sotho.1574.ourworld
LEFATSHE LA RONA
e QUNU
BONA SESOTHO September 2008
Ha ho makatse, ena ke e nngwe ya mekete e meholo ka ho fetisisa ya tswalo e kileng ya etswa mane Qunu...
Madiba le Zuma le Mbeki.
Pele-a-pele Madiba!
MADIBA
Will Smith o hlantsha letshwele.
Hore nako e se e lekane motinyane ha ho bolele hore re ke ke ra o re qapoqapo ka diketsahalo tsa mokete wa letsatsi la tswalo la dilemo tse 90 tsa kakapa ena ya habo rona, Nelson Mandela...
Madiba ba nwa kgalase ya veine le Graca le setloholo sa bona Tukwini.
Mahlohonolo a tswalo
KAKAPA
Mekaubere e ne e kopane, bo Will Smith le Amy Winehouse ho netefatsa ha mokete wa mmino wa 46664 o neng o le Hyde Park, London o fela o le motjheng. Ho bokeletswa tjhelete bakeng sa mokotla wa HIV/AIDS wa Madiba ha yena a keteka dilemo tse 90 tsa tswalo.
Ho ya bapala ditlhodisano tsa
Tri- nations, Australia ha ho a thibela Springboks ho keteka dilemo tse 90 tsa Madiba.
E a keteka Bokke
Ho a ketekwa!
Motse ohle o ne o keteka.
Nelson Mandela: The Authorised Comic Book ka Umlando Wezithombe/Nelson Mandela Foundation (Jonathan Ball, R149)
"KATLA, KATLA!" ho kakatla tlhako ya pere, bashanyana ba babedi ba maname hodima tsona ke semphete-ke-o-fete. "QHUU!" ha fiifala, seteishene sa phahloha ka 1961. "BHUU!" ke baahlodi ba diha kahlolo bukeng ena ya metlae e buang ka bophelo ba Madiba. E monate, ha e nyenyefatsa motheo wa pale ena, ya mohlankana ya neng a nyahlatse dithuto tsa hae tsa molao a balehela le lenyalo leo a neng a le hlophiseditswe ke batswadi mme a ikamahanya le ANC, eo jwale a seng a le dilemo di 50 e le setho sa yona, le hore molebedi wa Madiba o ne a ikutlwe jwang ka nako eo a seng a behwa setulong sa bopresidente - le ka moo a neng a iphapanye ka teng ho ya busa setjhaba sa ntatae, Qunu, a batla ho busa naha.
Hunger For Freedom ka Anna Trapido (Jacana, R350 [hardback] kapa R225 [paperback])
Le yona e phatlaladitswe mmoho le Nelson Mandela Foundation mme ya bitswa The Story Of Food In The Life Of Nelson Mandela. Ha se buka ya diresepe empa e bontsha karolo ya dijo maphelong a rona, ho etswa mohlala ka thatohatsi, Madiba. E na le diresepe empa sa bohlokwa ke pele e boletsweng ke metswalle ya Madiba, e hopola dijo tseo ba neng ba di ja ho tloha bongwaneng ho ya tjhankaneng le ka matsatsi a ikgethang.
The World That Made Mandela ka Lulu Callinicos (STE, R450)
Setsebi sa dipale, Callinicos le sona se ngotse pale ya bophelo ba Oliver Tambo, Beyond The Mountain. Mona ho shebisiswa dibaka tse 70 tse hopolehang haholo bophelong ba Madiba. Mvezo le Qunu, Robben Island le Pollsmoor ha di sale. Hape ho na le Park Station, e bontshang ka moo basebetsi ba neng ba tsamaya ka teng ha ba eya mosebetsing Johannesburg, Kapitan le yona, ka dijo tsa yona tse monate athe South Africa House e Trafalgar Square, London le mohwanto wa matjhaba o kgahlano le kgethollo ya mmala wa dilemong tsa bo 1960 ona le ona o tla hopoleha. E tla thusa ba batlang ho ithuta ka nalane ya naha ena.
Patricia McCracken
Ho ketekwa setso sa habo
Pokello ya dibuka tse ikgethang ya Kgwedi ya Sehopotso sa Dilemo tse 90 tsa Madiba
DIBUKA
BONA SESOTHO September 2008
LEFATSHE LA RONA
LEFATSHE LA RONA
MONA LE MANE
Nomfundo Ngema o tshwantshetsane le ka katiba.
