sotho.1581.yourceleb_shower
'
Dimpho tsa lesea la Palesa!
E ne e le wa mabenya-ne, o le menate moketjana o neng o le Fourways
KE ngwanana!' dimemo e ne a le tsa maemo. Makasine ya BONA yona e ne e menngwe ke Palesa Mocuminyane, ka sebele, sebapadi sa mehleng sa Generations. Leha Palesa a lebelletse ngwana wa boraro, ngwanabo Bonolo Modisakwe, o ile a etsa matsapa ohle a ho amohela setho sena se setjha sa lelapa ka mokgwa o ikgethang.
Sebaka sa maemo sa Fourways Joburg ebile se nepahetseng bakeng sa mokete ona wa kamohelo ya lesea. Leha maru a ne a thebile, a batla ho o sulafatsa, empa baeti ba 22 ba neng ba tenne diaparo tse tshweu, ha ba a ka ba kgathatseha hohang ka ona.
Uyanda Mbuli, ya nang le letshwao la hae la diaparo tsa feshene, le yena o ne a le teng, a tenne baki e tshweu ya letlalo e nang le botala. A ba a fota botle bo neng bo le moo ka khamera ya selefounu. O ne a le motle monga mokete ka mose wa baimana o mosweu. "Ha ke so ka ke eba le mpa e kgolo hakana, ke ne ke eketsa boima ka 2,6kg dibekeng tse tharo tsa ho qetela empa monongwaha ha ho jwalo," o boletse jwalo a bile a tsheha.
Ba ne ba tsheha ho le monate ha Palesa a se a bula dimpho tsa lesea. Ha re le dijong o ne a re bolelle hore ha jwale o sa shebane le lelapa la hae. "Khampane ya hae ya ho hlophisa manyalo ha e a qakeha haholo, ke bile ke nahana ho boela difiliming hape maqalong a selemo se tlang."
Pele re tsamaya ra botsa Palesa taba ya bohlokwa: hore na yena le monnae wa dilemo tse hlano ba se ba kgethile lebitso la ngwana?
"Zoë - hobane le bolela, bophelo," o boletse jwalo a buela fatshe. [s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: George Mahashe
MOKETE O IKGETHANG
1. Sharon (Kagiso Rakosa) le Palesa ba Generations. Kagiso o batlile a fihla mokete o se o fedile ka mora ho lahleha hora kaofela. Empa a qetella a fihlile a tshwere dimpho tse ngata!
2. Uyanda Mbuli o rata dieta tse lekanang letsoho la hae, hoo a bileng a dumela hore o kgalle ho ba le ngwana.
3. Mme enwa ya seng a tla beleha, o thabetse ho phetha letsatsi le metswalle.
4. Lehodimo la batla le senya letsatsi leo le monate, empa Palesa le baeti ba hae ba kgethile ho ithabisetsa kantle.
5. Ha fepelwa dijo tse loketseng baimana tse monate, tse bobebe, diphae le custard pastries, ditholwana tse foreshe le chocolate brownies e reberebe.
6. Palesa le moradi ya dilemo di 14, Bahumi, le mora ya dilemo di supileng, Thato.
