ho lebala seo a se tletseng yinuvesithi, hore o tlo ithuta.
Ke ka hona batswadi ba itetseng ho boloka tjhelete e ngata hakana bakeng sa ho lefella dithuto tseo. Ho ba leboha ka ho ba hatella hore ba ntshe e nngwe lehlakoreng ho reka diphahlo....ho a swabisa.
Ebe na batjha ba habo rona dikelello tsa bona di fokola hakaalo? Bokamoso ba bona bo tla ba jwang? Ba rona?
Mokgwa ona wa ho rata dintho tse pele ha o a itlhahela feela dikellong tsa batjha. Ha re na taolo ya dipapatso tse kgothatsang batho ho ba meharo, empa re ka thusa batjha ba rona ka ho ba kgothalletsa ho beha ditlhoko tsa bona pele.
Batho ba rata ho theola maemo a naha ya habo rona - mme sena ke se seng sa diketso tseo. O ka bona le ka moo re hulang ka thata ka teng dipapading.
Empa pale e kang ena ya batjha ba senyang tjhelete ke sesupo sa mathata a tlang a tobile setjhaba. Ha batjha ba habo rona ba nahana hore ho ba le selefounu ya maemo ho bohlokwa ho feta ho ntshetsapele dithuto, ke bona ekare ke nako ya hore re boele re shebisise dintho tse bohlokwa bophelong ba rona.
Ho na le babadi ba bangata ba nahanang hore ke nako jwale ya hore re boele re kgutlisetse semelo sa rona madulong.
tharollo eo re e sebedisang ya mathata, e ntenang.
Se re thetseng! Batho ba mahaeng ba tla thusahala kang ka 2010? Le ditoropong ke bona ekare ba bangata ba tla phoqeha!
Ke ba meharo le ba tsebang ho etsa bobodu feela ba tla una molemo. Rona bohle re tla sala re itlhophere.
Khayalethu Mseswa,
Port St Johns
Se lahle tshepo
Ke kenwe ke kokwanahloko ya HIV ka mora ho betwa ka Mphalane 2000.
Ke ne ke nahana hore bophelo ba ka bo fihlile pheletsong. Empa hanyane-hanyane ka qetella ke fumane maqheka a ho phela.
Ka tjhentjhe, ka qala ho hlokomela hore ya tlhekefeditseng, o tla atleha ha feela nka dumella seo ho senya bophelong ba ka.
Ka qala ho phela bophelo ba ka ka ho feletseng.
Ke nyetswe jwale, ke dula ke thabile, ke phetse hantle mmeleng mme ke ipiletsa ho bohle ba HIV-positive hore ba se lahle tshepo.
O ka nna wa phela halelele ha feela o ena le tshepo.
Nosisi Mpepho, Alice
Sebetsa ka thata
Maafrika Borwa - ha ho katleho eo re ka e fihlelang re sa e sebeletsa ka thata. Ke yona feela tsela ya ho fumana seo o se batlang bophelong.
Jwala le dithethefatsi - di ke ke tsa o thusa ka letho. Di tla senya bophelo ba hao feela. Ithute ka matla sekolong haeba o batla katleho.
Re shebane le "tokoloho e ntjha," ya ho itokolla lefung la EITSI.
Re ka e lwana ka ho etsa thobalano e bolokehileng
kapa re e ile hohang ho fihlela re kena dilemong tse loketseng.
AS, Soweto
Sebedisa menyetla
Batho ba bangata ba na le mathata a ho se sebedisetse menyetla melemong ya bona ha e se e ba fihletse.
BONA SESOTHO November 2008
u
Bua
Bohlola bo dumellwe ka molao ka 2010?
Q
E. "Haeba ho rekiswa hona ha mmele e le ntho e etswang le dinaheng tse ding, ho se ntse ho lokile, re sa emetseng rona? Batho ba ntse ba tla lefella thobalano leha ba ke ke ba dumellwa semolao."
