sotho.158.chomee
Re bua le Chomee...
CHOMEE ke e mong wa basadi ba batle mminong wa Jozi. "Ka nako e nngwe ke phethoha hona hoo batho ba rwalwang ke maikutlo, ba nahane dintho di hana ho fela empa ha ho seo nka se etsang le nna, ke mosebetsi wa ka," e boletse jwalo naledi ena e nang le video e hlaha ho di feta, ya Jiver Sexy.
"Motjeko wa ka o tsamaisana le morethetho wa mmino," o rialo a ithatile sofeng, a eja ice-cream ya vanilla nakong eo a shebelletseng DVD. "Ha o batla ho tseba nna ka sebele, fihla ho nna lapeng."
Setjhabeng kapa ha a se sebayeng, Chomee o ka hodimo hole ho seo re hlolang re se bone ditshwantshong tsa dipapatso tsa mosebetsi wa hae. Haufinyane o tswile le kgau ya Best Styled Artist dikgaung tsa Metro FM mme ha ho makatse.
Batho ba fetoha le yena hohle. Le kajeno, o ne a tenne jean e mo manamang, a lohile a rwetse diborele tsa maemo mme ha a hlaha bohle ba ile ba phahamisa mahlo.
O DIEHILE le ho utlwa ha re kokota leha modumo wa tshepe ya ha hae e le selelekela sa pina ya albamo ya hae e ntjha, Twice As Nice e leng e nngwe ya dintho tse neng di behe dihlopha tse kang Boom Shaka le Abashante maemong a hodimo mminong.
"Ha ke sa e utlwa leha e lla," o boletse jwalo ka pososelo. "Empa ha e le yona ke e rata haholo hape ho a nthabisa ho ipona ho TV le ho bina meketeng empa ke mosebetsi o boima."
Ho thata le ho etsa hore batshehetsi ba shebane le mmino feela ba tlohele ho nna ba mamela ditlaleho tsa dikgohlahano pakeng tsa Chomee le Kelly Khumalo.
"Kelly re ne re qoqa hantle re sa ntse re itlhophisetsa ho bina dikgaung tsa Metro," ho bolela Chomee. "Re bua ka serame sa PE haholoholo ho rona bobedi hobane re tena diaparo tse hlahisang mmele ha re bina.
"Ha re metswalle empa re a hlomphana. Kaofela ha rona basadi ba dibini re tshwere bothata bo tshwanang - re sebeletsa ho beha mmino wa Afrika Borwa mmapeng wa lefatshe selemong sena."
Mookamedi wa Chomee wa 999 Records, Arthur Mafokate, o re o se a di tlwaetse diqhwebeshano tsa basadi bao mmino wa bona o rekisang haholo le tlhodisano ya hore ho bina mang, kae, neng meketeng. O se a hlahiseditse ba bangata mmino, ho balellwa le Abashante, Queen le Nestum. Ke nako ya Chomee jwale mme o se a mo rupelletse hore a tsebe ho bina a le mong a kgone ho itshwara jwalo ka naledi.
O ne a kena poraemari ha a ne a qala ho mo bona a tjeka sekolong sa motjeko sa Meadowlands - a le motle a bile a ena le neo e babatsehang e kgahlang mahlo mabaleng a maholo a bolo ya maoto. "Haesale ke rata ho tjeka," ho bolela yena. "Ke ho fela ha mosebetsi oo ke o tsebang, ke bophelo ba ka. Ho eta ka sefofane le ho robala dihoteleng ke ho qadile kgale."
HA a le dilemo di robong, Arthur a bina le yena sehlopheng sa hae dipontshong tse ding tsa TV. Ka nako eo sehlopha sa hae sa pele sa banana sa Abashante se nkang kwaito ka sefefo, Chomee a qala ya hae tlhodisano meketeng ya mmino, a qothisana le hlokwa le bo Lebo, Thembi, Rebecca le mekaubere, mofu, Brenda.
"Ke ne ke le ngwana, ke ithuta ho bona kaofela," ho bolela Chomee. "Ke ne ke phela le dinaledi. Sefofaneng basebetsi ba teng ba mpitsa ''ma'am' mme le nna ke nkwa jwalo ka motho wa bohlokwa jwalo ka sehlopha sohle sa Arthur.
