sotho.1560.telephone
Seo o SA lokelang ho se etsa mohaleng!
O ka nna wa nyolla maemo mosebetsing kapa wa a theola ho ya ka moo o amohelang mehala ka teng. Ke tsena dikeletso... Pale ka Nkosazana Sithole
MOHALA ke sesebediswa sa bohlokwa sa kantorong ya hao - mme ha o araba mehala, le wena o tshwana le moemedi wa bohlokwa wa khampane. Batshehetsi le batho ba ka nnang ba le tshehetsa ba tla nka khampane eo ho ya ka moo wena o buang le bona ka teng.
Ho tseba ho sebedisa mohala hantle ke e nngwe ya dintho tse etsang hore le batshwari ba hao ba o rate hobane lentswe la hao le ka senya kapa la nyolla maemo a khampane. Ho se bue hantle le batho mohaleng ho ka nna ha o senyetsa mosebetsi.
Ntlafatsa bokgoni ba hao ka dikeletso tsena tsa bohlokwa tsa dithutong tsa bongodi, o ka nna wa nyollelwa moputso...
Araba mehala
Se...tlohele mohala o lle nako e telele, o sa arajwe.
E... araba mohala pele o lla makgetlo a fetang a mararo. O re, "Kgotso" o ntano bolela lebitso la khampane - o latele ka la lefapha haeba e le khampane e kgolo.
Ho bua le batho
Se... utlwahale ekare o kgathetse kapa o lapile kapa o so tatetse hore motho eo a qete.
E... bososela ha o bua le batho mohaleng - e ke o shebile motho eo mahlong.
Ho fetisa mehala
Se... siye motho a ntse a tshwere mohaleng o sa mmolella hore o se o mo fetisetsa mothong eo a neng a mmatla.
E... Araba ka hore: "Ke sa sheba hore Mong Mkhize o teng kapa tjhe. Ke kopa o tshware hanyenyane."
Haeba o sa tsebe ya buang, mmotse ka hore: "ke kopa ho tseba hore ke bua le mang?" Ha o mo emisitse nakwana, kopa tshwarelo ka ho mo tshwarella ha o se o kgutlela ho yena.
Thusa
Se... re, "Mong Mkhize o sa ntse a qakehile, a ke ke a kgona ho bua le wena" - hona ho utlwahala ekare motho eo yena ha se wa bohlokwa. Hape o se re: "Ke kopa tshwarelo Mme Mchunu o sa ile ntlwaneng" - o se o bolella motho tseo a sa di hlokeng jwale!
E... e re: "Ke maswabi, Mong Mkhize ha a yo ha jwale kapa a ke ke a kgona ho tla mohaleng ha jwale. "Ke maswabi, Mong Mkhize o sa tswile.
Tjhentjha maemo ana a mabe ka ho hlaha le thuso. "Nka o thusa kapa ke kope Mong Mkhize ho o letsetsa hang ha a fumana nako?" Ha ho kgoneha, mo thuse di tloha feela - seo se tla thabisa mohiri wa hao.
Ha o tshepisitse motho hore o tla letsetswa mohala, etsa jwalo e le ka nnete le hona kapele, lokela ho bontsha hore o bohlokwa hakaakang.
Nka melaetsa
Se... utlwelle motho ha a bua mohaleng, utlwisisa hantle mme hape o se lebale ho fetisa melaetsa le hona ka potlako!
E... pheta melaetsa ho netefatsa hore o utlwisisa hantle, nako, sebaka le ditaelo tse boletsweng. Botsisisa mabitso ao o sa a utlwang hantle. Beha molaetsa wa monga ona hodima tafole ha a le siyo hang ha o qeta ho o nka.
Se labale ho ba le hlompho mme hape o leke ho thusa eo o buang le yena ha ho kgoneha. [s]
BONA SESOTHO November 2008
MATLA A MOSEBETSI
