sotho.1613.cassius
DITEBELE
O hapile dikola tse 12 dilemong tse 14 mme ha jwale ke yena mpodi wa IBF Junior Lightweight, mona re bua ka Cassius Baloyi ya ntshang ditebele tse tukang malakabe... Pale ka Steven Makhanya
HA o mo re hedi, o ka nahana hore ke motho eo o mo tlwaetseng. Ke motho ya moya o fatshe, ya ikokobeditseng, ya dihlong, eo o ke keng wa mo nahanela letho. Empa ha o ipha nako, o atamela ho yena, o tla mmona hore enwa ke monna ya kwenneng, mmeleng le kelellong. Ke monna ya tsebang ho sebedisa setebele.
Leha e le motho ya sa bueng hakalo, empa ditebele tsa hae tsona, ba bangata ba a di tseba dilemong tsena tse 20 tse fetileng.
E se e le dilemo jwale Cassius Baloyi a le sedikadikweng sa ditebele mme papadi ena o e qadile a sa le monyane dilemong.
"Ke futsitse ntate ka ho rata ditebele," ke yena eo. "O ne a ikahetse sebaka sa hae sa ho ikwetlisa jareteng ya lapeng, mme ke ne ke dutse ke mo shebella kamehla ha a ne a ntse a tutumpa mmethe oo wa lehlabathe ka ditebele. Le nna ka qetella ke e rata papadi ena," o boletse jwalo.
Baloyi o ne a kena sekolo sa poraimari ka nako eo mme o ne a tswelepele le papadi ena le boabutiae le motswalae, a ba a qetella a hapile metale ya kgauta tonamenteng e neng e le Jeremane ha a ne a le sekolong se phahameng.
"Ka 1993, nakong eo ke neng ke sa le setlabotjha ditebeleng, nna le ntate re ne re etele Nick Durandt mane Jozi. O ne a nkope ho tla ho yena hore ke fumane metjhini e maemong ya ho ikwetlisa.
"Ntwa ya ka ya pele ya profeshenale, e ne e le kgahlano le Isaac S'khosana," ho bolela mpodi enwa. "Nke ke ka e lebala ntwa eo hobane ho yona ke ne ke robehe senoko!"
Ha jwale, o se a lwanne dintwa tse 39, ho tsona o hlotse tse 35, a bapala ka ho lekana ho tse tharo a lahlehelwa ke e le nngwe feela.
O bolela ha moradiae e moholo a rata ditebele haholo. "O ntsosa le hara kgitla ha a ka bona ditebele ho TV," ho bolela yena ka pososelo.
E be o tla etsa jwang ha le yena a ka rata ho kena ditebeleng?
"Nke ke ka mo thibela. Empa ke tla mo hlokomedisa hore ena ke papadi e nang le phephetso, e bileng e leng kotsi," ho hlalosa yena. Mpodi enwa wa IBF Junior Lightweight mohatsae ke Nomagcino, eo ba neng ba kopane ka 1995, mme jwale ba na le baradi ba babedi.
"Mohatsaka ke Mokreste," ho rialo Baloyi. "Kamehla ha ke lwana, o dutse a mpeha dithapelong.
"O dutse a ntshehetsa."
Ke yena ya neng a mo tshehetse le nakong eo Baloyi a neng a hlasetswe ke dinokwane.
Seo se ne se etsahale ka 2001, nakong eo ba neng mo thunya seropeng ba leka ho mo amoha koloi.
O ne a na le ntwa eo a neng a tlameha ho e lwana, ka hoo, o ne a phakise ho ikoka mme a boela boikwetlisong.
"Ha nka ba ka dumella dinokwane tseo ho qeta bokamoso ba ka ha jwalo feela," ho bolela Baloyi. Ke ne ke thuswe haholo ke dithapelo tsa mohatsaka..."
E mong motho wa bohlokwa bophelong ba raditebele enwa ke Nick Durandt.
Durandt, o bitswa Raditebele ya pele Afrika Borwa. Bashemane ba hae ha se hangata ba hlolwang. Re rialo hobane papadi ena lefatsheng ka bophara e ba le dinako tsa yona tsa mathata.
"Empa rona re hlola mathata ao - empa ha o ntse o tanakella haufi le rona, o tla ikutlwela!"
Ha a bua ka Cassius Baloyi, o ka tiisa wa nahana hore o bua ka morahae.
"Cassius ke sebapadi se itshepang," ke yena eo. "O rata mosebetsi wa hae mme ho bobebe ho sebetsa le motho ya kang yena.
"E nngwe ntho e ntle ka yena, ke ho rata ha hae lelapa la hae. Ke Mokreste ya ratang bana le mohatsae." O sebetsa ka thata le ditebeleng.
"Re ne re tsebe le pele ntwa e qala hore Mzonke Fana a ke ke a o besa ho yena. "Cassius o kgollwa hore ha o ipehetse ditoro, ha ho se ka o ntshang tseleng ya ho di fihlela," ho hlalosa Durandt.
"O dutse a ikemiseditse mmeleng, kelellong le maikutlong hore o tla hlola dira tsa hae." [s]
BONA SESOTHO August 2008
Ditebele tse matla
BONA SESOTHO August 2008
Ditshwantsho tse tharo tsa Cassius Baloyi. Qalong, Cassius o tebile ka maikutlo; o a e hlanaka; o na le moradinyana wa hae ya motlotlo, Casionela, ya reheletsweng ka ntatae.
Cassius Baloyi le Nick Durandt, ba thabetse ho hlola e nngwe ya dintwa tsa bona tse matla.
