sotho.1585.cycle
BONA - August 2005
KA HO LE LETONA: O boloke mmele o shahlile... Emmanuel o swaya baesekele Accra.
pale ka WALTON GOLIGHTLY
ditshwantsho ka KWASI KPODO
KA HODIMO: Mohale wa rona mmoho le mohatsae, Elizabeth, le moradi wa bona Linda.
O TSWETSWE LE leoto le letle la ho raha bolo, mahetla a sephara a ho ba sesesi se pele ho Diolimpiki kapa ona matshwafo a matla ho mo jara hore a qete lebelo la marathone...
Empa o tswetswe a holofetse, a se na leoto le letona mme hape o hotse a robala leroleng, lapeng le neng le se na le motlakase, kapa ona metsi a pompo, empa mmele wa hae o kwenneng le tjheseho ya ho batla katleho, di mo thusitse ho fihlella maemong ao a leng ho ona. Empa kgolofalo ha e bolele hore motho o se a ke ke a kgona ho matha hohang, ba mmalwa ba ntseng ba ka atleha le hara mathata a ho shebelwa tlase mme Emmanuel Ofosu Yeboah ke e mong.
O ne a se na ditlhoko hohang jwalo ka motho ya holofetseng. Empa lerato la baesekele la mo jara ho fihlella moo a leng teng kajeno....
GHANA, e na le setjhaba se ka ballwang dimilioneng tse 20, e nkwa e le naha ya Afrika e tswetseng pele. Ke yona ya pele e ka borwa ho Sahara ya ho fumana boipuso. Empa batho ba holofetseng, hohang ha ba tsotellwe.
Leha molaotheo wa Ghana o kenyeletsa le "tshireletso" ya ba holofetseng, nnete ke hore ba sa ntse ba nkwa e le thohako setjhabeng - ba a patwa ke ba malapa a bona kapa ba lahlwe, ba phela ka ho kopa mebileng.
Emmanuel eo leoto la hae la lehlakore le letona le metseng ka mora lengole, o hlahetse lapeng le leng le futsanehileng mane Ghana. Ntatae o ne a nyahlatse lelapa a balehela lehlatso la ngwana ya holofetseng.
Mmae, Comfort, leha metswalle e meng ya hae e ne e mo eletse ka hore a jese ngwana eo tjhefo, a shwe kapa a mo lahle ka morung empa o ne a hane hehehe!
A hatella hore a kene sekolo, a mo ngodisa sekolong sa moo hara motse. O ne a mo pepa a tsamaye dikilomitara tse nne ho ya le ho kgutla sekolong. Ha a se a hodile, a kgona ho ikela ka boyena. "Ke ne ke qhomaqhoma ke be ke fihle," ho bolela yena.
A se kena ho fihlela a eba le dilemo tse 13 mme a se tswa mmae a sa batle hohang. Mmae o ne a kula hampe mme lelapa labo le se na tjhelete.
O ne a lebe Accra, motsemoholo wa Ghana, moo a neng a kopane le batho ba holofetseng hohle mebileng, e le bakopi. Emmanuel a hana ho fetoha mokopi leha a ne a tla fumana tjhelete e ngata ho feta R5 eo a neng a e bokelletsa ka letsatsi ka ho pholetjha dieta tsa batho.
O ne a angwa maikutlo ke batho ba sotlehile moo mebileng. Ho tshwana hantle le mantswe a qetelo a mmae a mohla letsatsi le etellang la Keresemese pele ka 1997, a hore: "Se dumelle mang kapa mang ho o shebela tlase hobane o holofetse."
"Mme ka mantswe ao, o ne a mphe lefa," ho bolela Emmanuel. Ka tlameha ho etsa hohong ho bontsha batho hore kgolofalo ya motho ha e bolele pheletso ya bophelong ba hae."
O NE a makatse metswalle ya hae haholo. A e bolella hore jwale o batla ho ithuta ho palama baesekele. Ho bua nnete, Emmanuel o ne a se a ena le nakwana a qadile ho palama. "Ke ne ke ena le dilemo tse 12 ha ke nka qeto ya hore ke batla ho palama baesekele," ho bolela yena.
"Mme o ne a sa rate hohang, a bona ekare ke tla wa ke lamale. Motswalle e mong wa ka o ne a ena le baesekele mme a nthuta ho e palama le nna."
Empa Emmanuel o ne a tseba hantle hore o tla hloka baesekele eo e leng ya hae. Ha a ne a etetse baruti, o ne a utlwe hore ho na le mokgatlo wa Challenged Athletes Foundation (CAF) wa California. A etsa qeto ya ho ba ngolla a kope thuso ya ho rekelwa baesekele e tla mo thusa ho tjhentjha maikutlo a batho ka ba holofetseng. Bob Babbitt, mothehi wa CAF, a ikutlwa a angwa ke lengolo lena haholo. "Ho na le batho ba bang ba hlahellang ka mahetla haholo bophelong ho feta ba bang mme Emmanuel ke e mong wa bona," ho bolela yena. Yeboah a rekelwa baesekele ya ho hlwella dithaba, e nang le marikgwe, dikausi di-gloves esitana le helmet.
Gordon Adoboe, motswalle wa Yeboah, o ne a sa kgolwe hohang hore Yeboah a ka kgona ho tlola lejwe leha le le leng feela ka baesekele, a sa bue letho ka ho parola naha. Mohla yena le mosebetsimmoho le yena ba qalang ho bona Emmanuel a palame basekele, ba ne ba makale.
