SOTHO.1570.teens
Phethisa
DITORO
tsa hao
JWALO ka ha selemo se kodumela, ke nako
ya hore o kgefutse hanyane. Sesotho se re ho tjhetjha ha pheleu ha se ho baleha, empa ke
ho nka matla.
Jwale lona baena le dikgaitsedi, ho ka etsahala hore ba bang ba lona ba qeta selemo sa pele sekolong se phahameng, ha ba bang bona ba lebeletse ho ya qala ha se tlang se thwasa. Ba bang ba lona ba sa ntsane ba tshositswe ke diphetho tsa materiki kapa tsa yunivesithing. Ba bang ba ipona ba sa le ntlhaneng ka dithuto tsa bona pele ba ka di qeta mme motho a qale ho itshebeletsa.
O se kgathatsehe hore o ho kae ka nako ena e boima hakana, hape ha ho bohlokwa hore o dilemo di kae.
Ha ho bohlokwa hape hore o ikemiseditse ka eng bophelong. Mohlomong o rata ho etsa betere sekolong. Mohlomong o lakatsa ho ba morui, o kene lenyalong o be le bana ka le leng. Ho ka etsahala hore e be o rata ho bapalla Bafana Bafana kapa o rata ho ba sebini. Ho sa natsehe hore toro ya hao e kgolo kapa e nyane, empa tsela ya ho e fihlela, e a tshwana. Ho ba naledi ya bolo kapa ya dipale, ho ba morui kapa moithuti ya sebetsang ka thata - tseo tsohle o di fihlela ka tsela e le nngwe. Ha o a tlameha ho ba motho ya bohlale hore o tsebe ho fihlela tsena tsohle. Ke tsena tseo o ka di etsang...
Tseba ditoro tsa hao mme o di ngole fatshe.
Ona ke mokgwa o molemo, empa ba bakae ho rona ba o sebedisang mokgwa ona? Ho molemo ho di ngola fatshe hobane ho tla etsa hore o etse matsapa a ho di fihlela. Leka o bone.
Ipatle o iphumane pele ba o nyahamisa.
Bophelong mona o tla kopana le batho ba tla o nyahamisa, ba bang ba bona ba tla o soma ka ditoro tseo tsa hao. Ba hlole, o ba rake o shebe ditoro tseo o di ngotseng fatshe. Tia lengole o itshepe. Ekaba seo ke sona seo o se batlang? Kapa mohlomong o etsetsa mahlo a batho?
O rata ho ba leqwetha - kapa ngaka - kapa o se o kile wa shebella mananeo a mangata a TV?
O rata ho theola boima ba mmele hobane o rata ho boheha - kapa mohlomong hobane mohlankanao o batla ho o lahla ha o sa etse jwalo?
Se ka senya nako jwalo ka ha ngaka e nngwe e boletse, "ha o ipehela ditoro, ipehele tse tla o phahamisa moya mme o nke bohato."
Tsebisisa.
Hore o batla ho theola boima ba mmele kapa ho ba morui, ha se toro.Tseo ke ditabatabelo feela. Ditabatabelo e ba ditoro ha o ba le merero ya ho di fihlela mme merero eo ka yona o ebe o rata ho fihlela se itseng. Bakeng sa hore o rata
ho theola boima ba mmele, e re ke rata ho theola boima ba mmele ka 10kg ka Hlakola 1, 2009. Mona o hlakisa hantle seo o se batlang.
Ngola ka ho latelana dintho tseo o tlamehang ho di etsa ho ka fihlela toro eo ya hao. Ka ho etsa jwalo, o tla kgona ho ba le nako o tla ipehela yona bakeng sa ho e fihlela.
E bebofatse.
O tla hlokomela jwale hore o na le mefuta e mmedi ya ditoro - tsa nako e telele le e kgutshwane. Ho hlokahala o sebetse ka thata hore o fihlele ditoro tsa hao, empa o ka ipebofaletsa ka ho ba le tsa nako e kgutshwane.
