sotho.157.bec recipes-tips
Ka moo o ka iqallang kgwebo e nyenyane mme o iketsetse tjhelete
"Sebeletsa katleho ka thata!" - mantswe ana a entse batho ba bangata e be boradimilione.
Bongata ba batho bo re - "Ha ke na tjhelete, ka hoo, nka e qala jwang kgwebo"" kapa, "Ba se ba le bangata ba seng ba qadile dikgwebo, e be ke ntse ke na le monyetla""
Pinyane e kgolo ya katleho ke ho qala ka morolo o moholo. Ke tsena dintlha tse ka o thusang.
1 Ithute ho buisana le batho ha o ile dikopanong tse kang ya BONA Empowerment Club. Itsebise ho batho bao ba seng ba atlehile mme o ba botse hore bona ba ne ba qale jwang. O se tshabe ho ba bolella hore o rata ho qala kgwebo mme o hloka dikeletso.
2 Ntlafatsa bokgoni ba hao. Etsa lenaneo la dintho tseo o nang le bokgoni ho tsona. O mosa bathong" O ka sebetsa jereteng kapa mosebetsi wa matsoho" O ka kgona ho tea dintho" O ka kgona ho tlanya" O rata ho pheha" Ke bo fe bokgoni bo bong boo o bo hlokang"
3Eba makgethe, o hlweke. Apara diaparo tse hlwekileng le dieta tse pholetjhilweng ka dinako tsohle. Eja meroho le ditholwana tse foreshe kamehla bakeng sa bophelo bo botle.
4 Sheba hore batho ba ka sebakeng sa heno ba hloka eng" Ba tsamaya ka matjeke, ba siye ba sa phehela malapa a bona" Di a fumaneha dikoranta le dimakasine" Meroho e foreshe e a fumaneha"
Bake and Cook for Profit
Breakfasts for sale
MENU 1
BREAKFAST SCONES WITH ASSORTED TOPPINGS
BREAKFAST SCONES
240g folouru
15ml Moir's Baking Powder
3ml letswai
25ml margarine (e seng low-fat)
175ml lebese, kapa lebese le tswakilweng le Mageu Number 1 (a panana kapa a tlwaelehileng)
Mokgwa:
1. Futhumetsa onto ka 240oC.
2. Sefela disebediswa tse ommeng sejaneng. Tshela margarine.
3. Dubella margarine ka menwana. Tshela lebese o kopanye.
4. E ntshetse lepolankeng le fafaditsweng ka folouru. E bope.
5. E sehe dikwere o di kenye ho baking sheet e tlotsitsweng ka mafura. Baka metsotso e 12-15.
MAELE A HO REKISA DI-SCONES TSENA
Tshela bohashana ba chilli flakes le kgabana ya cheddar cheese e kereitilweng motswakong.
Petsola di-chilli scones habedi. Beha kase le bacon ka hodimo mme o qhibidise ho etsa pizza.
Ho di-scones tse se nang letho, beha mustard kapa selae sa kase kapa ham le mayonn-aise.
Tshela 50ml tswekere ya Illovo motswakong. Di petsole mme o di fepele le jeme kapa syrup le cream.
Ala di-scones hodima tray, o kwaele ka foil mme o rekise renkeng ya ditekesi, ya dibese kapa moo batho ba sebetsang.[s]
BONA SESOTHO - November 2005
