sotho.1589.lettermar
Le hapileng R100
Mangolo a hao
BALA LENGOLO LENA!
Le tla fetola bophelo ba hao!
BOPHELONG o tlameha ho etsa dintho ka bohlale, o tsebe ho sefa bobe botleng ntle le ho nna o beha sena le sane...
Ke ne ke dule le rakgadi mme ngwahola keha a lahlehelwa ke mosebetsi. Re ne re se na le tjhelete, ke ha a ntshiya moo Polokwane e leba Gauteng ho ya batla mosebetsi. Maemo a ne a hlile a le mabe - ho hlekemane!
Metswalle ya ka e ne e hane ho nthusa. Ba ne ba mpolelle hore le bona ba mathateng a tshwanang le a ka. Ba ne ba mpolelle hore ba ne ba kene mosebetsing wa bohlola hore ba fumane tjhelete mme ke ha ba nkeletsa hore le nna ke etse jwalo.
Ka lebaka la tlala, ke ne ke tsamaye ke ba mokopakopa makopanong a ditsela. Ka qetella ke otile ke tlala...
Ka qetella ke batlile tharolo. Ka ya ho baahisani ka kopa ba mphe mosebetsi oo ka ona ba ka ntefang ka poleiti ya papa.
Ba ne ba nkutlwele mme ba ne ba mphe mosebetsi le dijo mme ba ntefe R100 ka kgwedi, dikgwedi tse tsheletseng.
Ka lehlohonolo la moteha phala, rakgadi o ne a fumane o mong mosebetsi mme dintho tsa boela madulong. Empa ho teng seo ke ithutileng sona. Nke se tlohele mosebetsi kapa hona ho tlohela ho ntlafatsa bophelo ba ka.
Kajeno ke na le kgwebo eo e leng ya ka lapeng.
Metswalle ena ya ka e se e tlile ho nna ho tla kopa tshwarelo ka seo ba neng ba se etse. Haeba ke ne ke kene ka hlooho ho rekiseng mmele - nka be ke shwele ke EITSI. Inahane hantle, o se nke diqeto tse sa lokang.
Se leke o tlole molao, o rekise ka mmele, o tla ikenya mathateng. Inahantshise, o sebedise matsoho le kelello ya hao ka nepo!
Molosadi Modiba, Segopje
Ba tshware jwalo ka batho
Ke makatswa haholo ke tsela eo batho ba holofetsheng ba tshwarwang ka yona. Ba a kgarametswa hape ho tshehiswa ka bona dibeseng le ditekesing, ha ho ya nang le mamello ya bona.
Ha re hlokomeleng batho ba habo rona ba holofetseng, Maafrika Borwa. Ha ho phapang pakeng tsa rona le bona!
Thando Ntombela, Dobsonville
Ntlafatso ya mahaeng
Ntho ya pele eo re tlamehang ho nahana ka yona ha re bua ka ntlafatso ya mahaeng, ke ho arolelana!
Ha re thabeleng seo mmuso o re etseditseng sona, re se sebedise hantle.
Re ke ke ra ba le motlakase, metsi, mmila le matlo ka nako e le nngwe.
Ho na le batho ba amohelang pei ya bana ba dulang matlong a nang le motlakase a ahilweng ke mmuso empa ba dutseng ba tletleba hore mmuso ha o tlise ditshebeletso setjhabeng!
Ha re beng le mamello le rona re tla kgola molemo mmusong ha nako e fihla.
Matitjhere, bana le thobalano
Matitjhere a bang le dikamano tsa marato le baithuti ke bothata bo boholo dikolong tsa habo rona.
Ha ba ba rate, ba mpa feela ba lakatsa ho etsa thobalano le bona! Ke ka hona matitjhere a fetohelang bana ba ba rutang!
Ho etsahetseng" Wena jwalo ka motswadi, o isa ngwanahao sekolong ho ya ithuta o sa tsebe hore o ilo fetolwa lekgoba la thobalano.
Le haeba ba dumela, hoo e ntse e le tlolo ya molao hobane e mong e be e le ngwana. A ke ke a kgona ho ikukela qeto e kang eo ka boyena.
O ne a sa tlameha ho etsa jwalo, jwalo ka ha a ntse a le sekolong.
Sena se bolela hore matitjhere a jwalo a a beta.
Rantlo Mlangeni, Soweto
BONA SESOTHO - March 2007
Romela mangolo a hao ho: Mangolo ho Mohlophisi,
Box 32083,
Mobeni, 4060,
South Africa
fax: 031-912-2720
e-mail: bona@dbn.
caxton.co.za
u
t
Ha re pokoleng re iketsetse. Di teng diprojeke tseo re ka di thakgolang moo mahaeng mme le ditjhelete tsa tshehetso di a fumaneha.
