SOTHO.1564.sis sarah
botsa sis sarah
Ithute ho tshwarela le ho lebala
KE dilemo di 23, ha tsa mohlankanaka tsona di le 27. Re dilemo di robedi re ratana mme re na le ngwana ya dilemo di tsheletseng.
Ngwahola ke hlokometse hore o se a ratana le motho e mong eo ke mo tsebang.
E ne e re ha a kopa tshwarelo, ke ne ke dumele, empa ha ke tsebe le haeba ke ne ke bua nnete hobane ketso ya hae ha e fele mehopolong ya ka.
O a bona hore ho teng se ntjang, empa ha a botsa ke e ke bolele hore ha ho lere lebe. Nka etsa jwang"
ZZ, Kempton Park
Ho boima ho tshwarela motho ya kileng a o etsa hampe. O ile wa dumela ho mo tshwarela hobane o mo rata hape o boulela dikamano tsa lona.
Ho bobebe ho mo tshwarela ka molomo, se boima ka ho fetisisa, ke ho boela o mo tshepa.
Ho nka nako ho fihlela sena, empa iteke, o tla be o atlehe ho mo tshwarela - hape ho a hlaka hore le yena o a rata hore o boele o mo tshepe hape.
Haeba o sa etse sena, o tla nahana hore mohlomong o ntse o mo nahanela hore o ntse a sa tshepahala.
Ka ho le leng, haeba o ikutlwa hore o ke se kgone ho boela o mo tshepa hape, ke ntho e ntle hore o mmolelle, e be ke tshomo ka mathetho.
Ka nako e nngwe, ho bua ka mathata a lona ho ka thusa. Haeba ho se mang ya moholo lapeng leno, eo le ka buang le yena ka taba ena, ho molemo le kope ho thojwa maikutlo.
FAMSA e fumaneha naheng ka bophara mme e fana ka tshebeletso e ntle. Hape o ka nna wa ipatlela sa hao sebaka sa ho thojwa maikutlo kapa o ye le yena molekane wa hao.
Ho bua le motho eo o sa mo "tsebeng" ho tla ba bobebe ho nya matsete mme haeba o tsamaya le molekane wa hao, ke tshepa hore le yena o tla hlokomela bothata boo a bo bakileng dikamanong tsa lona mme e tla ba wena ya tla nka qeto ya ho mo tshwarela... kapa tjhe.
110 BONA SESOTHO - December 2007
Se dumelle tlhekefetso!
Ke dilemo di 35, ha tsa monnaka tsona di le 41 mme re ne re nyalane ka 2002. Ha a sa mpha lerato, seo a se etsang feela ke ho ntlhekefetsa. Ha re sa robala mmoho, ke se ke ithoballa fatshe.
Ke nahana ho mo hlala, empa ke ngongorehiswa ke hore o tla hana ho sapota bana.
O na le kgarebe e nngwe eo a seng a bile a na le ngwana le yona.
O mpolaisa thupa mme ke se ke bile ke lahlehelwa le ke pono ka lebaka la ho hlekefetswa.
Nka etsa jwang"
ME, Middleburg
Ha o a tlameha ho mamella lenyalong lena. Ha ho mosadi ya tlamehang ho mamella tlhekefetso.
O se o mo tlalehile sepoleseng" Basadi ba bangata ha ba tlalehe ditlhekefetso tsa mofuta ona sepoleseng hobane ba kgollwa hore sepolesa se ke ke sa etsa letho, hape ba tshaba hore ba tla hlekefetswa le ho feta. O tlameha ho tlaleha diketsahalo tsena hore e tle e be bopaki ba tlhekefetso ya hao.
Molao o mo tlama ho sapota bana ba hae le haeba o mo hlala.
A ko leke ho bala kgatiso ya Mphalane 2007 ya BONA, e na le dintlha tsa bohlokwa basading ba hlekefetswang, hape ho na le dintlha ka dibaka tseo o ka kopang thuso ho tsona, le hore o ka etsa eng ha o hlekefetswa, jwalo jwalo.
Se dule le tlhekefetso! Fumana thuso!
Moo o ka letsetsang teng:
u Advice Desk For Abused Women: 031-262-5231
u People Opposing Women Abuse (POWA): 011-642-4345
u Women Against Women Abuse: 011-331-3134
u Family And Marriage Society Of South Africa (FAMSA) (national office): 011-975-7106
u The Black Sash Advice Offices (national office): 021-461-7804
u Life Line: 021-461-1111
u Network Opposing Women Abuse: 021-376-2780
u Legal Resource Centre: 021-423-8285.