NALANE YA
BOPHELO BA JABU
SEDIKADIKWE sa mmino sa Afrika Borwa se sa tswa aparelwa ke leru le letsho, le lahlehelwa ke naledi e nngwe ya sona - Jabulani Ndaba wa Malaika.
O hlahetse Klerksdorp mohla la 4 Mphalane 1976, Jabu o ne a rata mmino ho tloha bongwaneng ba hae,
Yena le motswallae Bongani Nchang, ba leba Joburg ho ya batla makgulo a matala.
Ba kopana le Tshedi Mholo mme ba theha sehlopha sa Malaika. Ba hlahisa albamo ya bona ya pele ka Loetse 2003 mme barati ba mmino ba hlanya ke yona.
Ba hahlaule ho leba UK, Canada, Australia, Malawi, Tanzania le dibakeng tse ding, ba boela hape ba bina moketeng wa letsatsi la tswalo la Presidente Mbeki mme ba hapa le dikgau tse mmalwa.
Jabu a hlokahala ka la 14 Phupu 2008, a siya mmae, Lindiwe, kgaitsedi ya hae, Busi, le mora hae Keke (14).
BONA SESOTHO September 2008
SE SALLE MORAO
Matsatsi a monate... Bongani, Tshedi le Jabu...
Diakanyi tsa Accademy Of Fashion Design, Lucky Kobuce le Nonkanyiso Mophanga.
Modumo wa mmino o ne o utlwahala hore ho na le dibini.
Barati ba feshene ba ne ba sa ipeha fatshe mojahong wa dipere. Clive Thompson wa BONA o nkile ditshwantsho...
Fumu le Hlengiwe ka diaparo tse ntle tse akantsweng ke Shaby.
Guffy Pilane, Bongani Nchang, Khanyi Mbau le Somizi Mhlongo ba phupung.
Slungile Mokoena o rwetse katiba e ntle.
Tse ntjha
Mosebetsi wa Mzekezeke le Zulu Boy, Siya ke wa neo e tswileng matsoho o sa lokelang ho fetwa ke ona...
Ho phomotswa batho
RITJHA ekile ya hohela bahahlaudi haholo Thekong. Leha ho le jwalo eitse ho ba qale le ho kenyeletsa le bokwankwetla, ka ho hula batshehetsi ka kariki ena e mabidi a mabedi, ba ratwa le ho feta pele.
Empa sena se ka nna sa tjhentjha, ka mohopolo wa ho kgema le dinako... ho hlahiswe ritjha e tla sebetsa ka matla a solar. E akantswe ka khampane ya London, SolarCab e tla hula matla a 80% ho solar panels tse behilweng ka hodima kariki.
Dipersente tse 20 tse setseng tsona?
Ona ke matla ao e sa leng a sebediswa ke boritjha, matla a batho. Ha ho pelaelo hore ka 2010 re ka nna ra kopana le tsona di tletse mebila...
NEO E NTJHA
SEROKI se binang le mmino wa rap, se buang ka ditaba tse thata tse amang setjhaba, se sa tswa hlahisa CD ya sona ya pele, Talk Of Da Town, Siyabonga Akhtar Ntola (23) o kene ka sekgahla mminong wa hip-hop.
O bua ka basadi ba hlekefetswang, bofutsana le bonokwane, mmino wa hae o a kgahla, empa o re yena o rata ho binela batjha. "Batjha ba o bontsha ha ba o rata!"
Hape Ntola ke DJ Slwane ka nako e nngwe. "Jwalo ka DJ, ke rata ho bapala meketeng ya hip-hop," ho bolela yena. "Ke thabela ho bona batho ba thabile ba keteka."
O hlahetse KwaMakhuta, KwaZulu-Natal South Coast, Ntola o re o rata pina e reng Endobane.
"Ke e buang ka Thekong, moo ke dulang le moo ke qadileng teng mosebetsi wa ka wa mmino," ho hlalosa yena.
