sotho.1611.muthi
re bua ka ditlhare
THOBALANO e ka nna ya ba sesosa sa mathata manyalong a mangata. "Ha ke e lakatse monneng ofe kapa ofe esitana le wa ka," o boletse jwalo mosadi e mong (33) wa Isipingo. Haufinyane re sa tswa ngola pale ya ho se tsohelwe ha banna - mathata a jeleng setsi le basading leha a sa totobale jwalo ka banneng, empa le ona a ka o qhala motse.
"Lenyalo la ka le bosula," o boletse jwalo mosadi wa Isipingo, ya nang le ngwana a le mong. "Ha ke kgalle thobalano hohang leha monnaka a ka ntshuna kapa a mpabapadisa jwang kapa jwang.
"Ha ke etsa thobalano ke ikutlwa ekare ke a ahlolwa!"
Mosadi enwa o lekile matsapa ho fumana tharollo mathateng a hae. "Ke se ke etswa dingakeng tse fapaneng mme ka nehwa kalafo e kenyeletsang le dipidisi tse matlafatsang di-hormone. Ha ho phapang.
"Thobalanong ha ke utlwe bohloko feela ke bile ke ikutlwa ekare ke a betwa. Ebe ke louwe kapa tjhe" Nka fumana thuso kae""
Mosadi ya dilemo di 20 wa Ladysmith, yena o re mathata a hae a ne a qale ka nako eo nyatsi ya ntate wa bana ba hae ba babedi e neng e qala ho mo sokela.
"Ka qala ho utlwa bohloko ha ke etsa thobalano le monnaka hona hoo e kang ke tswile diso tse tshabehang ka tlase."
Ka hopola mantswe a reng - "boloyi ha bo rutanwe." Ho bolelang hore jwale le yena o tlameha ho tswa letsholo a lo batla moriana o tla mo thusa ho sa kgathallehe hore o o fumana hole bo bokae.
Seo ke se hlalosang ke hore - basadi bana mmoho le babadi ba bang ba basadi ba nang le mathata a tshwanang, ba tlameha ho ya mathueleng bonyane a mararo tekong ya ho rarolla bothata bona.
Hona ho tla ba thusa ho fumana sesosa sa ona.
Bua
Banna ba bona kapa ba bang ba leloko ba lokela ho tsamaya le bona ha ba ilo itlhahloba mathueleng.
Tshehetso ya bona ha e bohlokwa feela, empa e boetse hape e ba thusa hore ba tsebe ho fumana le nalane ya lelapa leo.
Bonneteng, mathata a mofuta ona a baka hore basadi ba ikutlwe ba sa kgahlwe ke banna hohang - a lokela ho rarollwa ke batswadi haholoholo bommabona, ba bue le bona ho ya ka moo le bona ba neng ba le ka teng botjheng ba bona.
Ho bohlokwa hore batswadi ba bue le bana ba bona ka ditaba tsa bophelo bo botle esitana le tsa thobalano le pele bana ba qala ho ya nakong.
Ho ya ka moetlo wa habo rona wa setho, bontate ba tataisa bara ka bophelo ba bona ba marato le ba thobalano ha bomme bona ba tataisa baradi.
Empa hangata, o fumana morwalo o se o wetse mahetleng a bomme feela.
Ke nako ya hore jwale bontate le bona ba itlwaetse ho bua le bara ba bona esitana le baradi ka taba ena!
Tlhokomediso
Ho babadi ba rona ba nang le mathata teng, ke rata ho ba hlokomedisa hore sesosa sa mathata a thobalano e ka nna ya ba a tloha maikutlong - ke hona mona moo lethuela le tlang ho o thusa.
Athe mathata a batho ba bang e ka nna ya ba a mmeleng. Ke nahana hore basadi ba babedi bao re buileng ka bona, mathata a bona a mmeleng.
Ba lokela ho ya kopa thusa dingakeng kapa tliliniking. E mong o boletse hore o se a kgutla teng mme ke nahana hore o hloka ho ikopanya le lethuela.
Mohlomong o tshabile ho hlalosetsa ngaka hantle mathata a hae kapa ha a sebedisa kalafo ka tshwanelo.
Tlhokomediso ya ka ke hore ha o utlwa bohloko ha o etsa thobalano, leba ngakeng hanghang. Se thole taba eo mme hape o se tshabe ho bolella ditsebi ka yona. Ha o ka kopa thuso ya kalafo ka pele, o tla thusahala mme mathata a hao a tla raroloha, o boele o natefelwe hape jwalo ka pele. [s]
Ha o utlwa
bohloko thobalanong
BONA SESOTHO - March 2008
Ngolla ho Force bakeng sa dipotso tsa hao ka meriana, aterese ke: Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle e-mail ho: muthi@caxton.co.za
ka FORCE KHASHANE