"Haeba o na le toro e kgolo, o tla ipona eka ha o etse letho ho e fihlela. Ka lebaka lena, ho ka ba bobebe
ho nyahama," ho bolela ngaka e nngwe ya kelello.
O a tseba le wena hore leri e mathasela a mmalwa, ho boima ho nyoloha ka yona. Ha mathasela a atamellane, ho ba bobebe ho nyoloha ka yona! Hlwaya kajeno toro ya bohlokwa ho feta tse ding.
Tseba tseo o tla qala ka tsona.
Ho tsona kaofela, o tlameha ho tseba tseo o tla qala ka sona. Sena se tla o thusa o tsebe toro ya bohlokwa eo o tlamehang ho qala ka yona.
Ipehele teko.
Jwalo ka teko o e ngolang sekolong (kapa yunivesithing) ke tsela ya ho bona hore mosebetsi wa hao o tsamaya jwang, ka hoo, le ditorong tsa hao, o tlameha ho etsa jwalo.
Haeba o hlolehile kae kae, tiisa ho feta pele. O ka ipha kotlo ya hore mohlomong o fokotse nako ya ho shebella TV. Hopola hore ho hloleha hangatangata, ho bolela hore o hlolehile. Ha se boiteko bo etsang o hlolehe.
Dumella diphetoho.
Ditoro tsa hao di ka fetoha ha nako e ntse e tsamaya. Etsa diphetoho kgafetsa ho bontsha ho nyoloha ha tsebo le boiphihlelo ba hao. Haeba ho na le ditoro tse sa o hapeng maikutlo, ho molemo o lebale ka tsona.
Ya bohlokwa ho tsohle, eba le nnete.
Sena se sebetsa torong eo o ipehetseng yona le tseleng o e sebedisang ho e fihlela.
Ekaba Fat Charlie o bolelang?
Taba ya pele, haeba o sa tsebe ho bapala bolo, ha ho tlhokeho ya hore o be le toro ya ho ba sebapadi sa bolo.
Haeba bolo e le bohlokwa ho wena,
ntho ya pele ke ho intlafatsa papading ya hao.Taba ya bobedi, ditsela tsena di tla o thusa haeba o etsa matsapa a ho fihlela sena. Sa bohlokwa le ho feta ke hore o sebetse ho ya ka morero wa hao! [s]
SE TSHABE HO HLAHISA DITORO TSA HAO!
O tlameha ho nepisisa hantle kelellong ya hao tsela ya ho fihlela ditoro tsa hao. Ntho e kgothatsang ke ho dula o ba le pono kelellong ya hao ya ha toro ya hao e atleha. O tla ikutlwa jwang ha o se o fihletse toro eo? O tla etsang? E tla fetola eng? Se tshabe ho ipehela ditoro...
BONA SESOTHO November 2008
FAT CHARLIE
Ho ipehela ditoro, ke bohato ba bohlokwa ba ho nka qeto ya seo o ratang ho se fihlela bophelong, e leng ntho e tla o kgothatsa, e etse hore o itshepe...
"Leka hore kamehla o nke bohato bo isang tseleng ya ho fihlela toro ya hao"
BONA SESOTHO November 2008
SE LEBALE...
Ipehele ditoro tseo o tla kgona ho di fihlela. Ka mantswe a mang, ipehele ditoro tseo o nang le matla a ho laola tsela ya ho di fihlela. Ha ho ntho e swabisang ho feta hore motho a hlolehe ho fihlela toro ya hae hobane yena a hloka bokgoni ba ho etsa jwalo. Dipapading re ka tshwantsha le ho nka qeto tse sa nepahalang, maemo a mabe a lehodimo, ho lemala kapa bona bomadimabe. Haeba o ipehela toro e fihlellehang, seo se bolela hore o na le bokgoni ba ho laola tsela ya ho e fihlela mme o kgotsofale.
