sotho.1598.consumer
Ho tla etsuwa jwang ha ditlhoko tsa bohlokwa tse kang, bohobe, lebese le meroho di se di bitsa tlolo ya molao hoo malapa a mang a seng a tla hloleha ho di fihlela" BONA e eletsa bareki...
Re fe
bohobe ba letsatsi
O MAKADITSWE ke resiti ya hao ya korosare" Helang batho! Mona ha re bue ka dintho tsa boithabiso. Re bolella ditlhoko tsa bohlokwa tse kang bohobe, moroho, mahe le dijo tse ding tseo jwale di seng di bitsa ho feta ka moo o neng o lebelletse.
Theko ya dintho e nyoloha ho feta tekanyo. Ho a tshosa.
Ho ya ka ditlaleho tsa National Agricultural Marketing Council (NAMC) Food Price Monitor Report, theko ya dijo e nyolohile ke dipersente tse ka hodimo ho tse 13 ho tloha ka Pherekgong 2007.
Bohobe bo bosweu le bo bothokwa bo nyolohile ka 16% le 19%. Mokotla wa 5kg wa phofo ya poone o nyolohile ka 22% (e thumisehileng) le 28% e nngwe.
Dietswa tsa lebese tsona ka 33% ka kakaretso, ha meroho e le 38%.
Nama le yona ha e sa salla morao leha e sa nyoloha ka matla jwalo ka dijo tse ding. Rona bareki re tla etsa jwang ha ho le tje"
Bohato ba pele ke ba ho shebisisa ka moo o sebedisang tjhelete ka teng. "Re nakong e thata ho tsa ditjhelete mme re lokela ho phema ho ikenya dikolotong tsa nako e kgutshwane mme re leke ho fokotsa le tsa nako e telele ka hohle ka moo re ka kgonang," eo ke keletso ya Ngaka Mohammad Karaan wa lefapha la Temo le Moruo wa yunivesithing ya Stellenbosch.
Se reke dijo, diaparo le dintho tse ding tsa boithabiso ka sekoloto. Ho ka nna ha bonahala eka ke mohopolo o motle ho reka ka mokitlane empa shebisisa se tla etsahala kamoso...
Ho lefella sekoloto sa credit card sa budget sa R5 000, ka dikgwedi tse 12 tlasa maemo a kajeno a phaello, ho bolela hore o tla lefa R5 760 bakeng sa sekoloto seo sa R5 000. Karaan o re ho fokotsa ho reka dintho tsa boithabiso ho ka o fokoletsa ditjeho.
Ipotse bohlokwa ba dietswa tse phuthetsweng ka mabenyane, ho ja mabenkeleng le tseng tseo ho thweng ke tsa ho eketsa boleng ba seetswa, di fela di le bohlokwa haholo ho wena kapa tjhe. Hape ho bohlokwa ho lekalekanya manane mabenkeleng a fapaneng pele o reka.
Boleng
Bakeng sa bohobe, Jannie De Villiers, mookamedi wa National Chamber Of Milling, o re phapang e kgolo pakeng tsa thekiso ya bohobe ka ho fapana ha ona. "Theko e fapana ho tloha ho R4,50 ho ya ho R8 lofo," ho bolela yena.
Hape le mabenkele a mang le ona a theola theko ya bohobe ka nako e nngwe ka mafelo a bebe. Bareki ba ka kgonang, ba ka ithekela dilofo tse ngata dinyehlisetsong tseo, ba di boloke ka sehatsetsing.
Bohobe bo bosootho bo theko e ka tlase ho ya bo bosweu ntle ho ha e le ba mofuta o mong o ikgethang. Profesara Andre Jooste, wa Lefapha la Temo le Moruo, Yunivesithing ya Freistata yena o re, re lokela ho shebisisa hantle pele re reka ho netefatsa hore re fumana molemo bakeng sa tjhelete ya rona.
Bohobe ha re etsa mohlala, bo fumaneha ka 600g kapa ka 800g lofo ka nngwe mme o lokela ho kgetha hore o batla molemo o moholo bakeng sa tjhelete ya hao kapa tjhe. Jooste o re motho a ka boela a iphehelang bohobe lapeng haeba hoo ho mo bolokela tjhelete.
Bo bobebe
Empa re lokelang ho shebisisa ho hong. Dipatlisisong tse sa tswa etswa tsa South African Bureau Of Standards (SABS) di bontshitse hore 23% ya mefuta ya bohobe eo ba e lekileng e ne le bobebe haholo ho feta ka moo e lokelang ho ba ka teng.
"Boima bo bapaditsweng" ho ya ka hore lofo e boima bo bokae ha e qeta ho bakwa. Bo lahlehelwa ke boima ha bo ntse bo tsofala, e leng se bolelng hore ho ka nna haeba le phapang e nyenyane - leha ho le jwalo bareki ba kgothalletswang ho tlaleha ho SABS ha ba kopane le bo nang le phapang e kgolo ya boima bo lebelletsweng bohobeng.
Letona tsa la Temo, Lulu Xingwana yena o re ho thehwa ha dibaka tse ngata tsa ho baka mahobe mahaeng ho thusitse ho theola theko ya bohobe le ho etsa hore bo fumanehe ka bonolo.
De Villiers o dumela hore hona ho thusa le ho nyolla maemo a tlhodisano thekisong ya bohobe. Ke ka hona dikhampane tse ngata tsa ho baka di ileng tsa putlama kapa tsa hula ka falese.
Ho ditjeho ho iqalla kgwebo ya bohobe ho ya ka Profesara Hester Steyn wa Department Of Consumer Sciences wa Yunivesithing ya Freistata. "Ba bangata ba kenang kgwebong ena ba qatella ba iphumana ba sa kgone le ho reka folouru feela ka mora ho reka ditlhoko tsohle tsa ho baka." Meroho yona ho molemo ho itemela hobane o qetella o ena le mefuta e mengata e fapaneng. Ha ho bonolo ho boloka tjhelete thekong ya lebese. Steyn o re lebese la phofo kapa la long-life le ka nna la ba molemo ho feta le tlwaelehileng leha ka nako e nngwe a bitsa ho feta.
La phofo ha le monate haholo esitana le long-life. Yona e hloka ho bolokwa sehatsetsing hang ha e se e butswe. Jooste o eletsa hore ho molemo ho le reka dibakeng tseo o tlang le kgamelo ya hao hobane o tla fokotsa ditjeho tsa ho lefella le kgamelo. Leha ho le jwalo bareki ba eletswa ho sebedisa monyetla ona ha feela ba bona hore le tla bolokeha le le foreshe ka tshwanelo. [s]
(hobane ha re sa kgona!)
KELETSOYABAREKI
Se kgatshehe!
Le tse theko e tlase di molemo
Batho ba bang ba nahana hore bohobe bo theko e tlase bo ebe bo se na phepo e ntle. Jannie De Villiers wa National Chamber Of Milling o re netefaleditse hore seo ha se nnete. "Mefuta yohle ya folouru ya ho baka e netefaditswe, e leng se bolelang hore e rekisetswa setjhaba e ena le phepo e lekanang," ho hlalosa yena.
"Bohobe bo theko e tlase bo ka nna ba bolela hore feela bo se bo ena le matsatsinyana bo bakilwe ho feta bo bitsang, empa hoo ha se mathata bakeng sa malapa a maholo a tla phakisa ho bo qeta."