O holetse tumelong ya Mamuslim. "Tumelo eo e nthusitse haholo nakong eo ke neng ke hola ka thata mme phephetso eo ke neng ke ena le yona ke ya ho holela ka hara setjhaba ba MaKreste, se neng se sa itlwisise hohang tumelo ya ka.
"Ka nako e nngwe ke ne ke kgethollwa mme ho tshehiswa ka nna. Le jwale ke sa ntse ke dumela ho yona leha ka nako e nngwe e tjhaisana le mosebetsi wa ka wa profeshenale jwalo ka hore ka Labohlano ke letsatsi le halalelang ho ya ka SeMuslim, empa nna hangata ke ebe ke sebetsa ka thata, ho se phomolo," ho boletse yena ka maswabi.
Thandi Zulu
TEGKINI E
TLANG AFRIKA BORWA?
BONA SESOTHO September 2008
LEFATSHE LA RONA
Dinaledi tsa Shinner
LEFATSHE LA RONA
BA TSWA PELE
KOPANA le Neo Jobeta, mookamedi wa Emalahleni Civic Theatre, Emalahleni o bone neo e ntjha le pele e hlokomeleha.
Sebini sa jazz se rupelletsweng mmino le ho bapala, o kene taolong ya bonono. Ena ke nehelo ya bohlokwa eo a e etsang mosebetsing wa bonono Afrika Borwa le ho ama maphelo a dinono tse ntjha, tse so kang di iphumana mminong.
Ho se ho hlahisitswe maano a mangata, ao a mang a ona a so kang a phethahatswa," ho bolela yena Jobeta. "Re kgothatsa dinono ho hlahisa mosebetsi o tswileng motle. Re motlotlo ha re kgona ho ba thusa. Dipontsho tse ding le tse ding tsa bonono ke tsa bohlokwa ho nna, mme ke rata ha batshehetsi ba kgotsofetse mme le dinono le tsona di thabile," ho bolela yena.
Vanessa Grobler/AENS
NALANE YA RONA
Sehlopha sa bolo sa mehleng se hopolwa ka filimi...
DIPHETOHO tse makatsang, di entse hore bophelo ba Mark Shinners ya dulang Atteridgeville haufi le lebala la bolo la Super Stadium bo tjhentjhe. Lebala lena le kwaetse lekeishene jwalo ka Thaba ya Tafole ha e kwaetse Kapa mme ho na le dikgohlahano tse teng. Le hona lefatsheng lena la bolo moo Shinners a neng a batla ho iketsetsa lebitso, ho ne ho le jwalo.
Empa ho a totobala hore ho ne ho ena le ntwa e kgolo eo a neng a lokela ho e lwana, ya kgethollo ya mmala, eo a neng a e kgothaletswa ke Kwame Nkrumah, setho sa Pan Africanism, Shinners o ne a itahlele ka setotswana dipolotiking. Hore a tle a kgone ho ba mohlabani wa nnete, yaeba e mong wa bathehi ba sehlopha se neng se tswe ho ANC ka 1959 mme ba theha PAC. "Re ne re sa rate tsela eo ANC e neng e tsamaisa dintho ka yona, ba ne ba se ba le bonolo haholo," ho bolela yena. "Re ne re bona ho le bohlokwa ho hlokomedisa mmuso hore tokoloho ke seo re lokelang ho se fihlela hona dilemong tseo, e seng hore ho nne ho lelefatswe nako."
Shinner a tshwarwa mme a kwallwa tjhankaneng dilemo tse 10 moo a neng a phela ka ho qhetsola kwari ya Robben Island ho tloha ka 1963 ho ya ho 1973. Ke leo lerato la hae la bolo le a hlahella hape, sebakeng se hlomolang, tjhankaneng. batshwaruwa ba ne ba nke dilemo ba batla tumello ya ho bapala bolo tjhankaneng.
Balebedi ba ne ba bona ekare batshwaru ba tla kgona ho buisana mme ba hlophise ditaba tsa dipolotiki - empa he, e ne e ntse e le nnete masoleng ana a neng a rupellwetse ka mahlale a Soviet! "Qetellong balebedi ba dumela, ba ba rekela bolo le diaparo ha lokiswa le lebala," ho bolela Shinners.
