sotho.1575.yourstories_investigates
Mmaraka wa mekokotelo
Ho bonahala mekokotelo e ba nthong tsohle Afrika Borwa - ba se ba kgona ho etsa mokokotelo le wa Zam-Buk ya kgale!
HO ho kgolehe hore thepa ya mokokotelo e tletse mmarakeng wa Afrika Borwa hoo ho seng ho ena le ditsubelo tse ka bang 750 000 tsa Zam-Buk tse bitsang R1 diterateng, empa mabenkeleng di bitsa R5. Nnete ke hore haeba ho sa ka ha ba teng motho ya hlokomelang hore ditsubelo tsena tsa boholo ba 40mm ha se tsa nnete, di ne di ka tloha Joburg di lo fihla Welkom ha o di kolokisa!
Kajeno re leboha moreki enwa ya bohlale. Motho enwa ha a ka a rata lephoka le boreledi ba Zam-Buk a neng a e rekile. O ne a ikopanye le bahlahise ba yona, Bayer Healthcare.
Ba ha Bayer ba ne ba tshohe mme seo ba neng ba se fumane, se tla tshosa basebedise ba Zam-Buk ba dimilione di tsheletseng naheng ka bophara:
Ditsubelo tsa mekokotelo di ne di fumanehe ditoropong tsohle naheng ena.
Mabenkeleng a di-paza, di-Zam-Buk tse 8 ho tse 10 ditsubelo tsa teng e ne e le mekokotelo.
Dibekeng tse nne feela ba ha Bayer ba qadile diphuputso, ba ne ba fumane mekokotelo e ka bang 250 000 dibakeng tse 31 tse fapafapaneng naheng ena.
Lenane le leholo la ditsubelo le kileng la hatjwa ke tse 350 000 di hatjwa ke mapolesa mabenkeleng a maholo.
Mapolesa a ne a kene moo ho bolokilweng teng dikhonteina tsa Zam-Buk tse tswang China, ho bolela Charl Potgieter, leqwetha la ha Bayer. Ka lebaka la mekokotelo ena, bahlahise ba ile ba tlameha ho akanya setsubelo se setjha, seo o ka se hlokomelang ha bobebe.
"Zam-Buk ya mannete sekwahelo sa yona se na le mophetho," ho hlalosa Richard van der Merwe wa ha Bayer. Mophetho ona wa setsubelo ke lona letshwao la rona.
"Re leka ho hlokomedisa setjhaba hore mekokotelo ena ha e boleng - e boetse hape e kotsi. Ya mannete o tla e bona ka sekwahelo se nang le mophetho."
"Mona ha ho tshwane le mekokotelong ya diaparo, dihlahiswa tsa kalafo di na le metswako e itseng bakeng sa ho alafa. Ka lebaka lena, mekokotelo ena ha e a bolokeha ho bareki."
Sena se re bontsha hore e ka kang tjhelete e etswang ka thekiso ya mekokotelo Afrika Borwa e tloswang dibakeng tse hole jwalo ka China.
Se setle ka Afrika Borwa tabeng ya mekokotelo ena ke kgatello e teng ho basebeletsi ba hlahlobang thepa ena. Ke dikhonteina bonyane tse dimilione di pedi tse fihlang kwano ho tswa China jwalo ka selemo, empa ke tse supileng feela ho tse lekgolo ho tsona tse hlahlojwang ho sheba thepa e utswitsweng le ya mokokotelo. Ka lebaka lena dinokwane di bona menyetla ya katleho e ntse e le teng. Diphuputso tse entsweng ke ba UNISA, di bontshitse hore ho rekiswa mekokotelo e ka etsang dibilione tse 10 tsa diranta Afrika Borwa ka selemo.
Se neng se makatse batho tabeng ena ya mekokotelo dilemong tse hlano tse fetileng, ke ha lepolesa la mehleng la Thekong, Craig Marnoch e ne e ba motshwaruwa wa pele ka lebaka la mekokotelo ena. O ne a kwallwe dilemo tse tharo ka lebaka la di-DVD tsa mokokotelo esitana le software ya dikhomputara. Ena e ne e be kahlolo ya pele e kgolo ho fumanwa ke motho ya etsang mekokotelo.
E nngwe kotlo ke R5 000 ka sehlahiswa ka seng sa mokokotelo se fumanehang ho wena. Rakgwebo wa Tshwane, Ferhard Mohamed o ne a lefiswe R90 000 ka ho fumaneha a rekisa thepa ya mekokotelo ya ha Adidas le ya dikarolwana tsa dikoloi tsa ha Nissan.