Batho ba tlameha ho phaphama ba tsebe se etsahalang haufi le bona.
N. Mbobo, Mount Fletcher
Bana ha ebe bana
Matitjhere a mangata a batla hore bana ba kgone ho inahanela ka bobona, ba kgone ho iketsetsa mosebetsi, empa re hlokomele hore re se imetse bana.
Ba tla kgona jwang ho emelana le ditaba tsa dipolotiki ba ntse ba emetswe ke a bona mathata"
Ba ka kgona jwang ho utlwisisa ditaba tse amang sebaka empa ba ntse ba tlameha ho itlhokomela"
Ba ka kgona jwang ho utlwisisa ditaba tsa matjhaba ba ntse ba qakilwe ke tsa bona"
Ha re sa elellwe, bana ba nang le mathata, re ba kenya mathateng le hona ho ba tshosa. Ha re a tlameha ho ipolella hore mathata ana ha a yo. Re tlameha ho a nka hanyane hanyane.
Re tlameha ho tsebisa bana ka tsela eo ba tlang ho kgona ho e utlwisisa.
Re ka etsa mohlala ka hore haeba o rata ho ruta ngwana ya dilemo di tsheletseng ho ya ho tse supileng le tseding dintho tsa tikoloho, o tlameha ho mo ruta ho hlokomela ditanka tsa metsi.
Andrew Noge, Lyndhurst
Se ka tshaba!
Ke nako ya ho bolela maemo a hao a HIV bathong ba haufi le wena. Ena ke qeto e nepahetseng jwalo ka ha o tla ba le batho ba tla o tshehetsa le hona ho o thusa.
Ke a tseba taba ya pele ha o qala ho utlwa hore o na le HIV, o qala o ngongorehe mme o patele le batho ba haufi le wena taba ena.
Ha o a tlameha ho tshaba letho!
Se thole! Bolella ba haufi le wena, jwalo ka bana le batswadi ba hao. Ha ho tlhokeho ya ho nna o ikwahlaya.
O ba nehe nako ya hore ba utlwisise le hona ho amohela.
Hape maemo ao a se eme bokamosong ba thuto ya hao. Zokwana Papikie, Mogoto
Mathuela a kotsing
Ke ngongorehiswa ke tsela eo batho ba arabelang pitso ya badimo ka teng. Mathuela a mang a ipeha kotsing ka ho etsa meetlo ka tsela e seng yona.
Ha ekaba motho a bitswa ke badimo mme iphapanyetsa bona, o atisa ho kula.
Ha sena se etsahala, ho hlokohala ho be teng seo ba se etsang. Empa pele ho ka etswa seo, ya mo alafang o tlameha ho ya le yena nokeng ho ya buisana le badimo hore ba mo kgantshetse hore na motho eo a ka alafuwa jwang.
Ke ha o se o entse seo moo o ka kgonang ho qala ho ya etsa moetlo oo o neng o tlameha ho o etsa jwalo ka motho ya nang le pitso ya badimo.
MM, King William's Town
BONA SESOTHO - March 2007
Mangolo a hao
O IKEMISEDITSE KA LERATO:
hobaneng ho LOKILE ho ratana le motshwaruwa
Ke eo karabo...
KE rata ho araba bana ba bolelang ha e le tshenyo ya nako ho ratana le motho ya tjhankaneng.
Ke nahana hore ha ho lere lebe ho ratana le motshwaruwa hobane le bona ke batho, hara bona ho ntse ho le teng ba ikemiseditseng ka lerato leha ho ntse ho le teng ba ithabisang feela.
Ke bolela motho eo o ka nnang wa fumana molekane eo o ka kenang le yena lenyalong. Ba bangata batho ba qalang dikamano e le metswalle mme ba qetelle ba se ba nyalane.
O se lebale hape hore ha se bona bohle batshwaruwa ba babe. Ho ba le moratuwa o le motshwaruwa ho o thusa haholo le tlhabollong ya hao hore tjhe le wena o bone hore ha o seollwe, o ntse o le setho sa setjhaba.
Albie Ncama, Patensie Correctional Services
KE NAKO YA HAO: O kile wa ba le dikamano tse neng di qale e mong a le tjhankaneng" Ho ne ho etsahaleng" Le ne le kgone ho ntjhafatsa bophelo ba lona nakong eo a neng a tswa tjhankaneng" A ko re ngolle o re bolelle maikutlo a hao! [s]
O ka sebedisa
lebitso leo e seng la hao la nnete bakeng sa phatlalatso, empa o re bolelle la hao la nnete mmoho le aterese. Ha se hore re dumellane le babadi bao re phatlalatsang mangolo a bona mme hape re na le tokelo ya ho hlophisa mangolo botjha
bakeng sa phatlalatso.