Ha ke kgotsofale
Ke dilemo di 36 mme ke ratana le mosadi ya dilemo di 31. Ha ke kgotsofale ho hang ka dikamano tsa rona.
Ke buile le yena ka bothata ba ka mme a tshepisa ho lokisa maemo, empa ke ntse ke bona a sa nthate ka tsela eo nna ke lebeletseng ka yona.
Ha ke mo hloka, ha a fumanehe. Ha a ka nketela, ke se ke tseba hore ho ebe ho le teng seo a se hlokang ho nna. Ha a se a se fumane, o fela mahlong.
Ke kopile hore re nyalane, a hlatha ka mona, a hlatha ka mane. Ha ke mo hopotsa, o a iphapanya.
Sena se nkutlwisa bohloko mme le bosiu ha ke sa robala. Le ho ja ha ke sa ja hantle, athe sena se ama le mosebetsi wa ka hampe.
Ha ke rate ho ba le e nngwe kgarebe hobane ke rata ho tshepahala ho yena. Nthuse hle!
MAME, Malmesbury
Ha ke rate ho utlwa mantswe a kang ana ho tswa ho wena. Ho bonahala eka mosadi enwa o itshebedisetsa wena ho phetha melemo ya hae feela. Ho bonahala e ka ha a na maikutlo a hao.
Hlokomela dintlha tsena - ha a phethise ditshepiso. Ha o mo hloka, ha o mo fumane, o tla ho wena feela ha ho le teng seo a se hlokang.
Ana ke matshwao a hlakileng a hore mosadi enwa o itshebedisetsa wena feela. O rata ho kgola molemo feela ho wena.
Letshwao le tiisang sena ke ketso ya hae mabapi le lenyalo. Basadi ba bang, ba tlolela hodimo ha ba utlwa sena. Empa mohlolo, enwa yena ha a rate ho utlwa ka taba ya lona.
Le haeba o rata ho nyala... empa e seng mosadi enwa hle!
Enwa yena, ha se yena wa hao. Ha o lelekela lengolong la hao o itse o ratana le yena. E ke nnete, ke wena ya mo ratang, e seng yena.
Haeba a ne a o rata, o ne o tla tseba. Ha a o rate - ha o rata ho bua nnete, o tla dumellana le nna ka sena.
Ho tla o nka nako ho amohela nnete ena, empa ho betere o hle o e amohele e sa le jwale, pele o llela metsotso.
Ba bangata basadi kantle ka mona, ho se ho se ho kae, o kopane le e mong.
Ke nako jwale ya ho tlohela mosadi enwa, o je le hona ho robala ka nepo, o shebane le mosebetsi wa hao.
Lerato le bosula"
Ke dilemo di 27 mme ke na le bana ba bararo. Ke ne ke kwallwe dikgwedi tse 18 tjhankaneng mme e itse ha ke tswa, ka fumana mohatsaka a etsa dintho tse sa lokang jwalo ka ho nwa jwala. Ke a mo rata, yena le bana ba rona mme ke rata ho phela le bona. Ha ke mmotsa, o bolela hore dikgwedi tse 18 ke nako e telele haholo hore a ka emela motho. Nka etsa jwang"
MMP, Grootvlei
Wena le mohatsao le hloka ho thojwa maikutlo. Wena o kgonne ho mamella nako eo o e dutseng tjhankaneng, empa yena ha a ya kgona. Mohlomong ho teng ya neng a mo kgothaletse ho nwa jwala mme jwale o tswile tjhankaneng, ha a rate ho amohela seo.
Haeba a ne a hlile a o rata, a ka be a kgonne ho o emela, empa o hlolehile, ka hoo ke re le tlameha ho fumana keletso le lokise dintho. [s]
Ela hloko:
Sis Sarah ha na
bokgoni ba ho rarolla mathata a tsa bophelo bo botle. Le kotjwa ho buisana le dingaka tsa lona kapa le ye tliliniking ha le ena le mathata
a mofuta ona.
Nngolle, ke Sis Sarah mme ke tla o araba ka botshepehi. Ka bomadimabe ha ke na tseba ho arabamothokamongkahoo,kekopa o bale karolo ena ya makasine ke hona moo ke tla o araba teng. Hopola hore ha re arolelana ka mathata a ke ke a re hlola le kgale! Ngolla ho: Botsa Sis Sarah, Box 32083, Mobeni 4060
BONA SESOTHO - December 2007 111