YEBOAH o ne a qale ho palama ka Loetse 2001 - mme a qala ho ba naledi ya mofuta wa yona. A tswa dibebe empa a mamella mme le batho ba qala ho hlokomela hore o ikemiseditse - hape o a kgona. O ne a tena sekipa se ngotsweng "The Pozo," ke hore 'ya holofetseng' ka puo ya setsotsi ya Ghana, a swaya baesekele ka leoto le phetseng hantle ha le leng lona a le behile hantle hodima yona, yena a thella feela, a feta motse le motsana. Ha a hlaha, bana ba ne ba etswa ba petetsane ho tla mo thoholetsa. CAF ya mo mema hore a lo kenela tlhodisano mane States. Emmanuel o ne a qala ho palama sefofane.
A fihla moo a tsamaya ka dithupa a ena le didolara tse tharo feela pokothong mme a swaya baesekele ka leoto le le leng dikilomitara tse 50, batho ba sala ba maketse. Hona mohla letsatsi leo, basebetsi ba babedi ba Loma Linda Medical Center ba hlahisa mohopolo wa hore Emmanuel a hlahlojwe ke dingaka.
Ba re leoto leo le holofetseng le hloka ho kgaolwa mme le kgoramelletswe tlhafu ya maiketsetso hore le lekana le le leng. Sepetlele sa etsa hoo mahala leha e le opereishene e ditjeho di tshabehang.
Basebetsi ba moo ba ntsha dinehelo hore Emmanuel a be le tjhelete ya ho iphedisa matsatsing ao a neng a tla a dula United States mme ba thusa le ba lelapa la habo.
"Ke palama ka lebelo le leholo jwale hobane ke se ke swaya ka maoto a mabedi, ha ho tshwane le pele!" ho bolela yena. Selemong se latelang seo a potlaka ka dihora tse tharo tlhodisanong ya hae. Bophelo ba kgalalala ena ya rona e dilemo di 28 bo tjhentjhile jwale...
HO entswe filimi, Emmanuel's Gift, e buang ka bophelo ba hae. Ba ha Nike ba mo hlompha ka sebete sa hae mme ba mo file Kgau ya Casey Martin mmoho le tjheke ya $25 000, ba le mmoho le CAF. Yeboah o nyetse Elizabeth, mme ba na le ngwana wa ngwanana, Linda, a rehelletsweng ka sepetlele se kenyeditseng ntatae leoto.
Moetapele wa moo, Kofi Annan, eo e leng mongodi wa UN, ke motshehetsi e moholo wa Yeboah, mmoho le Morena wa Ghana, Osagyefuo, ya seng a kile a mo memela motseng wa hae mme ya eba yena motho wa pele ya holofetseng wa ho bonahala setjhabeng mmoho le marena.
Yeboah o se a thehile mokotla o bitswang Emmanuel's Educational Fund, o lefella dithuto tsa barutwana ba 15 ba holofetseng selemo le selemo.
O ne a tlamehe ho rekela ba bang ba 800 di-wheelchair mme bao kajeno ba se ba tseba ho phela ha monate ba itsamaela ka bolokolohi ka mora ho kgasa dilemo. A sebetsa ka thata hore Palamente e thehe melao ya hore ba holofetseng le bona ba fumane menyetla hape o sebetse ka thata ho theha sehlopha sa ba Holofetseng se tla ya emela naha mane Beijing ka 2008.
"O na le sebete se makatsang," ho boletse Gordon Adoboe. Haufinyane o ne a sa tswa fumana Kgau ya Arthur Ashe Courage. Hohang Emmanuel ha a ka a lahla thuto. Le jwale o ntse a ntshetsapele dithuto tsa hae.
"Ke batla hore bohle ba tsebe hore kgolofalo ha e bolele hore ha o sa le motho wa letho," ho bolela yena. "Ke rata hore ba tsebe hore kgolofalo ke tlhohonolofatso, e, ke tlhohonolofatso!
"Ba ha CAF ha ba ne ba qala ho utlwa ka nna, ba ne ba batle ho nthusa hanghang hore ke fihlelle ditakatso tsa ka. Ho tloha ka nako eo, mekgatlo le batho ba bangata ba Ghana ba ne ba ikopanya le bona ka lebaka la ka. Ho nna kgolofalo ebile tlhohonolofatso hobane ke tsebile ho neha batho ba bang ba holofetseng tshepo bophelong.
"Ha ho motho ya lokileng lefatsheng lena, seo re ka se etsang feela ke ho leka ho etsa tse ntle mme re thuse ba bang hore ba kgole molemo boiphihlelong ba rona," ho bolela Emmanuel Osofu Yeboah. [s]
BONA SESOTHO - November 2005
Thatohatsi ya hae e beisang ka dibaesekele, Lance Armstrong, mohlomong e se e hapile dikgau tse fihlellang ho tse supileng ho Tour de France - leha Armstrong yena a ena le maoto a mabedi...
Kgolofalo ya ka ke tlhohonolofatso
Monna eo Ali a reng ke "mpho ya Modimo"
KA HO LE LETSHEHADI: Emmanuel le tse ding tsa dikgau le dimetale tseo a di hapileng.
BONA SESOTHO - November 2005
u
t
Leeto la hae le makatsang...setshwantsho seo koranta e neng e mo nke sona ka nako eo a neng a tsamaya ka baesekele hara motse wa Ghana.
BONA SESOTHO - November 2005
Ho betere jwale, ke swaya baesekele ka maoto a mabedi - ke kgona ho potlaka ho feta pele!
KA TLASE: Emmanuel le moradiae, Linda le katse e bitswang "Hope."
BONA SESOTHO - November 2005
KA HO LE LETSHEHADI: Sehopotso sa matsatsi a fetileng...Emmanuel o re bontsha ditshwantsho tsa mmae le dintho tse ding tseo a neng a hlola a di etsa.
