sotho.1616.hair
Tjhebeho ya lehlabula
BONA SESOTHO November 2008
TLHOKOMELO YA MORIRI
Ha o sa rate ho kgathatswa ke moriri o ntseng o lepella safahlehong - ke tsena ditaele tse ntle tsa lehlabula. Pale ka Faith Seuoe, ditshwantsho ka Ivan Naude,
sebontshi: Dora
Okgathetse ke tjhebeho e tlwaelehileng, o rata ho ba le moriri o motle lehlabuleng lena - ha ho le jwalo, nahana ka dintho tsa ho intlafatsa. Di o etsa o be motle, o shebahale. Bothata bo bong tabeng ena, ke hore dintho tsena di ngata - o a tsieleha hore o kgethe e fe!
Ho bobebe - qala ka dintho tsa bohlokwa tseo o ka di hlokang. Ha o se o kgetha, reka o bapisa le setaele sa hao sa moriri, o phela jwang, diaparo le mebala o e ratang...
Sebedisa mabanta
Lebanta lena la hlooho leo o le bonang setshwantshong mona ho molemo ho ba le lona hobane le tshwarana hantle, le entswe ka lesapo le bonojwana, la phethelwa hantle ka lesela.
Le molemo hobane le sebetsa ditaeleng tsohle tsa moriri - human hair extensions, di-single, moriring o thata esitana le manyetseng - ha o ya meketeng - o ya mosebetsing kapa o intsha.
A sarolohang
Ntho ya bohlokwa ha o batla direkere tsa ho tshwara moriri wa hao, netefatsa hore o fumana tse phethetsweng ka lesela ho thibela ho lematsa moriri wa hao. E tla boheha hantle ho ponytail e teteaneng kapa e sa teteanang.
Ena e setshwantshong e bokgabane, ya kgabiswa hantle le ka mabenyane a matle.
Sebedisa malente
Malente a tla ka mebala, boreledi le bobatsi bo fapafapaneng - se molemo ka ona, ke hore ha a bitse. Sebedisa ona jwalo ka lebanta la hloohong jwalo ka ha o bona setshwantshong, o ka kenya di-brooches, dikonopo kapa dipelete ho eketsa tjhebeho.
Ho seng jwalo, o ka a sebedisetsa ho etsa ponytail ya hao e tsitse hantle. O ka kopanya malente a mabedi kapa a mararo a mebala e fapafapaneng ho eketsa tjhebeho. Ha o rata, o ka a loha boraro ba ona, o a sebedise ka tsela o e ratang ... [s]
Mabanta a matle
Mabanta a kgale a mofuta wa Alice a matle mme a o hopotsa mehleng ya kgale. A tla ka mefuta le kakanyo tse fapafapaneng ho tloha ho a phethetsweng ka masela, difaha kapa ona mabenyane.
Leo o le bonang setshwantshong le phethetswe hantle ka lesela mme a rekiswa a tsamaya a le mararo.
BONA SESOTHO November 2008