Ha thehwa Mokgatlo wa bolo wa Makana, o modulasetulo sa ona e neng e le Dikgang Moseneke (eo kajeno e leng moahlodi Lekgotleng la Dinyewe). "Bafana Bafana re ne re tla e bontsha tosa le madinyane a yona," ho bolela Shinner a tsheha.
Pale ya sehlopha sena sa bolo e bontshwa hantle filiming ya More Than Just a Game, moo ho bapalang le Anthony Suze, Lizo Sitoto, Marcus Solomons le Sedick Isaacs.
Pule wa Sekana
BONA SESOTHO September 2008
Ho tswa neo e ntjha
NA O NE O TSEBA?
Makana e ne e le morena wa MaXhosa ya neng a kwaletswe tjhankaneng ya Robben Island ka 1819 ka mora ho phehisa moalodi wa Britania. O ne a tsejwa hape ka la Nxele, "hobane e le leqele," o ne a ahloletswe lefu empa a phonyoha, a baleha le batshwaruwa ba bang, ba baleha ka seketswana sa ho tshwasa ditlhapi. Empa ba se ke ba fihlella mahae, sekepe sa phethoha ba hlokahala kaofela.
Balatedi ba Makana ba dula tshepong ya hore ka le leng, o tla kgutla. Ha ntho e se e sa phethale, ka puo ya SeXhosa ba re: "Kukuza kuka Nxele," ke hore o tshepile lefeela.
BONA September 2008
LEFATSHE LA RONA
MMINO
HO A KETEKWA!
Dibini tsa kwano KB, Loyiso Bala le Slikour ba ile ba thabisa barati ba mmino mane Bassline, Joburg bosiu kaofela moketeng o neng o tsheheditswe ke lebenkele la diaparo la ha Edgars. Ditshwantsho ka MOLEFI SEBATIE.
BONA SESOTHO September 2008
Bliksem.
Tumelo Mameja, Khanyi Ndlele le Thabo Mooketsi.
Slikour le Loyiso.
Flabba, Sugasmaxx le DJ Switch.
KB o etsa seo a tummeng ka sona.
MOSADI ya sa leng motjha dilemong o leka ho fumana karolo ya hae lefatsheng lena le lonya, leo ho lona basadi ba kgellwang fatshe. Nna ke ratile buka ena haholo hobane Moruti TD Jakes wa US o tlotla basadi, o bile o leboha bomme.
Jakes o re bolella ka moo mmae, Odith a bileng le tshusumetso e kgolo ka teng bophelong ba hae, ke mosadi wa mankgonthe - mme buka ena e hopotsa mosadi e mong le e mong le ya neng a se a itebetse ka moo a leng bohlokwa ka teng!
Jakes o re mohla a qalang ho ya sekolong o ne a sa tshabe hobane habo ho ne ho tshwana le phaposing ya borutelo - hobane mmae o ne a mo hlahlella ka mahlale a bophelo letsatsi le letsatsi.
O re bomme ke matitjhere bophelo bohle ba bona. Ha ba bue ka melomo feela empa ba boetse hape ba ruta le ka diketso, le ka moo ba tobanang ka teng le mathata a bophelo.
Sena ke nnete ha ke hopola mme wa ka.
Jakes o boetse hape o tlotla mohwehadi wa hae, o re le yena ke mosadi ya bohlale ya nang le tumelo e tebileng, eo e sa leng e le motshehetsi wa bona.
Mohatsae le yena o bolela ka dikamano tse ntle tseo a nang le tsona le mmae, o hopola le bohloko boo mmae a neng a bo utlwe ka nako eo ntatae a neng a tshwerwe ke lefu la matshwafo le bileng la mo bolaya. Empa a dula hodima dikano tsa lenyalo la bona, tsa menateng le bohlokong ba bona, mme a hlokomela molekane wa hae ho fihlela ba kgaohanngwa ke lefu.
Buka ena e boetse hape e hlonepha le basadi ba bang ba hlomphehang, ba boikokobetso, ba bohlale, ba sebete, ba hodisitseng batho ba ikgethang, ba bileng le seabo se seholo sa ho tjhentjha maemo a lefatshe.
Leha bahlahisi ba buka ena e le ba Amerika, empa karolo ya basadi e a tshwana lefatshe lohle. Hobaneng ruri e ke ke ya tshwana?
