sotho.1577.career
RE A O HLAHLELLA e hlophisitswe ke Patricia McCracken
Sebetsa jwalo ka mosha
Mosha o ka o ruta ho laola bophelo ba hao
HO MOSHA lefatshe le tshwana le tutuduhadi feela ya lehlabathe - mme o le sebetsa jwalo ka sesebetsi sa profeshenale, ka bokgabane bo boholo, boinehelo, melao, hape o lefufa, o sebeletsa boiphediso e seng ho qhoba letsatsi jwalo ka ha ho etsuwa dikantorong tse ngata tsa kwano.
"Dikgupiso di dutse di le teng bophelong," se boletse jwalo sebui se kgothatsang sa Old Mutual Soul Sessions, Estienne de Beer. "Ha o sebeletse ho pholosa bophelo ba ona feela empa o nahanela le e meng." Ke tsena dikeletso tsa De Beer ho ba batlang ho tsamaya mehlaleng ya mosha, hore ba atlehe selemong sena
le ho tse ding
tse latelang...
1. SEBETSA KA THATA
Mosha o tjheka, o rwale lehlabathe le boima bo ka hodimo ho boima ba mmele wa ona ka makgetlo a 50 hoseng hong le ho hong! Le wena sebetsa ka boinehelo kgwebong ya hao, eo ke keletso ya De Beer, mme o tla bona mosebetsi o neng o hatellane hodimo o nyamela.
2. INTSHETSEPELE
Dihlopha tsa mesha di sebeletsa ho iphedisa le ho phela mmoho. E phela halelele hobane e dutse e ithuta ho amohela diphephetso - mme e ithaope ho ruta le e meng.
3. SE NYAHAME
Dintho tsohle tse phelang, di dutse di leka ho qeta matla a tse ding tseo di qothisanang lehlokwa le tsona - empa mesha e itlama ngatananngwe ho lwantsha ba kgahlano le yona ho sa kgathallehe hore ba boholo bo bokae.
4. TSHEBEDISANOMMOHO
Katleho ya yona ke ya setjhaba hobane e arolelana ka mosebetsi - wa bohlwela, ho tsoma le ho sireletsa batjha. Hona ho tiisa dikamano ka ha e a sireletsana ho ba direng.
5. HO ETELLA PELE
Mesha e phela ka ho ba le tshebedisanommoho. E atleha haholo ha e etellwa pele ke mekaubere, baetapele ba a tshehetswa.
Patricia McCracken
BONA SESOTHO November 2008
KGWEDING ENA
92 Seo o batlang ho se tseba ka HDTV 95 Bolokela ho reka ditekete tsa 2010
96 Ntlafatsa bokgoni ba ho araba mohala 98 Tsa temo 100 Tobana le komiti ya kgalemo 102 Botsa Sis Sarah 104 Re bua ka meriana
107 Fat Charlie o re o rere ditoro hantle 110 Dikeletso tsa botswadi
