sotho.159.yourfamily_child
Bana ba a bua
BANA BA SA BATLENG HO KGWA LETSWELE
Bana bana ba ebe ba hotse ho leka ho utlwisisa ha motho a re "tjhe" - o tlameha ho mo hlalosetsa hantle hore jwale o se a hodile mme ha a sa tlameha ho nyanya.
Phehella. Se mo dumella kajeno, o mo hanele ka le hlahlamang, o tla mo ferekanya ka ho etsa jwalo.
O se ka kgathatswa ke ho lla ha hae. Mmontshe lerato ka ho mo aka.
Mo hanele haholoholo nakong eo a tlwaetseng ho nyanya ka yona. Mo nehe dintho tsa ho bapala, kapa le etse seo a se ratang haholo ka nako eo.
Ba bang ba ithabisa ka letswele, ka hoo, mo thabise ka ho hong, jwalo ka ho mo sidila mokokotlo kapa hona ho mminela.
Mo nehe dino le diseneke pele a lapa.
Ha ho le boima, qala ka ho se mo nyantshe kgafetsa pele o mo kgwisa. Mohlala: "Mmolelle hore o se a tla nyanya bosiu feela." [s]
E bokeleditswe ke: Ntokozo Maseko
(E qotsitswe ho: www.minti.com le www.babycentre.co.uk)
Re buile le Lesedi Maseko wa Springs, Joburg mme ke sena seo a se boletseng
E ne e le letsatsi la hao la tswalo maobanyana mona, ke eng o e ratang ka letsatsi la tswalo?
Ke le rata hobane e ba moketjana wa ka oo ka ona ke fumanang dimomonane le dino tse monate.
Matsatsai a tswalo a bolela ho hola, wena o rata ho ba eng ha o se o hodile?
Ke rata ho ba mme hobane ho monate ke tla ya keretjhe le yena ke thuse bana ho etsa mosebetsi wa bona.
Ke eng e nngwe e monate ka ho ba mme?
Bomme ba rwala dieta tse kgolo, ba kganne dikoloi tsa bona ba ye le kerekeng.
Le wena o a e rata kereke?
E hobane kerekeng ho jewa dibiskiti ho nowe le dino, hape ke rata Modimo mme ke rata ho mmona.
Ke mang e mong eo o mo ratang jwalo ka Modimo?
Ke rata ntate wa ka hobane yena ha a mpitse Lesedi, o mpitsa "mabhebeza" mme nna ke tshehe.
NGWANAHAO
Haeba o rata re buisane le mora kapa moradinyana wa hao, re ngolle ho BONA/Kidspeak, Box 473014, Parklands, 2121. Re bolelle dilemo tsa ngwanahao, o kenye le foto ya hae le mohala oo re ka o letsetsang ho ona motsheare.
Mekgwa ya ho robala
Ho na le mokgwa wa ho etsa dintho tse tlwaelehileng. Re e re etse dintho hobane re lebeletse sephetho se itseng - ke ka hona le mokgwa wa ho robatsa ngwana o leng bohlokwa. Sena se tla neha wena le ngwanahao mekgwa ya ho mo robatsa ka nepo kamehla. Ka lebaka lena ngwanahao o tla robala ka bonolo. Sena se tla ba molemo ho lona ka bobedi, ho bolela Jacqui Flint wa Baby Love, khampane e shebanang le mekgwa ya ho robatsa bana basading ba tlang ho tsibola le ba nang le bana ba dilemo di ka tlase ho tse pedi.
Mokgwa wa ho robatsa ngwana o ka o qala tsatsing la pele o kgutlile sepetlele, ke yena eo. Hang feela ha o ka kgona ho bona mokgwa o le sebeleditseng ka bobedi, ho molemo hore o hle o sebedise ona, ntle le ha ngwana a kula.
Ke tsena dikeletso tsa Jacqui tsa ho ruta ngwana mokgwa wa ho mo robatsa:
SE KA
Tlwaetsa ho robatsa ngwana ka ho mo koeetsa kapa o mo kganne ka koloyana ya hae.
Tlwaetsa ngwana ho robatswa ka letswele kapa botlolo.
Robatsa ngwana bosiu haholo ka kgopolo ya hore o tla phakisa ho robala hobane a kgathetse. Ngwana o tla hlobaela, ho be thata ho fihlelwa ke boroko.
Qobella ngwana hore a se robale.Dumella ngwana ho robala ka ho feletseng ho ya ka dilemo tsa hae.
O ka
Beha ngwana fatshe hore a ithoballe ka boyena.
Dumella ngwana ho lla a tefe pele a robala.
Mo kgothaletse ho ja a kgore.
Ithuta mekgwa ya hae ya ho lla, o tle o tsebe seo a se llelang - o tsebe ha a otsela, a lapile kapa a batla ho bapala.
E ba le nako ya kgutso nakwana pele ngwana a robala hore a tle a tsebe ho phomola hantle mmeleng le kelellong.
