sotho.1600.legal
BOTHATA
Mosebetsi wa ka o kenyeletsa le ho hira di-subcontractor ho etsetsa sepetlele mosebetsi o itseng. Ke ne ke kope khaphentara e kileng ya nketsetsa dikhabathe lapeng hore e nketsetse quotation ya ho etsetsa sepetlele dikhabathe. Ke ne ke nehe motsamaise wa sepetlele quotation eo, empa yena o ne a kope hore ke batle tse ding tse pedi hore a tle a kgethe ho tsona.
Ke ne ke bolelle khaphentara eo taba eo mme yena o ne a mpolelle hore ke tsela eo dikhampane tse ngata di sebetsang ka yona eo. O ne a mpolelle hore dikhampane tse ngata di e di nehwe di-quotation tse ngata tsa mokokotelo ntle le ho hlokomela. O ne a bolele hore o tla etsa tse ding tse pedi tseo ho tsona ka bobedi a tlang ho bitsa ka hodimo ho ya pele. O ne a bolele hore ha re dumellana ka seo, o tla phumula molato oo ke neng ke ntse ke mo kolota ona ka dikhabathe tseo a nketseditseng tsona lapeng.
Mohiri wa ka o ne a hlokomele qetellong hore di-quotation tseo e ne e le tsa mokokotelo. Ka le leng ke ne ke bone mohiri wa ka a se a fihla le mapolesa lapeng. O ne a mpolelle hore ke entse bobodu mme a mpolelle hore ke tlameha ho itokolla mosebetsing, ho seng jwalo, ba tla nteleka bona. Ke ne ke tshepise ho itokolla ha feela ba se na ho tswelapele le diqoso tseo.
Ka mora matsatsi a seng makae, ba ne ba nkarebe mme ba mpolella hore ke tlohele mosebetsing hang hang, empa ba bolela hore ba tla tswelapele le diqoso. Ke ne ke lelekwe fela ntle le ho reriswa mme ke ne ke bolellwe hore ke lelekilwe nakwana. Ke ne ke lefuwe tjhelete ya ka ho fihlela letsatsi leo ke neng ke qetele ka lona mosebetsing mme ka felehetswa ke balebedi ho tswa khampaneng.
Taba ena ha e nthabise ho hang, ke bona e ka ke qobeletswe ho itokolla mosebetsing mme hape ha ke dumele hore ke entse bobodu.
Nka kgona ho kgutlela mosebetsing mme ba boele ba ntefe le tjhelete ya dikgwedi tse tsheletseng tseo ke di dutseng ke sa sebetse.
Ya kgathatsehileng, Thekong
KELETSO YA SCOPION:
Ka ho ya ka molao wa basebetsi wa Labour Relations Act, taba e kang ena e ne e tlameha ho qala ka hore ho etswe diphuputso mme ka mora moo, o bitsetswe komiting ya kgalemo. Tsela eo sepetlele se tsamaisitseng taba ya hao ka yona, se o timme monyetla wa hore le wena o hlahise dintlha tsa hao ka se etsahetseng, mme mabapi le ho itokolla ha hao mosebetsing, re bona e le ho lelekwa ho seng molaong.
Ho fihla le mapolesa ha hao, e ne e le ho o tshosa hore o tle o amohele sohle seo mohiri wa hao a tla o bolella sona - e leng ho itokolla mosebetsing. Bona ha se boitshwaro bo botle ho mohiri wa hao.
Ho ya ka dintlha tseo o re tshetlehetseng tsona, tsela eo o lelekilweng ka yona, ke e rerilweng hantle. Mohiri o etsa sena ka hore a hlekefetse mosebeletsi ka mokgwa wa hore a qetelle a se a sa thabele le ho tla mosebetsing mme a qetelle a se a itokolotse mosebetsing.
Ho na le nyewe e kang ena e sa tswa iswa ha CCMA, ho yona, ho ile ha fumaneha hore mosebeletsi o ile a lelekwa ka tsela e seng molaong hobane ho ne ho latetswe tsela e sa nepahalang mme lekgotla la laela hore khampane eo e lefe mosebeletsi eo tjhelete e R35 840 jwalo ka matshediso.
Khampane e ne e hanyetsane le qeto ya CCMA mme ya ipiletsa lekgotleng la ditaba tsa mesebetsi, e bolela hore leha mosebeletsi eo a sa fumanwa molato komiting ya kgalemo, empa yona e mmona a sa tshepahala.
Lekgotla la ditaba tsa basebetsi le ne le lekole bopaki bohle bo neng bo tekilwe ka pele ho yona mme ya netefatsa ha qeto ya CCMA e ne e nepahetse hobane ho fihla ha mohiri le mapolesa lapeng la mosebeletsi, e ne e le ho mo tshosa hore a amohele sohle mme hape ho mo kgethisa pakeng tsa ho itokolla le ho mo leleka, le hona e ntse e le ho mo leleka ka tsela e seng molaong. Lekgotla le ne le bolele hore di-quotation tse pedi tseo, di ne di bolela feela ho se itshware hantle ha mosebeletsi, e seng bobodu hobane ha ho bopaki ba bona.
Lekgotla le ne le boele la lekola le dintho tse ding tse kang dikamano pakeng tsa mohiri le mosebeletsi esitana le taba ya ho se tshepahale ha mosebeletsi, e hlahisitsweng ke mohiri. Leha khampane e boletse jwalo, empa lekgotla le ne le bolele hore mosebeletsi o ne a sa tlameha ho lelekwa komiting eo ya kgalemo.
Lekgotla le ne le qhale boipiletso boo, la laela khampane ho lefa mosebeletsi tjhelete e neng e behilwe esitana le ditjeho tsa nyewe.
Ka ho latela dintlha tsa nyewe eo re sa tswa bua ka yona, re nahana hore le wena ha o ka fumana leqwetha le tla o thusa, ho ka fumaneha hore o lelekilwe ka mokgwa o rerilweng mme o fumana tjhelete ya matshediso.
O e tlisetswa ke ba ha BONA le Scorpion Legal Protection.
BONA SESOTHO September 2008
KELETSO YA MOLAO
O entse BOBODU
O e tlisetswa ke ba ha BONA Legal Advice, Box 32083, Mobeni, 4060 - o ka fumana monyetla wa mahala wa ho bua le leqwetha metsotso e 30 mahala, mohaleng kapa dikantorong tsa bona hohle naheng ena.
Re netefaditse hore dikeletso tsohle; tseo re di nehwang ke tse nepahetseng. Empa nnete ke hore nyewe ka nngwe e hloka ho fuputswa mme Scorpion Legal Protection (Pty) Ltd, ditho tsa balaodi ba yona le BONA mmoho le baphatlalatsi ba yona, ba ke ke ba rwala boikarabello ha motho a hlotswe ke nyewe hobane a latetse dikeletso tsa rona.
SE NKILWE KE DIBONTSHI
BONA SESOTHO August 2008
