sotho.1007.yourlifeguide_HIV
Criselda ya ratehang
Na o na le seo o batlang ho se tseba mabapi le HIV kapa EITSI? Ho na le se o ferekanyang? O kgathatsehile? O tshohile? Se nyahame, sebohodi sa radio le TV, Criselda Kananda se tla araba dipotso tsa hao kaofela
HIV e qeta setswalle
Criselda ya ratehang: Motswalle wa ka o na le HIV, ha ke tsebe hore nka mo tshehetsa jwang. Re dilemo di 15 re le metswalle, empa ke bona eka bokulo ba hae bo ama setswalle sa rona. Ha re sa qoqa hantle hape haesale motho eo ke mo tsebang.
KG, Alberton
Karabo ya Criselda:
Ena ke phephetso e tobanang le metswalle le malapa a mangata. Hang feela ha metswalle ya rona e re bolella maemo a yona a HIV, re e re nahane hore bophelo ba yona ke boikarabelo ba rona. O e o bolelle motswalle wa hao hore o tlameha ho ja eng, a nwe eng, a apare eng, re etsa e ka re ditsebi tse kgolo. O hlokomele sena; ha o moeletsi wa tsa bophelo botle, empa o motswalle.
Seo o ka se etsang, ke ho etsa dintho tseo le neng le tlwaetse ho di etsa pele a kula. Mohlomong ho ka etsahala hore o ne a so ikemisetse ho bua ka maemo a hae a HIV, mme jwale o a ikwahlaya ka ho o bolella ha hae. Haeba o ka tsepamisa kelello setswalleng sa lona, ke tshepa a tla kgutlelwa ke boitshepo boo mo lahlehetseng.
Ho bua ka HIV ngwaneng wa ka
Ke ikgodisetsa moradinyana ya dilemo di supileng, ya neng a betwe a ba a tshwaetswa ke HIV. Ngaka e ne e mpolelle hore o se a tlameha ho qala di-ARV. Ha ke so mmolelle ka bokulo ba hae. Ke ntho eo ke tla e etsa jwang ena?
Ester Janjties, Kenilworth
Karabo ya Criselda:
Ana ke maemo a bohloko ao motswadi kapa molebedi wa ngwana a tobanang le bona. Ho ka ba molemo ha o ka sebedisana le moeletsi ya rupeletsweng kapa ngaka ya kelello.
Taba ya bohlokwa ha o bolella motho taba, ke hore o e beha ka mokgwa ofe. Ho bua le moradinyana wa hao ho tla le fetola maikutlo. Haeba o sa buisane le yena hantle, dintho di ka senyeha, a qetelle a inyatsitse ka ho betwa hoo.
O tlameha ho ikutlwa a amohelehile, a tshwarehile ha monate nakong eo o buang le yena. Ngwana ya ikutlwang a amohelehile, o a phuthuloha a bue ka maikutlo le mathata a hae. Ho tseba hore o mo rata a le seo a leng sona, ho tla nyolla boitshepo ba hae. O tlameha ho hlokomedisisa mokgwa o tla beha taba ena ka ona mme ke kopa o fumane thuso. O se ke wa lebala ho kopa keletso ya ngaka jwalo ka ha e le mosebetsi o moholo ho qadisa ngwana di-ARV.
Ke bolele ka maemo a ka?
Ke se ke le dilemo di ngata ke phela le HIV. Ke sa tswa kenya kopo ya mosebetsi mme ke butsitswe hore ka na le bokulo boo ke nang le bona. Ha ke na bonnete hore ke bolele ka maemo a ka kapa tjhe. Potso eo ha nka ba ka e araba. Kgetlong le tlang ke bolele ha ke botswa potso e kang ena ha ke batla mosebetsi?
Dora D, Pretoria East
Karabo ya Criselda:
Se sebe ke hore batho ba ntse ba kgenthollwa ka lebaka la maemo a bona a HIV, e leng se kgahlano le molao. Taba ena ke yona e etsang hore batho ba se bolele ka maemo a bona a HIV.
Ho araba potso ya hao, ho tla ya ka mofuta wa mosebetsi - ho teng mesebetsi eo ho bolelwang ha o se na kgona ho e etsa hantle ka lebaka la bokulo ba hao.
HIV e ke ke ya neheletsana ka ho thetsana mosebetsing mme ha ho kotsi ya tshwaetsano. Haeba o ithaopa ho bolela maemo a hao, ho na le melao e behilweng e thibelang khampane hore e se ke ya o kgentholla ka lebaka la maemo a hao.
O reng ka bokamoso
Ke dilemo di 21, ke tsebile maqalong a selemo hore ke na le HIV. Ke lakatsa ho nyalwa hape ke be le bana empa ha ke batle ho bakela batho ba bang morwalo. Dikamano tsa ka le mohlankana wa ka di bosula. Ke sa tswa kopana le monna e mong ya nthatang mme ka mo bolella maemo a ka, o ntshehetsa haholo. Ke kopa keletso hobane ha ke tsebe seo ke lokelang ho se etsa bakeng sa bokamoso ba ka.
Vannessa, CT
Karabo ya Criselda:
Ke qala ka ho o lebohela ha o entse diteko, o tseba maemo a hao. O lokela ho bua le setsebi se thobang maikutlo hore o fumane dikarabo tseo o di hlokang.
Hape o ke ke wa tseba ho lokisa dikamano tse bosula ka ho theha tse ding tse ntjha. Ha se nnete hore ha o ena le HIV o ke ke wa ba le bana, nnete ke hore, o ka nyalwa mme o phele hantle. Empa ha feela o ka kgetha ho itlhokomela, o amohele boikarabelo ba ho phela le masole a mmele a seng matla hobane a thefulwa ke kokwanahloko ena.
O na le bokamoso bo botle empa ha feela o ikemiseditse ho etsa se hlokahalang ho wena. Ke nako ya ho phela, o phele hantle.[s]
HIV P&K
Na le wena o na le dipotso?
Ngolla
Criselda ho HIV Q&A, Box 473014, Parklands,
2121.
Re ke ke ra phatlalatsa lebitso la hao ha o sa rate.
