sotho.1618.today March
Sebedisa tataiso e latelang ho ka ithuta mabitso a dinonyana
Maqephe a projeke
ya Bona
BONA SESOTHO - March 2006
Afrika Borwa e tsebisahala haholo ka bongata ba diphoofolo le dimela tsa yona, re sa lebale le dinyonana tsa teng. Re ka bala mefuta e ka bang 950 ya dinonyana mona Afrika Borwa. Tse 177 ho tsona di fumaneha dibakeng tse itseng feela. Ka mantswe a mang re ka re dipersente tse 20 tsa dinonyana tsa Afrika Borwa ha di fumanehe dibakeng tse ding tsa lefatshe! Projekeng ena ya tsa tlhaho, re o neha le ditsela tseo o ka kgonang ka tsona ho bona dinonyana le maele a ka moo o ka shebellang dinonyana ka teng.
endemic e bolela hore ke ntho e ke keng ya fumaneha dinaheng tse ding tsa lefatsheng
ka bophara.
Ditaba tsena di qotsitswe lethathameng la Science TODAY le phatlalatswang ke ba ha Maskew Miller Longman. Lethathama la TODAY ke la Grade 7 ho ya ho Grade 9.
Lentswe le reng ornithology le bolelang?
Bukantswe ya Longman Active Study Dictionary e le hlalosa e le ho ithuta ka dinonyana.
Ha e na letlopo
Setono ha se sekgutshwane ho feta mmele
Nonyana ena e nyane e kang motintinyane, e bolele ba 13cm. E molomo o mofubedu bo bopinki, mokokotlong le mapheong e bolou mme ke yona tsela o ka bonang dinonyana tsena ka yona.
Setono se se lelele ho feta mmele
Mokotatsie
Mekotatsie ena e bophahamo ba mitara e le nngwe, bongata ba yona e fumaneha mona Afrika Borwa. Dinonyana tsena di mmala o bolou bo boputswa le molala o molelele, hlooho e motopo, menoto e melelele le mapheo a ikgethang a malelele a hohobang fatshe. Dinonyana tsena di ja ditlhaku, dikokonyana le dihahabi. Di behela mahe a tsona naheng haholoholo haufi le metsi. Di fumaneha haholo Karoo, empa di ntse di fumaneha dibakeng tse itseng KwaZulu-Natal le highveld, hangata o di fumana di le dihlotshwana.
Mmele o molelele ho 20cm
Dinonyana
Mmele o ka tlase
ho 20cm
Molomo o kobehileng
Molomo o mokgu-tshwane o motsho
Na o ne o tseba?
Mokotatsie ke yona
nonyana
e fumanehang Afrika Borwa yohle.
Na o ne o tseba?
Hore ke tlolo ya molao ho rua dinonyana o di kwalle ka baseketeng ntle le tumello.
Ha e na letlopo
Molomo o molelele
Molomo o molelele o mofubedu
E loketse bana ba dilemo di
8-14
O ka di bona jwang dinonyana
Shebisisa dintlha tse latelang ha o bona dinonyana:
n Boholo - ekaba nonyana eo e a lekana le serobele, leeba kapa yona kgaka?
n Molomo le maoto - sheba bolelele, sebopeho le mmala wa tsona.
n Mmala wa masiba - hlooho, sefuba, mapheo le setono di mmala o jwang?
Ekaba ho na le matheba kapa metsero? Ekaba e na le letlopo hloohong?
n Mesebetsi ya tsona - e etsa eng? E kgona ho tsamaya kapa e a qhomaqhoma?
n Di fumaneha kae - o e bone kae? Masimong kapa morung?
n Lebitso - fumana lebitso la yona: o ka botsa ba bang kapa o e shebe
dibukeng laeboraring e haufi le sebaka sa heno.
Molepe o fumaneha merung ya mona Afrika Borwa feela. Ke nonyana e tala e molomo o mokgu- tshwane le mapheo a mafubedu a bonahalang hantle ha nonyana ena e fofa.
Nonyana ena e molomo o mosehla e
boholo bo lekaneng mme e bolele ba 48cm ho ya ho 60cm mme hape e
bonahala ka molomo wa yona o mosehla.
Dinonyana di na le dintho tseo di tshwanang ka tsona.
Etsa dipatlisiso ka dinonyana tsa sebakeng sa heno
O tla hloka: buka ya mabitso a dinonyana, bukana le pene.
a. Ho fumaneha mefuta efe ya dinonyana sebakeng sa heno?
b. Dinonyana di ngata hara motse kapa sekolong sa heno?
c. E ba mofuta o le mong selemo ho pota?
* Etela laeborari ya heno kapa o shebe bukeng.
African Hoopoe yona e sebedisa dinala tsa yona ho fata diboko le
dikokonyana. Ha e lla e re: "Hoop-hoop" mme ke ka hona bitswang jwalo.
Na o ne o tseba?
Ho betere ho
shebella dinonyana hoseng kapa
mantsiboya.
Na o ne o tseba?
Mptjhe e ka
mathata lebelo la
70km ka hora.