John Cele,
o sebetsa karatjhe
TJHE. "Ke hanyetsa thekiso ya mmele ka ho feletseng. Hohang ha ke rate ha ho ka dumellwa semolao. Ke e nngwe ya dintho tse tla bolaya naha ya habo rona."
Mokukhanya Madlala,
o sebetsa kitjheneng
TJHE. "Bohlola ha bo a loka hohang mme ha bo a lokela ho dumellwa ka molao. Bo tla atisa kokwanahloko ya EITSI. Leha ba ka re ba tla sebedisa dikgohlopo. Ha ho a loka hohang."
Zinhle Ngubane, o sebeletsa lebenkeleng la dijo
TJHE. "Basadi ke bomme ba setjhaba. Ba itheola haholo ka ho iphetola dihlola. Basadi ba lokela ho ba malapeng a bona. Ha ho hlokahale hore ba rekise ka mmele bakeng sa boiphediso."
Bongi Nkosi,
o a itshebetsa
TJHE. "Ha se hantle. Bona ka moo kokwanahloko e seng e jele setsi ka teng! Hona bana ba rona ba tla ithutang mokgweng oo? Ha se hantle hohang. Ha se toka."
Lee Gehihe, o roka dieta
TJHE. "Ho sa kgathallehe hore ba dumellwa jwale kapa ka 2010, ha se ntho e ntle. Ha o hloka tjhelete, o lokela ho ya batla mosebetsi, e seng hore o rekise ka mmele. Mmele wa motho ke Tempele ya Modimo."
Zolani Makaula, mokganni
TJHE. "Ke bona ekare molao wa habo rona o kgothalletsa boitshwaro bo bobe. Na 2010 e bohlowka hoo re ka theolang maemo a boitshwaro ba setjhaba?"
Gift Kunene,
o sebetsa bankeng
TJHE. "Ho rekisa ka mmele ke mokgwa o mobe haholo. Nka mpa ba shwa ke tlala ho ena le ho etsa seo ka mmele wa ka!"
Sipho Khaba,
o besa nama
Shebisisa seo o batlang ho se fihlela mme o se sebeletse, o sebedise monyetla yohle e tla o hlahela.
Andrew Noge, Alexandra North
Tswelapele
O tshwana le ya emeng festereng a shebeletse tswelopele bophelong ba hae...
Mohlomong o tshohile... kapa o na le tshepo... kapa o thabile...kapa ha o itshepe...
Esebe o lebetse hore matla a ho fihlela katleho a matsohong a hao. Ho sa kgathallehe hore o ikutlwa o fokola ho le hokae, o na le ona a ho fihlela ditoro tsa hao. Hopola, le wena o moohi wa naha ena, le naha e a o hloka.
Thabiso Joseph, Bloemfontein
Buang ka thobalano
Batswadi ba lokela ho ruta bana ba bona ka tsa thobalano ho tloha ba sa le banyenyane. Re ke ke ra nyatsa batjha ka ho ima pele ho nako empa re sa ba rute letho ka tsa thobalano, boimana le ho itlhokomela.
Hape ho bohlokwa hore ba itshireletse thobalanong...
A re tloheleng ho tshaba ho bua ka thobalano. Re lokela ho buisana le bana ba rona ka bolokolohi. Re boele re hlonephe le maikutlo a bana ba rona hobane re ke ke ra tsebe ho ba kgalema ha re sa mamele maikutlo a bona hape ba tla tshaba ho bua le rona ha na ba le mathata.
Ha re a lokela ho lwantsha EITSI feela! Re lokela ho netefatsa hore bana ba rona ba tseba ho itshireletsa kgahlano le ba ba hlekefetsang!
F Lily, Mdantsane
Sebetsa ka thata
Ke rata ho kgothatsa batjha ba bang hore le bona ba sebetse ka thata ho ikahela bokamoso. Re na le sohle se hlokahalang, re se nna re ingamangama! A re tloheleng ho senya maphelo a rona!