"Ya eba lelapa la ka la bobedi."
Arthur o qadile motjekong mme sehlopha sa hae se ikwetlisa ka thata jwalo ka sa bolo se ho PSL. Chomee o ikwetlisa dihora tse nne ho ya ho tse hlano ka letsatsi ka Mantaha ho ya ho Labohlano. Matsatsing ana batho ba fetoha dinaledi ka nako le motsotso empa Chomee yena ho mo nkile dilemo a ntse a ithuta mekgwa yohle ya motjeko, ho bina le ho ngola dipina hona mona ho 999.
Le diaparo tsa hae - tseo a binang ka tsona sebayeng - di akantswe ke dibini tse ding tsa hona moo 999. "Ke shebella di-video tsa mmino - dibini tse kang Janet Jackson, Beyoncé le Rihanna, le tsa kwano," ho bolela Chomee. "Ke ithuta mokgwa oo ba tjekang ka ona, ke tena jwalo ka bona, ke leke ho bina jwalo ka bona. Ke shebella bona feela ho MTV le Channel O."
HA JWALE, o bina meketeng e mene mafelo a mang le a mang a beke, a ye dipuisanong, le boikwetlisong ba motjeko, o natefelwa ke ho fihla hae hara kgitla ho feta hore a ye ditlelapong!
Boithabiso ho yena ke ho rwala diteki le diaparo tse tlwaelehileng tse mmala o mosehla le bopinki jwalo ka banana ba bang mme a shebelle difilimi. "Ho nna ho ya ditlelapong ho tshwana le ho ya mosebetsing, ha se sebaka sa phomolo."
Leha a apara diaparo tse ngata tsa feshene le dieta tse phahameng sebayeng ha ho tseo a itheketseng tsona. O dutse a kutile manala hore a se kenwe ke lerole ha a tantsha. O ikgaba ka diborele tsa feshene ha a le hara batho.
Ho ba le moratuwa ha e so be ntho ya bohlokwa ho yena ha jwale ka ha o sa ntshetsapele CD hore e rekise dikhopi tse yang ho 25 000. Monna bophelong ba hae ke mohlokomedi wa hae, Johnny Koloane, ya mo hlophisetsang mosebetsi mmoho le Arthur, o mo isa hohle moo a lokelang ho ya teng, a mo sireletse, a shebisise le batho ba mo founelang.
"Batshehetsi ba kopa nomoro ya ka ho Johnny," ho bolela Chomee a tsheha. "Ha a dumele hohang ka yona." O mo rutile ho kganna mme a pasa di tloha feela selemong se fetileng. "Ke ne ke ithute ho paka koloi ka thata jwalo ka ha ke etsa ha ke itlhophisetsa ho ya tantshetsa Jiver Sexy le Tell Me What You Want."
"Lengolo la ho kganna le bolela hore ke se nka ithekela koloi ya ka ya pele - e nyenyane tjena. BMW ke tla boela ke e bona ha thekiso ya mmino wa ka e se e fihlella maemong a platinum." [s]
BONA SESOTHO - March 2007
O a tjhesa ngwanana ka tse kgubedu - Chomee ha a se a tjeka sebayeng, madi a a nyoloha ho ba mo shebelletseng mme ke ka hona a thabelang ho ba thokwana le meketjana ha a se mosebetsing. (Diaparo: SXY; masale: Ruby In The Dust; dieta: Europa Art.)
Ya matjato ngwanana
Lebala ka bohlaha ba hae - ha a se sebayeng, o ithatela ho paqama sofeng, a itjelle ice-cream nakong eo a shebelletseng di-DVD
pale ka DOUG GORDON ditshwantsho ka IVAN NAUDE; mekgabiso ya sefahleho le moriri: FAITH SEUOE; setaele ka: MARINA WALSH (Setshwantsho sa ka ntle: top le masale: Ruby In The Dust; sefaha: YDE.)
Ngwanana o tenne tse mmala wa kgauta - Chomee o rata mmala ona le selefoune ya hae ya D&G e jwalo feela. (Top le dintho ta ho ikgabisa: Ruby In The Dust.)
BONA SESOTHO - March 2007