Mama Made The Difference ke buka e hlomolang, e nang le thuto ya bohlokwa.
Neliswa Mzimba
O hopola
MME
DIBUKA
Mama Made The Difference ka TD Jakes (Reality, R100).
BONA September 2008
MORETHETHO WA AFRIKA
LEFATSHE LA RONA
HA O tsamaya mebileng ya Accra o tla bona dipapatso tse ngata tse rekisang di-TV tsa kgale, dihatsetsi le dikhomputara. Bongata ba tsona di tswa USA mme ha di se di sa sebetse, o tla di fumana di pitika Abgogbloshie, sebakeng se ditshila sa Ghana.
Ke mona moo o tla fumana bashanyana ba tjhesa dithapo ba batla ho ntsha koporo, mme ba qetelle ba hemme mosi o ditshila o ka nnang wa senya matshwafo a bona kapa tsona diphio. "Ho tshwana le ho ikahlolela lefu," se boletse jwalo setsebi se seng sa tsa tikoloho, George Ahadzie wa Green Earth.
Environmental Protection Agency ya Ghana e se e hlahisitse tataiso ya ka moo disebediswa tsena tsa motlakase tse rekwang dinaheng tsa ka ntle di lokelang ho tsamaiswa ka teng.
BONA SESOTHO September 2008
DIKGOMO tsa bohadi di nyolohile haholo jwaloka ha batswadi ba se ba bitsa ntho eo ba e ratang ka baradi ba bona ho ya ka moo sengodi, Awa Bah se bolelang ka teng. Banna ba Ghana ba itlhophereng, ha ba sa kgona ho phetha moetlo ona o motle wa setho hobane o sentswe ka meharo.
Phatlalatso ya mmuso ya hore o ke ke wa hlola o tshehetsa setjhaba ka ditefello tse hodimo tsa oli, e bakile mohwanto o nkileng beke kaofela mane Abidjan motsemoholo wa Côte d'Ivoire. Mmuso o arabetse mathata ana hampe, ha o re, "o arabela sello sa setjhaba se kgathatsehile sa Ivory," ho boletse jwalo Tonakgolo Guillaume Soro ha a phatlalatsa hore tshehetso ena e ke ke ya fediswa hohang.
Hape matona a mmuso a tla fokotsa moputso wa ona ka 50% hore mmuso o tsebe ho shebana le ditjeho tsena.
Ke oo he mmuso o kgathallang setjhaba sa ona! [s]
DIPATLISISO di bontshitse hore lebollo le theola sekgahla seo banna ba ka kenwang ke tshwaetso ya EITSI ka sona esitana le hona ho tshwaetsa basadi ba bona mme le ka nna la sebediswa e le sebetsa sa bohlokwa sa ho lwantsha lefu lena la EITSI. Mane Kenya, moo batho ba teng ba dimilione tse 2,5 hara setjhaba se dimilione tse 32 ba phelang le kokwanaholoko ena, lefapha la tsa bophelo bo botle le se le qadile ho kgothalletsa banna ho bolla.
Setjhaba sa Luo se ka bophirima, se hanyetsa lebollo. E seng hobane feela le le kgahlano le moetlo wa sona, empa se boetse hape se tshaba hore banna ba tla nahana hore ha ba sa hloka ho sebedisa dikgohlopo e leng se tla mpefatsa maemo a lefu lena le ho feta pele.
SEBINI le mohlahisi wa mmino Richard Kawesa, le senono se pentang, Daudi Karungi ba sebetsa mmoho leanong lena la Paint The Music.
"Re rata ho hlahisa mopento le mmino ho hlahisa puo e le nngwe feela ya bonono e tla utlwisiswa ke lefatshe kaofela," ho bolela Kawesa.
O re leano lena ke la ho bokelletsa ditjhelete bakeng sa moaho wa pele wa Museum Of Modern Art mane Uganda le Afrika Botjhabela. Sebaka sena se tla ahwa Akright City mane mmileng wa Entebbe.
Leano le tla kenyeletsa ho penta le ho bina ho hlahisa mosebetsi wa bonono o tswileng matsoho.
Mosebetsi ona kaofela wa ho penta o tla hatiswa, mme o kopanngwe le mmino o ikgethang.