Taelo Mabasa, Phalala
Mebila e bolokehe
Dikotsi tsa mebileng di ka fokotseha ha mmuso o ka o ka fedisa barekise bana ba mabidi a se a boleng bo hodimo, a bitsang tjhelete e tlase.
Manas Sefala, Moetladimo [s]
BONA SESOTHO November 2008
Tsa bonokwane
Babadi ba bane ba hlahisa maikutlo a bona...
HO BA ETSANG BOKGOPO
Lekang ho rata bao le phelang le bona. Shebang ditlamorao tsa diketso tsa lona tsa bokgopo. Hobane ke bokgoni bona feela bo etsang phapang pakeng tsa rona le diphoofolo! Ha o se na kutlwelobohloko, o kotsi le ho feta phoofolo.
CW, Welkom
MOLAO O MONG
A re hopoleng hore Afrika Borwa ho na le molao o le mong, e seng e fapaneng, ya ditoropong le ya mahaeng.
MRN, Flagstaff
KE HANYETSA MERUSU
Hobang ba bang ba boradipotiki thabela ha batshehetsi ba bona ho qala merusu ka mabitso a bona? Na ke mohlala o motle? Na re tla theha naha ya dinokwane, tse bolayang ba bang ha dintho di sa etsahale ka thato ya bona?
AK Khaya, Thekong
BA KA HO ETSA JWANG?
Dinokwane di bolaya batho letsatsi le letsatsi mme mapolesa a lokela ho di tshwara. Ha ho kgothatse ho bona lepolesa le itomakaka maleme ha le bitswa dipotso ho TV. Batho ba jwalo ba ka kgona jwang ho re sireletsa?
MR Ngcobo, Greytown
MOIFO WA RONA
BONA WEBSITE
www.bona.co.za
NTLO KGOLO (THEKONG)
19-21 Joyner Road, Prospecton
Box 32083, Mobeni, 4060
Tel: 031-910-5745; Fax: 031-912-2720
E-mail: bona@dbn.caxton.co.za
Mookamedi wa Bahlophisi
Chris Burgess
Mohlophisi wa Mosebetsi Lorna King
Motlatsi wa hae
Patricia McCracken
Sezulu Manqoba Dlamini (mohlophisi);
Zanele Mbatha
Sesotho Lerato Zulu (Mohlophisi);
Moeketsi Letsohla
Sexhosa Dumisani Ntshentshe (mohlophisi)
Neliswa Mzimba
Mohlophisi wa ditaba Marie Gurr
Mookamedi wa bonono
Esthera van Wyk
Molaodi wa bonono Jozia Lorek
Bathusi ba bona Jenny Weideman;
Kyle Young
Mongodi Barbara Zulu
GAUTENG
Caxton House, 368 Jan Smuts Ave,
Craighall, Johannesburg, 2001
Mohala: 011-889-0600
Mohlophisi ya moholo
Force Khashane
DIPOTSO KA DIPAPATSO
GAUTENG
368 Jan Smuts Avenue,
Craighall, 2196
Tel: 011-293-6000 Fax: 011-789-9656
THEKONG
19-21 Joyner Rd, Prospecton, 4110
Tel: 031-910-5700 Fax: 031-902-8829
KAPA
36 Old Mill Rd, Ndabeni, 7405
Tel: 021-530-8600 Fax: 021-531-3795
CLASSIFIEDS
Tel: 011-293-6076
E-mail: logang@caxton.co.za
DIPOTSO KA THEKISO
Paul Smith
Tel: 011-248-3500 Fax: 086-627-8591
E-mail: mags@rnad.co.za
DIPOTSO KA BOINGODISO
Box 725, Maraisburg, 1700
Tel: 011-473-8700 Fax: 011-474-5479
DIMPHO LE
DITLHODISANO
Mohokahanyi: Busisiwe Motlhasedi
Tel: 011-449-1033
E-mail:
busisiwem@caxton.co.za
DITABA
O ka romella ditaba ho e-mail e latelang: bona@dbn.caxton.co.za, kapa o di romelle ho:
BONA Submissions,
Box 32083, Mobeni, 4060
