sotho.106.muthi
Ha o sa itshepa jwalo ka
monna wa sebele
MOBADI enwa re ka bolela hore o fela a kopane le pela di falla. Monna enwa jwale ha a sa kgona ho etsa mosebetsi wa hae wa bonna lenyalong la hae. O re mathata a hae a ne a qale dilemong tsa bo 1990.
Ka letsatsi le leng o ne a palamise mosadi e mong koloing ya hae. O re itse ba kopanya mahlo feela, ya tloha taba.
Ka mora ho bapadisana nakwana, a ya emisa koloi sebakeng se kgutsitseng.
"Ba bapa-bapadisana hape pele ba kena temeng..." (bowatla ba hae ke hore ha a ka a sebedisa kgohlopo).
O re o ne a tsohelwe, empa dintho tsa fetoha ka potlako. "Eitse ha ke lokela wela temeng, mohoma wa hana ho kgatha,"
o boletse jwalo ngwana monna a re omela tsietsi e neng e mo hlahehe hara mpa motsheare leha a ena le bonnete bo feletseng ba hore ha ho letho le phoso botoneng ba hae!
"Ke ne ke leke matsapa ohle hore ke boele ke tsohelwe, empa ya hana hehehe."
"Mosadi eo a mpolella hore ha se ho qala ka nna, a re ba bangata banna bao e reng ha a qala a re o a ikutswa le bona, ba hlolehe jwalo ka nna.
"Ke belaela hore ho teng seo monnaka a se entseng ho nna hore ke se kgone ho etsa thobalano le banna ba bang."
Seo e ne e be ho qaleha ha mathata a mobadi enwa a ho se tsohelwe. "Ke se ke mathile mathuela a mangata," ho bolela yena.
"Ke se ke nwele dipitsa tse ngata ka ba ka tshela le ho tshela empa le letho, ha ho nko ho tswa lemina."
Ke lekile le ya sekgowa. "Ke sebedisitse dipidisi, ka enta, ka ya ditliliniking, empa ha ho letho le etsahalang," ho bolela yena.
Nakong eo a neng a kopana le kgarebe eo re buileng ka yona, o ne a so nyale, jwale e se e le dikgwedi tse tsheletseng a nyetse. "Ho a etsahala ka ngopetshohela ke tsohelwe, empa e ba nakwana.
"Ke hlaloseditse mohatsaka bothata bona, empa yena o re ha ke a louwa, bothata bo kelellong ya ka."
O nepile"
Ebe o otlile kgomo lenaka" Hore mathata ke eng. "Ha feela ke sa tsohelwe ke ena le mohatsaka, nke ke ka ikutlwa ke le monna wa sebele."
Haeba mobadi enwa a belaela hore o louwe, o tlameha hore a leke ho fumana hore ke mofuta ofe wa moriana o sebedisitsweng kgarebeng eo mathata a neng a qale ho yona.
Ho ka etsahala hore o ne a tjhehilwe.
Batho ba etsang sena, ba atisa ho nwa moriana oo pele ba etsa thobalano hore o tle o kene mosading nakong ya thobalano.
E mengata meriana e ka sebediswang ho tjheheng motho jwalo ka ona wa dinta tsa kolobe.
Ha ho hlokahale hore botona ba hao bo be bo kene mosading, ho thetsana feela ha bona le setho sa mosadi ya tjhehilweng ho fedile hore o tswaetsehe.
Monna enwa haeba a tiile a belaela boloi, o tlameha ho kopana le lethuela le laolang ka ditaola.
Ha a se a kgonne ho tseba hore ke mofuta ofe wa moriana o mo tshwaeditseng, o tla kgona ho alafeha.
Mosadi wa mobadi enwa le yena o tlameha ho fumana kalafo e tshwanang le ya monna wa hae hobane le yena ho a hlaka hore o tshwaetsehile.
Kgetha ngaka
Ho sebedisa mathuela a fapafapaneng ha se ntho e nepahetseng. Itlhahlobe bonyane mathueleng a mararo mme ho ona, kgetha le le leng le tla o phekola.
Hopola hore motho ha a alefehe hanghang, ho nka nako, mohlomong dikgwedi.
Ke ena e nngwe tlhokomediso: Ho se tsohelwe e ka nna ya eba letshwao la mathata a kang lefu la tswekere. Ka hoo, ho ka ba molemo ha mobadi enwa a ka bonana hape le ngaka ya sekgowa. Tshetlehela ngaka ditaba tsa hao, o se e patele letho, e bolelle le meriana o seng o e sebedisitse.
Taba eo ke buileng ka yona
ka dingaka tsa setho, e sebetsa ka ho tshwana le mona - eba le mamello o se lebelle diphetoho ka nako le motsotso, empa
ha o sa bone diphetoho,
boela ngakeng e tla o neha
o mong moriana, e tla o bolella hore o sebedise
eng hape.
Ke boela ke a pheta hape hore ho bohlokwa hore ha o bona mathata ana, iphe nako ya ho hlahlojwa ke ngaka ya sekgowa. [s]
Ngolla Force ho: Muthi Talk, Box 473014, Parklands, 2121, e-mail: muthi@caxton.co.za
Ho se tsohelwe e ka nna ya ba letshwao le matla la mathata a kang lefu la tswekere
'
'
KALAFO YA SETHO
DITLHARE