Boramekokotelo ba ne ba tshware ka thata ha mmuso o ne o ntsha tumello ya hore ho phuthwe thepa yohle ya mokokotelo e neng e le Cyrildene, Joburg, fektring ya di-DVD tsa mokokotelo.
Empa seo ha se a thibela ho tla ha mekokotelo Afrika Borwa. Hape ho bonahala eka bongata ba rona ha re na taba jwalo ka ha batho ba buisaneng le badipatlisiso tsa UNISA, ba bontshitse ho tseba ka mekokotelo ena.
Leha ho le jwalo, batho ba rekisang mekokotelo ba ntse ba fumaneha mmarakeng.
E nngwe taba ke hobane batho ba ka etsang halofo ya setjhaba ba a dumela hore ba reka mekokotelo hore ba tle ba bonahale e ka ba apara diaparo tse nang le mabitso hobane tsa mannete di bitsa.
Bureau Of Market Research ya UNISA e ne e bolele hore dihlahiswa di theolwe hore batho ba tle ba tlohele ho reka mekokotelo.
Empa ho teng ho hong ho fetang taba ya hore borakgwebo ba ipokeletsa ka tjhelete.
"Thepeng ena ya dipapadi, tjhelete e neng e tlameha ho thusa dihlopha, ke ena e lebang dinokwaneng," ho bolela Junaid Motala, motsamaise wa thekiso lebenkeleng la Sharks, Thekong.
"Bareki ba tlameha ho tseba hore leha mekokotelo e bitsa hanyane, empa ha e boleng," ho bolela Thami Bolani wa National Consumer Forum. "Mekokotelo ena e boetse e qetela batho mesebetsi - re tlameha ho tshwarana ka matsoho."
Mesebetsi e fetang 2 000 e ne e lahlehe indastering ya dipompong ka selemo se le seng feela ka lebaka la mekokotelo! Le indastering ya diaparo mesebetsi e ballwang diketeng tse leshome e lahlehile. Empa ka nako e nngwe bareki ha ba hlokomele hore ba ntse ba tshehetsa indasteri ya mekokotelo, ho bolela Fanfan Gaba wa Lefapha la Dikgwebo le Diindasteri.
"Mekokotelo ya Louis Vuitton le ya Chanel ke bona bothata bo boholo, "ke hobane e rekiswa mabenkeleng a tlwaelehileng."
Mapolesa a ne a leke ho latela batho ba rekang mekokotelo ena. Mapolesa a ne a etsa le dithibella mebileng mme ha ho fumanwe mokokotelo wa CD ho wena o lefiswe. Ba leka ho thibela mekokotelo ena ka ho kwala mehlodi ya yona e leng baetsi le barekisi ba tsona.
Empa ekaba sena se a thusa? Ho belaelwa ha phaello ya 10 lekgolong ya dikgwebo lefatsheng e le ya mekokotelo - mme sena se hola ka sekgahla se phetilweng hararo dihlahisweng tsa Adidas le Zam-Buk.
Sena se bolela phaello le mesebetsi e mengata naheng e tswelang pele ka potlaka jwalo ka Afrika Borwa. Hape se etsa ho lahlehe lekgetho le ka beng le fumaneha ka thepa ya mannete - eo ka yona ho ka beng ho ahwa dikolo, matlo le dipetlele. [s]
Pale: Patricia McCracken
Haeba o rata ho tseba haholwanyane ka mekokotelo ena ya Zam-Buk kapa o na le potso, letsetsa Bayer Zam-Buk Consumer Helpline: 011-921-5293. Bakeng sa ho tlaleha e meng mekokotelo, romela, SMS ho 32211.
E qotsitswe ho: financialmail.co.za; bday.co.za; mg.co.za; iol.co.za
BONA E A FUPUTSA
Tse tjhang! Ke mekokotelo e fumanweng ke mapolesa mme e hapilwe ya tjheswa.
O ka e bona phapang? Setsubelo se setjha sa Zam-Buk ya mannete se na le mophetho.
MEKOKOTELO EO BA E ETSANG
Mekokotelo ya dijo re ka bala Rajah curry le reisi e sa bitseng e tshetsweng dipakaneng tsa e bitsang. Mekokotelo ya dinawa tse dikotikoting, dipompong esitana le poone tse sa lokelang ho jewa ke batho.
Mekokotelo ya mahare a Minora a ha Gillette.
Ditlolong le disepeng re ka bala Dawn, Omo le Sunlight Liquid.
Jwaleng - ho ne ho hatjwe dikeisi tse fetang 2000 tsa jwala ba sekgowa Thekong.
E teng mekokotelo ya PlayStation le software ya dikhomputara ya ha Microsoft.
