sotho.156.yourceleb_mytownship
MMINO
O A RATWA
BONA e shebisisa mohlodi wa mmino wa Nhlanhla Nciza ho tloha lekeisheneng la habo le West Rand mane Kagiso, moo a holetseng
O MADING HO NNA
Ha o ka dula metsotswana feela ka tlung ena eo Nhlanhla Nciza a holetseng ho yona, o tla utlwisisa lebaka le entseng hore mmino ebe karolo e kgolo ya bophelo ba hae ho tloha bongwaneng. O ile a phakisa ho re fetisetsa ka phaposing eo a e ratang haholo, ya ho phomola e mebala e kganyang e nang le dipalesa tsa ntatae. Ho na le organ ka phaposing eo mme Nhlanhla o fihlile a dula ho yona a e tobetsa hanyenyane, ra utlwa monate, a re hlalosetsa hore ke ka moo a hotseng ka teng lapeng lena le hore ntatae e ne e le setho sa sehlopha sa mmino.
"E dilemo organ ena. Ntate o ne a e reke ke le dilemo di hlano. Lelapa lohle le ne le dula mona le mamele ha a bapala mmino," ho hlalosa Nhlanhla. "Le nna ka qala ho ithuta ho e bapala."
Dikgaitsedi tsa hae le tsona ke dikgeleke. Bongani (25) ke seakanyi sa meaho empa o boetse hape o bina sehlopheng se itseng. Musa (21), le yena o dumetse hore mmino haesale o ratwa lapeng lena o bile o re o ikemiseditse ho nyolla lebitso la lelapa lena ka ho ba mohlahise wa mmino wa hip-hop.
METSWALLE YA KGALE
Habo Nhlanhla ha se hole le habo motswallae wa
hlooho ya kgomo, eo e sa leng ba utlwana ho tloha sekolong, Fezeka. Bobedi ba kene sekolo mmoho, ba dilemo di ka hodimo ho tse 20 jwale ba tsebana.
"Fezeka o ne a tswafa ho tuma empa ka mo hatella ho kenela tlhodisano ya ho utullwa ha neo hobane bobedi re ne re bina sehlopheng sa sekolo ho tloha poraemari."
Re ne re rata ho dula setuping sena re mamele
mmino le metswalle kapa re bese nama. Ba buela hodimo, ba a tsheha, o bona o ba sheba feela hore ba na le dikamano tse tiileng hape ba a ratana. "Re nyetswe jwale bobedi ba rona," ho bolela Nhlanhla. "Ke ne ke le moetsana lenyalong la Fezeka le yena ho la ka. Re se re ena le bana bobedi ba rona, ka nako e nngwe re tlisa baradi ba rona mona ho tla bapala."
Ra kopa Fezeka hore a re bolelle se seng se
qabolang kapa se swabisang ka tsa bongwaneng ba Nhlanhla mme a re sebela ka pele a re: "O ne a le bohlaswa!"
RAKGADI YA RATWANG
Ha re tswela kantle, Nhlanhla a bona rakgadiae eo a mo ratang, Manana a kena hekeng. "Ke tsatsi la ka la lehlohonolo lena," o boletse jwalo.
Nhlanhla o ne a sa tswa re bontsha foto ya hae le yena ya kgale eo ba neng ba e nke ba le motjekong wa ballroom.
"Ke yena yane eo ke neng ke le bontsha yena," o boletse jwalo a mo suna. "Re ne re dula le yena ha ke sa hola mme re ne re eya le yena thupelong ya motjeko. Ho bua nnete, re ne re dutse re le mmoho hohle moo re yang."
A RATA KEREKE
Kereke ya Wesele e haufi le sekolo sa Thembile ke moo Nhlanhla a neng a nehwe monyetla wa ho hola mminong. "Ke ne ke bine dilemo tse ka bang tharo sehlopheng sa kereke, ke eya mminong hararo ka beke ka mora sekolo."
Leha e ne e se sebini se pele kapa a sa bine a le mong, o ne a tseba hore ho ntlafatsa bokgoni ba hae ba mmino ho bohlokwa haholo. "Ke ne ke rata kereke hape ke rata le mese e dileisi le ho rwala dikausi!" ho bolela Nhlanhla.
SEKOLONG
Sekolo sa poraemari sa Thembile ke se seng sa dibaka tseo Nhlanhla a neng a kgothalletswe mmino ho tsona. Titjhere ya hae ya mmino ya mehleng Mof Thabatha (ka hodimo ho le letona) o bile motlotlo ho bona Nhlanhla mabaleng a sekolong seo sa hae sa mehleng.
A re leha Nhlanhla a ne a rata mmino empa o ne a sa nahane hore a ka qetella a se a tumme hakalo ka ona. "O ne a le dihlong, ke ka hona ke dutseng ke makala ha ke mo bona a bina hara batho."
Mof Thabatha o ile a ya le rona kantorong ya mosuwehlooho moo ho nang le dikgau tse ngatangata tseo Nhlanhla le sehlopha sa hae sa mehleng sa ba banyenyane ba neng ba di hape.
Mof Simons le yena ke e mong wa matitjhere a Nhlanhla a mehleng mme sefahleho sa hae se ile sa ela ha a bona sebini sena. Ba nehana mehala mme ba bua hanyenyane ka tsa matsatsing a fetileng.[s]
Pale: Ntokozo Maseko
Ditshwantsho: Shaun Smith
LEKEISHENE LA KA, NALEDI YA KA
SE LEBALE FESHENE!
Nhlanhla kajeno o na le lethathama la hae la feshene, NN Vintage, mme lerato la hae la feshene le ile la totobala bongwaneng. Ho ya toropong le mmae e ne e le ntho e kgolo haholo ho yena hobane o ne a tla bona diaparo tse ntjha le dieta.
Mme wa Nhlanhla, Elize Mafu, o ne a sebetsa lebenkeleng la diaparo leo Nhlanhla a kileng a sebeletsa ho lona le yena ka mora materiki.
O re Nhlanhla bongwaneng ba hae o ne a thabela ho ya toropong! "A itshwara hantle haholo mme a thabela sohle seo ke mo rekelang sona. O ne a rata diaparo haholo, a itekanye, a itjhebe seiponeng."
