SOTHO.160.muthi (2)
NA O NAHANA hore batho ba o hloile" Na metswalle ya hao e ke e leke ho o seolla" Na ba bang ba nyollelwa maemong a hodimo a mosebetsing wena o sale" Le bophelo ba hao ba lerato bo senyehile"
Ka bokgutshwane nkare - o nahana hore o na le sesila"
O belaela mang ka sona" Bongata ba rona ka dinako tse ding re ke re nyatse badimo ha dintho di sa re tsamaele hantle mme re nahane hore ba re furalletse hobane re sa ba tsotelle.
Re lla ka batswadi ba rona ba seng ba re siile mme re reke dipodi, dinku, dikgomo le dikgoho tsa ho etsa phabadimo ho ba thabisa...
Badimo ba habo rona ha se bona feela ba nang le matla a ho re tshela sesila kapa ho re hlohonolofatsa.
Mathata ana a ka nna a hlaha ka lehlakoreng le leng - leo ba bangata re sa le hlokomeleng.
Ba hlonephe
Seo ke buang ka sona ke seo re ka se bitsang "badimo ba phelang." Ba leloko, jwalo ka bomalome, borakgadi jwalojwalo le bona ba na le seabo se seholo maphelong a rona. Ba lokelwa ke hlompho.
Ha Melao e Leshome e re kgothalletsa ho hlonepha batswadi, meetlo ya habo rona yona e fetela pele ka hore motho e mong le e mong ya moholo o tshwana hantle le batswadi ba hao.
Hlompha, o se kgelle ditaelo tsa ba baholo tlase, o tla ba le mahlohonolo a fetang le a tekete e hapileng lotto. Bohale, tlhekefetso le tlhoriso ya batho ba baholo di tla etsa hore o ikwahlaye!
Ho phahamela motho e moholo beseng kapa tereneng ke ntho e nyenyane empa e ka o bulelang menyetla ya mahlohonolo. Le pele nkgono eo a re: "Ke a leboha ngwanaka," kgaphukgaphu ya mahlohonolo e tla be e se e theohetse hodima hlooho ya hao.
Ha palo ya batho ba baholo ba hlekefetswang le ba qhekellwang e ntse e nyoloha, le rona re ba le bomadimabe. Mohlomong ha se molato wa hao, empa ka nako e nngwe ha o ka bona motswallao a hlekefetsa leqheku le leng, le wena o tla fumana marothodi a bomadimabe boo.
Ka hoo - meya ya madimo ha se yona feela e ka re tlisetsang bomadimabe kapa mahlohonolo. Ho tseba nnete ena ho ka re thusa ho kgaola letoto lena la bomadimabe bo tlang bo re lebile.
Ho tshwarwa ka pelo
Re tlameha ho tshwara baholo ba habo rona hantle. Empa le rona jwalo ka batswadi, re lokela ho ela hloko ka moo re tshwarang bana ba rona ka teng. Leha re halefile, re lokela ho phema ho bitsolla bana ba rona.
Hobane ka ho etsa jwalo re ipitsetsa bomadimabe le hona bo tla re fihlela le pele ho feta nako e kae. Batswadi ha ba a lokela ho sotla bana ba bona hobane ba batla ho utlwisa balekane ba bona bohloko. Ka ho tshwara bana ba rona le maqheku hantle, re tla kgona ho phema bomadimabe empa ha bo se bo re wetse hodimo teng re ka etsa jwang"
Kalafo ya sekgalekgale ya ho ntsha sesila ha e so tjhentjhe, motho o ntse a tola ka metsi a batang a nang le moriana o itseng wa setho - empa oo e seng wa naheng ena.
O itolla thoteng, pele letsatsi le tjhaba kapa le dikela. Le kajeno sesila se sa ntse se ntshwa jwalo feela. Ha setlhare sena se ikgethang se le siyo, ho nkwa phofshwana ya mahlaku a mefuta e meng e mebedi ya difate tse melang merung kwana ho sebediswe yona.
Ke tla qetella ka ho boela ke hlokomedisa batjha hore ba se leke hohang ho utlwisa batho ba baholo bohloko. Ho sa kgathallehe hore ba utlwiswa bohloko mmeleng kapa moyeng, hoo ho o tlisetsa bomadimabe bo tshabehang boo ho tla ba thata ho bo fedisa.
Se halefise badimo bana ba phelang kapa hona ho ba etsa hore ba o tshware ka pelo hobane ka ho etsa jwalo o ka nna wa senya bokamoso bohle ba hao.
Tsoselletsa dikamano tsa kgotso le bona e sa le nako. [s]
46 BONA SESOTHO - January 2006
Re bua ka ditlhare
Ho ntsha sesila
ka FORCE KHASHANE
Ha o na le potso ka ditlhare, ngolla Force atereseng ena:
Re bua ka ditlhare, Box 473014, Parklands, 2121 kapa o mo romelle email atereseng e reng:
forcek@caxton.co.za
