sotho.1617.BEC success-tips
HO BOLOKA nako ho etsa o kgone ho fihlela dintho ka nako, o qobe ho ikopisa hlooho ka ho ba le mosebetsi o mongata oo o sa kgoneng ho o qeta ka nako ya teng
Dintlha tse latelang di ka o thusa ho boloka nako ya hao ya ho etsa mosebetsi wa hao wa letsatsi ka nepo.
1 E ba mafolofolo, o se be le lesisitheho
Ke ntho ya bohlokwa ho rera dintho e sa le nako, empa he qoba ho hore tse ding o qetelle o sa di etsa. Haeba ho le teng se tlamehang ho etswa, se etse! Ke tlwaelo hore motho a qetelle ka dintho tseo a sa di rateng. Sena se bolela hore dintho di dula nako e telele ho feta, mme o senye nako e ngata o boela o nahana ka tsona.
A ko hlahlobe hore na hobaneng o ba lesisitheho ka mosebetsi o itseng, o inahane pele o ka etsa mosebetsi oo.
2 Ngola fatshe mosebetsi wa hao
Ha ho le teng seo o se ngolang, qoba hore o tlohele mosebetsi o be mongata o bolele ha o tla o bona ha mamorao. Sena se tla qetella se o tswafisitse hobane o tla qetella o le mongata, o qetella o sa o etsa.
Ha mosebetsi o fihla kantorong ya hao, etsa e nngwe ya tse latelang:
n Sebetsana le ona hanghang.
n O fetisetse mothong ya tlamehang ho o etsa.
n O boloke moo o tlamehang ho bolokwa teng.
n Haeba o hloka ho lahlwa, o lahle.
3 Qoba ditshitiso
Netefatsa hore dintho tse ka o sitisang di ke ke tsa etsa o qetelle o sa etsa mosebetsi wa hao. Leka dintho tse latelang:
n Bolella basebetsi mmoho le wena hore le ka qoqa tsa lona ditaba ka nako ya lona ya kgefutso.
n Haeba ho kgoneha, leka hore mehala e kenang e fete ho moamohedi wa baeti le mehala a tsebe hore ke efe a ka e fetisetsang ho wena. Ha ho etsahala a nke melaetsa hore o tsebe ho ba letsetsa ha o fumana nako. Netefatsa hore a nke dintlha tse nepahetseng tsa motho ya letsang.
Ha ho kgoneha, kopa e mong wa bomphato ba hao ho o nkela mehala ya hao hore o tsebe ho tsepamisa kelello ya hao dinthong tsa bohlokwa.
4 Ho fetisetsa mosebetsi ho ba bang ho ka boloka nako
Se nahane hore hobane mosebetsi o tlile ho wena, o tlameha ho etswa ke wena. Hlahlobisisa mosebetsi o tlang ho wena, o shebe hore na ho tlamehile hore o etswe ke wena kapa o ka nna wa o fetisetsa mothong e mong.
Netefatsa hore eo o fetisetsang mosebetsi ho yena o nepa hantle se hlokahalang le boikarabelo ba seo a se etsang. Dumellanang hape hore o ikemiseditse ho mo thusa haeba a kopana le mathata mosebetsing oo.
Eba sedi hore o se nke mosebetsi wa e mong motho.
Ke ha kae o re bathong, e tlohele ke tla e bona nna""
5 Thero ya hao ya mosebetsi e tlameha ho ba le pehelo
Ke ntho e nepahetseng. Ke ha kae moo ho kileng ha re o ikemiseditse ho etsa mosebetsi o fumane hore ha o na ditlhoko tsa ho o etsa. Seo se ka o diehisa ho qeta mosebetsi oo, empa ho rera ka nepo ho ka thibela sena. Ho rera ka nepo ho thusa hore o kgone ho qeta mosebetsi ka nako e behilweng. Haeba mosebetsi o se na pehelo ya nako eo o tlamehang ho qetwa ka yona, ipehele ya hao. Sena se tla etsa hore o qete mosebetsi wa hao ka nakwana feela.
Hopola, etsa ntho e le nngwe ka nako. Ho etsa mosebetsi o ka pela hao ho tla etsa o o qete ka pele le ka potlako.
Leha re entse matsapa ohle a ho ama dintlha tsohle tse mabapi le sehlooho sena, empa ho ka nna ha ba teng tseo o di hlokang tseo re sa di a mang. Ha o qeaqea, kopa thuso.
BONA SESOTHO - July 2006
Boloka nako
BONA - August 2005
